Buka ea Bobeli ea Likronike 33:1-25

  • Manase, morena oa Juda (1-9)

  • Manase o tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa (10-17)

  • Manase oa shoa (18-20)

  • Amone, morena oa Juda (21-25)

33  Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+  O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+  A haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae Ezekiase a neng a li sentse,+ a etsetsa Baale lialetare hape a etsa le lipalo tse halalelang.* A inamela makhotla ’ohle a leholimo le ho a sebeletsa.+  Manase a boela a haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a ileng a re ka eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.”+  A hahela makhotla ’ohle a leholimo lialetare ka har’a mabala a mabeli a ntlo ea Jehova.+  A chesa* bara ba hae+ Khohlong ea Mora oa Hinome,+ a sebelisa boselamose,+ bonohe, boloi ’me a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+ O ile a etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa ’me a utloisa Jehova bohloko.  O ile a beha setšoantšo se betliloeng seo a neng a se entse ka tlung ea Molimo oa ’nete+ eo ka eona Molimo a ileng a re ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena le Jerusalema eo ke e khethileng malokong ’ohle a Iseraele.+  Haeba Baiseraele ba mamela Molao oohle, litaelo tsohle tsa ka le ho etsa lintho tsohle tseo ke itseng ba li etse ke sebelisa Moshe, nke ke ka ba tlosa hape naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona.”  Manase o ne a khelosa Bajuda le baahi ba Jerusalema, a etsa hore ba etse lintho tse mpe ho feta tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+ 10  Jehova a ’na a bua le Manase le batho ba hae empa ha baa ka ba mo mamela.+ 11  Jehova a etsa hore ba hlaseloe ke balaoli ba masole a morena oa Asiria. Ba tšoara Manase eaba ba mo haka ka lihakisi,* ba mo tlama ka liketane tse peli tsa koporo, ba mo isa Babilona. 12  Ha a le tsietsing, a kopa Jehova Molimo oa hae hore a mo hauhele* ’me a ikokobetsa haholo ka pel’a Molimo oa baholo-holo ba hae. 13  A ’na a mo rapela ’me Molimo a hauloa ke kopo ea hae eaba oa mo mamela. A mo khutlisetsa Jerusalema hore e be morena hape.+ Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.+ 14  Ka mor’a moo, a haha lerako le ka ntle bakeng sa Motse oa Davida+ ka bophirimela ho Gihone+ khohlong* ho fihla Keiting ea Litlhapi.+ A etsa hore le potolohe Ofele+ le be le phahame haholo. Hape a beha balaoli ba masole metseng eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka marako. 15  A tlosa melimo ea lichaba le litšoantšo tse rapeloang ntlong ea Jehova.+ A tlosa le lialetare tsohle tseo a li hahileng thabeng ea ntlo ea Jehova+ le Jerusalema, a re li lahleloe ka ntle ho motse. 16  Hape a lokisa aletare ea Jehova+ ’me a nyehela mahlabelo a kopanetsoeng+ ho eona le mahlabelo a liteboho.+ A bolella Bajuda hore ba sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele. 17  Leha ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo libakeng tse phahameng le hoja ba ne ba a etsetsa Jehova Molimo oa bona feela. 18  Histori eohle ea Manase, thapelo eo a ileng a e etsa ho Molimo oa hae le mantsoe a baprofeta* ba ileng ba bua le eena ka lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele, li ngotsoe historing ea marena a Iseraele. 19  Hape thapelo ea hae+ le kamoo Molimo a ileng a araba kopo ea hae kateng, libe tsohle tsa hae le liketso tsa hae tsa ho se tšepahale,+ moo a neng a hahile libaka tse phahameng teng le moo a neng a hlomme lipalo tse halalelang*+ le litšoantšo tse rapeloang pele a ikokobetsa, li ngotsoe mantsoeng a batho ba hae ba bonang lipono. 20  Manase a shoa* ’me a pateloa ntlong ea hae. Mora oa hae Amone ea e-ba morena.+ 21  Amone+ o ne a le lilemo li 22 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ 22  O ile a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka ntate oa hae Manase.+ Amone a etsetsa litšoantšo tsohle tse rapeloang mahlabelo tseo ntate oa hae Manase a neng a li entse+ ’me a li sebeletsa. 23  Empa ha aa ka a ikokobeletsa Jehova+ joalokaha ntate oa hae Manase a ile a ikokobetsa.+ Ho e-na le hoo, a etsa lintho tse mpe haholo. 24  Bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana+ ’me ba mo bolaela ka tlung ea hae. 25  Empa baahi ba naha ba bolaea batho bohle ba ileng ba rerela Morena Amone bolotsana.+ Ba etsa mora oa hae Josiase+ morena.

Linaletsana

Kapa: “mathuela.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Kapa mohlomong: “likoting.”
Kapa: “a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae.”
Kapa: “ba bonang lipono.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”