Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 4

Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle

Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle

“Ka keletso [puisano] merero e tla tiisoa ka thata.”—Liproverbia 20:18

Kaofela re hloka chelete hore re hlokomele ba malapa a rōna ka lintho tseo ba li hlokang. (Liproverbia 30:8) Etsoe “chelete [ke] tšireletso.” (Moeklesia 7:12) Mohlomong ha ho bonolo hore le buisane ka chelete le le banyalani, empa le se ke la lumella chelete hore e le bakele mathata lenyalong. (Baefese 4:32) Banyalani ba lokela ho tšepana ’me ba sebetse ’moho ha ba etsa qeto ea hore na ba tla sebelisa chelete joang.

1 RERANG LINTHO KA HLOKO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Ke habohlokoa hore le rerisane hore na le tla sebelisa chelete ea lōna joang. (Amose 3:3) Etsang qeto ka lintho tseo ho hlokahalang hore le li reke le hore na le ka khona ho sebelisa chelete e kae. (Liproverbia 31:16) Taba ea hore le na le chelete ea ho reka ntho e itseng ha e bolele hore joale le lokela ho e reka. Lekang ho qoba likoloto. Sebelisang chelete eo le nang le eona feela.—Liproverbia 21:5; 22:7.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Haeba bofelong ba khoeli le saletsoe ke chelete e ngata, etsang qeto hammoho hore na le tla etsa’ng ka eona

  • Haeba litšenyehelo tsa lōna li feta chelete eo le nang le eona, etsang moralo oa ho fokotsa litšenyehelo. Ka mohlala, le ka ’na la pheha lijo lapeng ho e-na le ho ea jella reschorenteng

2 SHEBANG LINTHO KA BOTŠEPEHI LE KA TSELA EA SEBELE

SEO BIBELE E SE BUANG: “Etsa tokisetso e tšepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.” (2 Bakorinthe 8:21) Tšepahala ho molekane oa hao mabapi le chelete eo u e fumanang le eo u e sebelisang.

Kamehla u buisane le molekane oa hao ha u etsa liqeto tse khōlō mabapi le ho sebelisa chelete. (Liproverbia 13:10) Ha le buisana ka chelete, seo se tla le thusa hore ho be le khotso lenyalong la lōna. Talima chelete eo u e kholang e le ea lelapa, eseng ea hao u le mong.—1 Timothea 5:8.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Lumellanang hore na ke chelete e kae eo le ka e sebelisang ho sa hlokahale hore le buisane ka eona pele

  • Le se ke la emela hore ho hlahe bothata pele, ebe e le hona le buisanang ka chelete