Lipesaleme 37:1-40

  • Ba tšepileng Jehova ba tla atleha

    • U se ke oa halefisoa ke batho ba khopo (1)

    • “Jehova o tla etsa hore u thabe haholo” (4)

    • “Tsebisa Jehova tsela ea hao” (5)

    • “Lefatše e tla ba lefa la ba bonolo” (11)

    • Ba lokileng ba ke ke ba hloka lijo (25)

    • Ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng (29)

Pesaleme ea Davida. א [Aleph] 37  U se ke oa halefa ka lebaka la batho ba khopo. U se ke oa honohela ba etsang lintho tse mpe.+   Ba tla pona kapele joaloka joang+Ba tla omella joaloka joang bo bocha bo botala. ב [Beth]   Tšepa Jehova ’me u etse lintho tse ntle.+ Lula lefatšeng ’me u tšepahale.+   Jehova o tla etsa hore u thabe haholo,O tla u fa lintho tseo pelo ea hao e li batlang. ג [Gimel]   Tsebisa Jehova tsela ea hao.*+ U itšetlehe ka eena ’me o tla u thusa.+   O tla khantša liketso tsa hao tse lokileng joalokaha letsatsi le chaba,A etse hore toka ea hao e be joaloka letsatsi la motšehare. ד [Daleth]   Letela Jehova u khutsitse,+U mo letele ka mamello. U se ke oa halefisoa ke mothoEa atlehang ka maqheka a hae.+ ה [He]   Khaotsa ho halefa, u tlohele bohale.+ U se ke oa halefa ebe u etsa lintho tse mpe.*   Ba etsang lintho tse mpe ba tla felisoa+Empa ba tšepileng Jehova, lefatše e tla ba lefa la bona.+ ו [Waw] 10  Ho setse nakoana e seng kae ’me batho ba khopo ha ba sa tla hlola ba e-ba teng.+ U tla sheba moo ba neng ba le tengEmpa ba tla be ba le sieo.+ 11  Leha ho le joalo, lefatše e tla ba lefa la ba bonolo,+Ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena khotso.+ ז [Zayin] 12  Ea khopo o rerela ea lokileng bobe,+Oa halefa* ha a mo bona. 13  Empa Jehova o tla mo tšehaKaha oa tseba hore le tla mo chabela.+ ח [Heth] 14  Ba khopo ba ntšitse lisabole tsa bona ebile ba kobile liqha tsa bonaHore ba lihe ba hateletsoeng le ba futsanehilengLe hore ba bolaee ba etsang lintho tse lokileng. 15  Lisabole tsa bona li tla ba hlaba lipelo.+ Liqha tsa bona li tla rojoa. ט [Teth] 16  Lintho tse seng kae tsa ea lokileng li molemoHo feta maruo a ba bangata ba khopo.+ 17  Matla a ba khopo a tla nkuoaEmpa Jehova o tla tšehetsa ba lokileng. י [Yod] 18  Jehova o bona lintho tse etsahallang batho ba se nang molato,Lefa la bona e tla ba le sa feleng.+ 19  Ba ke ke ba hlajoa ke lihlong nakong ea tlokotsi. Ba tla ba le lijo tse ngata nakong ea tlala. כ [Kaph] 20  Ba khopo ba tla felisoa.+ Lira tsa Jehova li tla nyamela joaloka makhulo a matala. Li nyamele joaloka mosi. ל [Lamed] 21  Ea khopo oa alima empa ha a khutlise,Ea lokileng o mohau ebile oa fana.+ 22  Lefatše e tla ba lefa la batho bao Molimo a ba hlohonolofalitsengEmpa bao a ba rohakileng ba tla felisoa.+ מ [Mem] 23  Jehova o tataisa motho+Haeba a khahloa ke liketso tsa hae.+ 24  Leha a ka oa, a ke ke a otlana fatše+Kaha Jehova o mo tšehetsa ka letsoho la hae.+ נ [Nun] 25  Nkile ka ba mocha ’me hona joale ke tsofetseEmpa ha ke e-s’o bone ea lokileng a lahliloe+Kapa bana ba hae ba hloka lijo.*+ 26  Kamehla o alima ba bang ka mosa,+Molimo o tla hlohonolofatsa bana ba hae. ס [Samekh] 27  Tlohela lintho tse mpe, u etse tse ntle+E le hore u tle u phele lefatšeng ka ho sa feleng. 28  Jehova o rata toka,A ke ke a tlohela batho ba hae ba tšepahalang.+ ע [Ayin] Ba tla lula ba sirelelitsoe.+ Empa litloholo tsa ba khopo li tla felisoa.+ 29  Lefatše e tla ba lefa la ba lokileng,+Ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.+ פ [Pe] 30  Molomo oa ea lokileng o bua mantsoe a bohlale,*Leleme la hae le bua lintho tse lokileng.+ 31  Molao oa Molimo oa hae o ka pelong ea hae.+ Maoto a hae a ke ke a thella.+ צ [Tsade] 32  Ea khopo o shebile ea lokileng,O batla ho mo bolaea. 33  Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a tlohela ea lokileng matsohong a ea khopo+Kapa a mo fumana a le molato ha a ahlola.+ ק [Qoph] 34  Tšepa Jehova, u latele tsela ea hae,O tla u tlotla ’me lefatše e tla ba lefa la hao. U tla bona ha ba khopo ba felisoa.+ ר [Resh] 35  Ke bone motho ea sehloho a bile a le khopoA atleha joaloka sefate se behang haholo mobung oa sona.+ 36  O ile a shoa ka tšohanyetso eaba ha a sa le eo.+ Ka ’na ka mo batla empa ha kea ka ka mo fumana.+ ש [Shin] 37  Ela hloko motho ea se nang molato,*U lule u shebile ea lokileng+Hobane motho eo o tla phela ka khotso nakong e tlang.+ 38  Batho bohle ba tlolang molao oa Molimo ba tla felisoa. Batho ba khopo ba tla timetsoa.+ ת [Taw] 39  Jehova ke eena ea pholosang ba lokileng.+ Ke sebaka sa bona se sireletsehileng nakong ea mathata.+ 40  Jehova o tla ba thusa a be a ba pholose.+ O tla ba pholosa a be a ba lopolle ho ba khopoHobane ba balehela ho eena.+

Linaletsana

Ka Seheberu: “Rolela tsela ea hao ho eena.”
Kapa mohlomong: “U se ke oa halefa kaha seo se ka baka kotsi.”
Ka Seheberu: “o tsikitlanya meno.”
Kapa: “bohobe.”
Kapa: “ka lentsoe le tlase.”
Kapa: “ea lulang a tšepahala.”