Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka Mocheso o Ntseng o Hloa Mekoalaba Lefatšeng Lohle?

Bibele e Re’ng ka Mocheso o Ntseng o Hloa Mekoalaba Lefatšeng Lohle?

 Ka July 2022, ho tlalehiloe ho phahama ha mocheso ka tsela e sa tloaelehang lefatšeng lohle:

  •   “Ka lekhetlo la bobeli khoeling ena, China e ile ea hlokomelisa batho hore litoropong tse ka bang 70 ho tla ba le mocheso o kotsi.”​—July 25, 2022, CNN Wire Service.

  •   “Linaheng tse ngata Europe, meru e ea cha ka lebaka la mocheso o matla.”​—July 17, 2022, The Guardian.

  •   “Ka Sontaha ka lekhetlo la pele ho ile ha chesa haholo litoropong tse ngata tsa Amerika.”​—July 24, 2022, The New York Times.

 Na see se bolela hore ha nako e ntse e-ea lefatše e ke ke ea e-ba sebaka se sireletsehileng bakeng sa ho phela? Bibele e re’ng tabeng ee?

Na mocheso o matla o phethahatsa boprofeta ba Bibele?

 Ho joalo. Mocheso o ntseng o phahama lefatšeng lohle o lumellana le seo Bibele e ileng ea se bua hore se tla etsahala mehleng ena. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela esale pele hore re tla bona “lintho tse tšosang.” (Luka 21:​11) Ho phahama ha mocheso lefatšeng lohle, ho entse hore batho ba tšohe hore lintho tseo batho ba bang li etsang li tla senya lefatše.

Na ho na le nako eo ka eona re ke keng ra khona ho phela lefatšeng?

 Che. Molimo o bopile lefatše e le hore batho ba ka phela ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 115:​16; Moeklesia 1:4) A ke ke a lumella batho ho senya lefatše, ho e-na le hoo, o tla ‘felisa ba senyang lefatše’ joalokaha a tšepisitse.​—Tšenolo 11:18.

 Nahana ka mehlala ena e ’meli ea boprofeta e bontšang hore na Molimo o tšepisa eng hape:

  •   “Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.” (Esaia 35:1) Ho e-na le hore Molimo a lumelle hore lefatše e be lehoatata, o tla lokisa likarolo tsa lona tse senyehileng.

  •   “U hlokomela lefatše, u etsa hore le behe lijalo tse ngata ebile oa le nontša.” (Pesaleme ea 65:9). Molimo o tla etsa hore lefatše e be paradeise.

 E le hore u fumane lintlha tse ling mabapi le hore na maemo a ntseng a fetoha a leholimo a phethahatsa boprofeta ba Bibele joang, bala sehlooho se reng “Climate Change and Our Future​—What the Bible Says” (“Bibele e Re’ng ka ho Feto-fetoha ha Maemo a Leholimo le Bokamoso ba Rona?”)

 E le hore u fumane lintlha tse ling ka seo Bibele e se tšepisang ka ho lokisoa ha maemo a lefatše, sheba sehlooho se reng “Who Will Save the Earth?” (“Ke Mang ea Tla Pholosa Lefatše?”)