Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

DOMINICAN REPUBLIC

Ho Paka ka Bolokolohi

Ho Paka ka Bolokolohi

Trujillo oa Fenethoa

Ka 1960, batho ba linaha tse ling hammoho le baahi ba Dominican Republic ba ile ba nyatsa ’muso oa bohatelli oa Trujillo. Ha merusu ea lipolotiki e ntse e tsoela pele, Milton Henschel ea neng a sebeletsa ntlo khōlō o ile a etela Dominican Republic ’me a ba teng kopanong ea matsatsi a mararo e neng e tšoeroe ka January 1961. Ba 957 ba ile ba e-ba teng puong ea phatlalatsa ’me ha kolobetsoa ba 27. Mor’abo rōna Henschel o ile a thusa barab’abo rōna ho hlophisa mosebetsi oa boboleli le ho etsa limmapa tsa tšimo.

Ho ile ha khethoa balebeli ba babeli ba potoloho e leng Enrique Glass le Julián López. Julián o re: “Potoloho ea ka e ne e akarelletsa liphutheho tse peli tse ka bochabela le tsohle tse ka leboea. Potoloho ea Enrique e ne e akarelletsa liphutheho tse ling tsohle tse ka Bochabela le tsohle tse ka boroa.” Maeto ao a balebeli ba potoloho a ile a etsa hore liphutheho li momahane ’me li sebelisane le mokhatlo, e leng se ileng sa matlafatsa barab’abo rōna moeeng.

Ka holimo: Salvino le Helen Ferrari ba tseleng e eang Dominican Republic, ka 1961

Ka 1961, ho ile ha fihla Salvino le Helen Ferrari, ba fumaneng mangolo sehlopheng sa bobeli sa Gileade. Phihlelo eo ba bileng le eona ha e le baromuoa Cuba e ile ea ba tsoela molemo ha ba fihla Dominican Republic. Salvino o ile a qetella e le setho sa Komiti ea Lekala ho fihlela a hlokahala ka 1997, ’me Helen o ile a ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 79, tseo boholo ba tsona e neng e le moromuoa.

Nakoana ka mor’a hore ba ha Ferrari ba fihle, ’muso oa bohatelli oa Trujillo o ile oa putlama bosiung ba la 30 May, 1961, ha lira tsa hae li ne li phunya koloi ea hae masoba ka likulo. Leha ho le joalo, ho fenethoa ha hae ha hoa ka ha rarolla mathata, ka hona, ho ile ha lula ho e-na le merusu ka lilemo tse ’maloa.

Mosebetsi oa Boboleli o Tsoela Pele

Ho ile ha fihla baromuoa ba bang. Matsatsi a mabeli feela ka mor’a hore Trujillo a fenethoe, William Dingman ea neng a fumane lengolo sehlopheng sa pele sa Gileade le mosali oa hae Estelle hammoho le Thelma Critz le Flossie Coroneos, ba ile ba romeloa Dominican Republic ba tsoa lekaleng la Puerto Rico. William o re: “Ho ne ho e-na le morusu ka har’a naha ’me sesole se se na botsitso. Ho ne ho nahanoa hore ho na le morero oa ho phethola ’muso, ’me masole a secha motho e mong le e mong litseleng tse khōlō tsa sechaba. Re ile ra emisoa libakeng tse ngata, ’me thoto ea rōna ea sechoa. Masole a ne a hlohlora ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka sutuk’heiseng ea rōna.” Ho ne ho le boima ho paka tlas’a maemo ao a sa tsitsang.

Ka tlaase: Thelma Critz, Estelle hammoho le William Dingman ba qetile lilemo tse 67 e le baromuoa ba chesehang Dominican Republic

William o re: “Nakong ea puso ea bohatelli ea Trujillo, batho ba ne ba boleletsoe hore Lipaki Tsa Jehova ke Makomonisi le hore ke batho ba babe. . . . Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ba ile ba elelloa hore ha re joalo.” Kaha re ne re ikitlaetsa, batho ba bangata ba ratang Molimo ba ile ba amohela molaetsa oa ’Muso. Ho ella qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1961, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 33 ka har’a naha.