Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?

Bahanyetsi ba Hlōlehile ho Felisa Bibele

Bahanyetsi ba Hlōlehile ho Felisa Bibele

BOTHATA: Bo-ralipolotiki le baruti ba ’nile ba phatlalatsa molaetsa o khahlanong le Bibele. Hangata ba ne ba sebelisa matla a bona ho thibela batho ho ba le Bibele, ho e ngola kapa ho e fetolela. Nahana ka mehlala ena e ’meli:

  • Hoo e ka bang ka selemo sa 167 pele ho mehla ea Jesu: Morena oa Mogerike ea bitsoang Antiochus Epiphanes, ea neng a qobella Bajuda hore ba latele bolumeli ba Segerike, o ile a laela hore Mangolo ’ohle a Seheberu a senngoe. Rahistori e mong o ile a re baromuoa ba hae ba ne ba “tabola meqolo ea Molao hohle moo ba neng ba e fumana teng ’me ba bolaea motho e mong le e mong ea neng a bala Bibele.”

  • Ho tloha lilemong tsa bo-500 ho ea ho 1500: Baruti ba bang ba Mak’hatholike ba neng ba halefisitsoe ke hore ebe batho ba ne ba ruta Bibele ho e-na le ho ruta lithuto tsa K’hatholike, ba ne ba re batho ba balang Mangolo a mang ntle le Lipesaleme ka Selatine ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Mokhatlo o mong oa kereke o ile oa laela hore banna ba kereke ba “batle batho ba balang Bibele . . . ka hore ba ee matlong ’ohle moo ba neng ba belaella hore ba na le eona. . . . Ba thuhe ntlo eo ba fumanang motho ea balang Bibele ho eona.”

Hoja batho bao ba ile ba atleha, re ka be re se na Bibele kajeno.

Bibele ea Senyesemane eo William Tyndale a e fetoletseng, ha ea ka ea felisoa kapa ea chesoa le hoja eena a ile a bolaoa ka 1536

BIBELE E NTSE E LE TENG: Le hoja Morena Antiochus a ne a hlile a batlana le batho ba balang Bibele Iseraele, Bajuda ba ne ba se ba hasane le linaheng tse ling. Ha e le hantle, litsebi li hakanya hore lilemong tsa bo-1 ho ea ho 100, Bajuda ba bangata ba ne ba se ba lula linaheng tse ka thōko ho Iseraele. Bajuda ba ne ba boloka likopi tsa Mangolo ka lisynagogeng tsa bona, e leng Mangolo a ileng a sebelisoa ke meloko e ba latelang hammoho le Bakreste.—Liketso 15:21.

Le hoja lilemong tsa bo-500 ho ea ho 1500 batho ba ratang Bibele ba ne ba hlorisoa, ka sebete ba ile ba tsoela pele ho e fetolela le ho e kopitsa. Ho ka etsahala hore ebe libuka tse ling tsa Bibele li ne li fumaneha ka lipuo tse 33 lilemong tsa bo-1450, le pele ho e-ba le mechine e printang e tsoetseng pele! Ka mor’a moo, Bibele e ile ea fetoleloa le ho hatisoa ka potlako.

MELEMO E BILE EFE?: Le hoja marena a matla le baruti ba ne ba tšosa batho hore ba se ke ba bala Bibele, ke buka e hatisoang le ho fetoleloa ho feta buka leha e le efe. E thusitse batho hore ba etse melao ea linaha tsa habo bona ’me e boetse e ba thusitse hore ba ntlafatse puo le bophelo ba bona.