Lillo Tsa Jeremia 1:1-22

  • Jerusalema e tšoantšoa le mohlolohali

    • Ha a sa na baahi ebile o jeoa ke bulutu (1)

    • Libe tsa Sione tse kholo (8, 9)

    • Molimo o lahlile Sione (12-⁠15)

    • Ha ho motho ea tšelisang Sione (17)

א [Aleph]* 1  Jerusalema ea neng a e-na le baahi ba bangata,+ o se a le bolutu hakaakang! O ne a le moholo har’a lichaba+ empa o se a tšoana le mohlolohali,E ne e le khosatsana har’a liprofinse* empa e se e le lekhoba.+ ב [Beth]   O lla haholo bosiu kaofela+ ’me meokho ea hae e keleketla marameng. Ha ho le ea mong oa batho ba ratanang le eena ea mo tšelisang.+ Metsoalle ea hae kaofela e mo tsoile tlase.+ E se e le lira tsa hae. ג [Gimel]   Juda o hapuoe,+ o entsoe lekhoba ebile oa hlorisoa.+ O lokela ho lula har’a lichaba.+ Ha a phomole. Bohle ba mo hlorisang ba mo fumane nakong eo a leng mahlomoleng. ד [Daleth]   Litseleng tse eang Sione ho thotse hobane ha ho ba tlang moketeng.+ Likeiti tsohle tsa hae li senyehile.+ Baprista ba hae baa feheloa. Baroetsana ba hae ba utloile bohloko ’me o saretsoe haholo. ה [He]   Bahanyetsi ba hae e se e le beng ba hae. Lira tsa hae li iketlile.+ Jehova o mo baketse mesarelo hobane liphoso tsa hae li ngata.+ Bana ba hae ba hapuoe ke lira.+ ו [Waw]   Morali oa Sione ha a sa na seriti.+ Likhosana tsa hae li tšoana le litšephe tse tona tse sa fumanang lekhulo,Li tsamaea li khathetse ka pel’a ea li hlorisang.* ז [Zayin]   Nakong eo Jerusalema a neng a le mahlomoleng a bile a se na lehae, o hopotseLintho tsohle tsa bohlokoa tseo a neng a e-na le tsona mehleng ea khale.+ Ha sechaba sa hae se oela matsohong a sera ebile se se na mothusi,+Bahanyetsi ba hae ba ile ba mo bona ha a oa eaba baa mo tšeha.*+ ח [Heth]   Jerusalema o entse sebe se seholo.+ Ke kahoo a fetohileng ntho e nyatsehang. Bohle ba neng ba mo hlompha ba mo tšoara joaloka ntho e nyonyehang kaha ba mo bonetse.+ Oa feheloa+ ’me o khutla a soabile. ט [Teth]   Liaparo tsa hae li litšila. Ha aa ka a nahana ka bokamoso ba hae.+ O oele habohloko feela ha ho motho ea mo tšelisang. Ka kopo Jehova, bona mesarelo ea ka hobane sera se ikhohomositse.+ י [Yod] 10  Mohanyetsi oa hae o otlolotse matsoho, a nka matlotlo ’ohle a hae.+ Etsoe o bone ha lichaba li kena ka sehalalelong sa hae,+Tseo u laetseng hore li se ke tsa kopana le batho ba hao. כ [Kaph] 11  Batho bohle ba Jerusalema baa feheloa. Ba batla lijo.+ Ba fane ka lintho tsa bona tsa bohlokoa bakeng sa se eang ka maleng hore feela ba lule ba phela. Ka kopo Jehova, bona hore ke se ke tšoana le mosali* ea se nang thuso. ל [Lamed] 12  Na ha le na taba lona bohle ba fetang ka tsela? Shebang ’me le bone,Na ho na le matšoenyeho a tšoanang le ao ke otliloeng ka ’ona,Ao Jehova a mpaketseng ’ona letsatsing la bohale ba hae bo tukang?+ מ [Mem] 13  O rometse mollo masapong a ka+ a le leholimong ’me o a chesitse kaofela. O nchehetse leraba kahoo o nqobeletse hore ke khutlele morao. O entse hore ke be joaloka mosali ea lahliloeng. Kea kula letsatsi lohle. נ [Nun] 14  Liphoso tsa ka li faselelitsoe molaleng oa ka joaloka joko. O li lohelletse ’moho ka letsoho la hae. Li tlanngoe molaleng oa ka, joale ke feletsoe ke matla. Jehova o nehelane ka ’na ho batho bao ke sa khoneng ho ba loantša.+ ס [Samekh] 15  Jehova o qheletse ka thoko banna bohle ba ka ba matla.+ O bokeletse lebotho e le hore a bolaee bahlankana ba ka.+ Jehova o hataketse moroetsana oa Juda ka sehatelong sa veine.+ ע [Ayin] 16  Ke llisoa ke lintho tsena.+ Mahlo a ka a rotha likeleli. Motho e mong le e mong ea ka ntšelisang o hole le ’na. Bara ba ka ba utloile bohloko hobane sera se re hlotse. פ [Pe] 17  Sione o otlolotse matsoho,+ ha ho motho ea mo tšelisang. Jehova o laetse hore batho bohle ba pota-potileng Jakobo e be lira tsa hae.+ Jerusalema o fetohile ntho e nyonyehang ho bona.+ צ [Tsade] 18  Jehova o nkhalemetse ka nepo+ hobane ha kea mamela melao ea hae.+ Mamelang, lona lichaba tsohle ’me le bone kamoo ke utloileng bohloko kateng. Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba hapuoe.+ ק [Qoph] 19  Ke kopile thuso ho ba ratanang le ’na empa ba ntsoile tlase.+ Baprista ba ka le banna-baholo ba ka ba shoetse motseng,Ha ba ntse ba ipatlela lijo e le hore ba lule ba phela.+ ר [Resh] 20  Jehova, bona kamoo ke leng mahlomoleng kateng. Ke tsielehile. Pelo ea ka e utloile bohloko haholo kaha ke bile lerabele.+ Ka ntle sabole e ntse e bolaea bana ba ka.+ Ka tlung le teng batho ba ntse ba shoa. ש [Shin] 21  Batho ba utloile ha ke ntse ke feheloa. Ha ho ea ntšelisang. Lira tsohle tsa ka li utloile ka tsietsi ea ka. Li thabisitsoe ke ntho eo u e entseng.+ Empa letsatsi leo u le phatlalalitseng le tla fihla+ ’me li tla tšoana le ’na.+ ת [Taw] 22  E se eka u ka bona bobe bohle ba lira tseo ’me oa li fa kotlo+Feela joalokaha u mphile kotlo ka lebaka la liphoso tsohle tsa ka. Etsoe ke feheloa haholo ’me pelo ea ka e bohloko.

Linaletsana

Khaolo ea 1-4 ke koli-ea-malla e ngotsoeng ka tatellano ea litlhaku tsa Seheberu.
Kapa: “litereke.”
Kapa: “lelekisang.”
Kapa: “soma.”
Mona Jerusalema e mothofalitsoe.