Lengolo la Pele le Eang ho Timothea 4:1-16

  • Temoso ka lithuto tsa bademona (1-5)

  • Tsela ea ho ba mosebeletsi ea lokileng oa Kreste (6-10)

    • Ho ikoetlisa ’mele le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi (8)

  • Etsa sohle seo u ka se khonang hore u rute hantle (11-16)

4  Lentsoe le tsoang ho Molimo* le bolela ka ho hlaka hore linakong tse tlang ba bang ba tla oa tumelong. Ba tla mamela lithuto tsa bademona le melaetsa eo e seng ’nete e bonahalang eka e tsoa ho Molimo.+  Hape ba tla mamela mashano a banna ba baikaketsi,+ bao matsoalo a bona a cheleng joalokaha eka a chesitsoe ka tšepe e chesang.  Ba hanela batho ho nyala+ ebile ba ba laela hore ba se ke ba ja lijo+ tseo Molimo a li etselitseng+ batho ba nang le tumelo+ le ba tsebang ’nete hore ba li je ’me ba mo lebohe.  Lintho tsohle tseo Molimo a li bopileng li molemo.+ Ha ho letho le lokelang ho lahloa+ haeba batho ba li amohelang ba leboha  hobane li hloekisoa ke lentsoe la Molimo le thapelo.  Ha u fa bana ba bo rona likeletso tsena, u tla be u bontša hore u mosebeletsi ea lokileng oa Kreste Jesu, ea rutiloeng molaetsa o amanang le tumelo ea rona le thuto e nepahetseng eo u ntseng u e latela.+  U se ke oa mamela lipale tsa bohata tse sa hlompheng Molimo+ tse kang tse phetoang ke basali-baholo. Empa u ikoetlise ka sepheo sa ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.  Ho ikoetlisa ’mele ho na le molemo o itseng empa ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ho molemo linthong tsohle hobane ho thusa batho ho fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a tšepisitseng ho re fa tsona hona joale le nakong e tlang.+  Mantsoe ao ke ’nete hape re tšoanela ho a lumela. 10  Ke ka lebaka leo re sebetsang ka thata le ho ikitlaetsa+ hobane re tšepile Molimo ea phelang, ea pholosang+ batho ba mefuta eohle,+ haholo-holo ba tšepahalang. 11  Lula u fana ka litaelo tseo le ho ruta lintho tsena. 12  U se ke oa lumella mang kapa mang ho u khella fatše hobane u le mocha. Ho e-na le hoo, u behele ba tšepahalang mohlala ka lerato la hao, tumelo ea hao, bohloeki, tsela eo u buang ka eona le eo u itšoarang ka eona. 13  U tsoele pele ho ikitlaelletsa ho bala phatlalatsa,+ ho eletsa* le ho ruta ho fihlela ke fihla. 14  U se ke oa lebala mpho eo u ileng oa e fuoa ha ho ne ho profetoa ka uena nakong eo sehlopha sa baholo se neng se u beha matsoho.+ 15  Nahanisisa ka lintho tsena, u li etse ka mafolofolo ’ohle e le hore batho bohle ba bone hore oa hola. 16  Etsa sohle seo u ka se khonang hore u be mohlala o motle le hore u rute hantle.+ Lula u etsa lintho tseo hobane u tla pholoha u be u pholose le ba u mamelang.+

Linaletsana

Ka Segerike: “Moea.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “khothatsa.”