Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?

U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?

 Na u se u phela ka chelete e nyenyane ka lebaka la mathata a moruo oa naha? Mafu a seoa, likoluoa tsa tlhaho, pherekano ea lipolotiki le lintoa, li ka ama moruo oa naha. Lehoja u ka tšoenngoa ke maemo a hao a lichelete, ho na le lintho tseo u ka li etsang tse tsoang ka Bibeleng tse ka u thusang hore u phele ka chelete e nyenyane.

1. Amohela hore maemo a hao a fetohile.

 Molao-motheo oa Bibele: “Ke ithutile . . . ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.”​—Bafilipi 4:12.

 Lehoja u na le chelete e nyenyane ho feta ea pele, u ka ithuta ho phela ka chelete eo u nang le eona hona joale. Haeba u amohela maemo a hao a lichelete, seo se ka thusa oena le lelapa la hao hore le tloaele ho phela ka chelete eo le nang le eona.

 Kopa thuso ea lichelete ’musong kapa mekhatlo e meng, eo u ka ’nang oa fumana thuso ho eona. Ingolise kapele hobane mekhatlo e joalo e fa batho nako e lekanyelitsoeng ea hore ba ingolise.

2. Sebetsang hammoho le le lelapa.

 Molao-motheo oa Bibele: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”​—Liproverbia 15:22.

 Buisanang ka boemo ba lona le molekane oa hao le bana ba lona. Puisano e ntle e ka thusa motho e mong le e mong ka lapeng ho utloisisa le ho tšehetsa liphetoho tseo le hlokang ho li etsa. Ha le sebelisana hammoho ho baballa le ho sebelisa lintho tseo le nang le tsona hantle, le tla khona ho ba le chelete e lekaneng bakeng sa lintho tseo le li hlokang.

3. Etsa moralo oa ho sebelisa chelete

 Molao-motheo oa Bibele: ‘Lula fatše pele ’me u bale litšenyehelo.’​—Luka 14:28.

 Haeba u phela ka chelete e nyenyane ke ha bohlokoa hore u tsebe hore na chelete ea hao u e sebelisetsa ho etsa’ng. Ngola chelete eo u tl’o e fumana fatše. Ka mor’a moo, ngola litlhoko tsa hao tsa khoeli le lintho tseo u ratang ho li reka, lehoja u tseba hore li lokela ho fetoha. Litlhokong tsa hao tsa khoeli, leka ho kenyeletsa chelete e itseng eo u tla e beha ka thoko bakeng sa liketsahalo tsa tšohanyetso.

 Seo u ka se etsang: Ha u ngola litlhoko tsa hao u se ke oa lebala ho kenyeletsa le lintho tse nyenyane tseo u ka li rekang. U ka makala ha u hlokomela hore u sebelisa chelete e ngata hakae ho lintho tsena tse nyenyane. Ka mohlala, ka mor’a hore monna e mong a shebe chelete eo a e sebelisang o ile a hlokomela hore ka selemo o sebelisa chelete e ka etsang li 100 dollars tse ’maloa a reka lichepisi.

4. Sheba hore na ke litlhoko life tsa bohlokoa haholo ’me u etse liphetoho.

 Molao-motheo oa Bibele: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

 Bapisa mokholo oa hao le litlhoko tsa hao ’me u shebe hore na ke lintho life tseo u ka sebelisang chelete e nyenyane ho tsona le tseo u sa li hlokeng, e le hore u khone ho phela ka chelete eo u nang le eona. Ela hloko lintho tse latelang:

  •   Lipalangoang. Haeba u na le likoloi tse fetang e le ’ngoe, na u ka rekisa e ’ngoe? Haeba koloi ea hao e le ea morao-rao na u ka e chencha ’me oa reka e sa tlo hloka chelete e ngata? Na u ka sebelisa sepalangoang sa sechaba kapa baesekele ’me u seke oa reka koloi?

  •   Boithabiso. Na u ka koala bonyane ka nako e itseng, lintho tse kang sathalaete kapa li channel tse ling tsa TV? Na u ka sebelisa tse sa batleng chelete e ngata? Ka mohlala, u ka kalima libuka laebraring ea sebakeng sa heno.

  •   Litšebeletso. Le ka buisana le le lelapa hore na ke joang le ka sebelisang metsi, motlakase le lintho tse kang peterole kapa khase hantle. Ho tima mabone le ho boloka metsi ha le itlhatsoa, ho ka bonahala e ka ha se lintho tsa bohlokoa, empa ho etsa joalo ho ka le thusa ho boloka chelete.

  •   Lijo. Ho e-na le hore u jelle mabenkeleng a rekisang lijo, pheha lijo hae. Hlophisa esale pele ho re na u tla pheha eng ’me u phehe lijo tse ngata haeba ho khoneha, u se ke oa qhala lijo tse setseng. Etsa lethathamo la lintho tseo u il’o li reka e le hore ha u fihla shopong u se ke oa reka lintho tseo u sa li hlokeng. Reka litholoana le meroho e rekisoang sebakeng sa heno kaha ha li hloke chelete e ngata. Qoba ho reka lijo tse se nang phepo e ntle. Mohlomong u ka nahana ka ho lema meroho lapeng la hao.

  •   Liaparo. Reka liaparo tseo u li hlokang, eseng u li reke hobane feela u batla ho kena fesheneng. Reka liaparo tsa hlabula mariha ’me u reke tsa mariha ha e le hlabula kapa u reke liaparo tse boemong bo botle tse fumanehang lishopong tse rekisang liaparo tse sebelisitsoeng. Aneha liaparo terateng haeba ho khoneha hobane sena se ka u thusa hore u khone ho boloka chelete ea mochini o omisang.

  •   Lintho Tseo U Batlang ho li Reka. Pele u reka ntho e itseng, ipotse: ‘Na nka khona ho e reka? Na kannete kea e hloka?’ Na u ka ema hanyane ka ho ntlafatsa kapa ho fetola lintho tsa ka tlung, lisebelisoa tsa elektronike kapa koloi ea hao? Na u ka rekisa lintho tseo u seng u sa li hloke kapa u sa li sebelise? Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u phele bophelo bo bobebe ebile ho tla u ekelletsa chelete.

 Seo u ka se etsang: Ha u se u fumana mokholo u monyenyane, sena se tla u thusa hore u tlohele ho reka lintho tse ka u ntšang kotsi kapa tse turang, tse joaloka ho tsuba, ho becha le ho noa joala haholo. Ho etsa liphetoho tsena ho ke ke ha u thusa feela hore u be le chelete e ngata empa ho tla boela ho u thuse hore u phele bophelo bo botle.

5. Ithute seo Bibele e se rutang.

 Molao-motheo oa Bibele: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”​—Matheu 5:3.

Bibele e fana ka keletso ena e sebetsang: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:​12) Bohlale boo bo fumanoa ka Bibeleng ’me bo thusitse batho ba bangata hore ba sebelise seo ba ithutang sona ka Bibeleng e le hore ba se ke ba tšoenyeha haholo ka mathata a bona a lichelete. ​—Matheu 6:​31, 32.