Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

5. Boprofeta bo Phethahetseng

5. Boprofeta bo Phethahetseng

Mabaka a ho Tšepa Bibele

5. Boprofeta bo Phethahetseng

Ak’u nahane ka motho ea nang le tlaleho ea nako e telele ea hore nako le nako o bolela boemo ba leholimo ka nepo esale pele. Haeba motho eo a re pula e tlil’o na, na u ke ke ua nka sekhele?

BIBELE e boletse lintho tse ngata esale pele, kapa e li profetile. * E na le tlaleho e hlakileng, joalokaha histori e paka seo. Boprofeta ba Bibele ke ’nete kamehla.

Litšobotsi tse bo khethollang. Hangata boprofeta ba Bibele boa toba ’me bo phethahala esita le lintlheng tse nyenyane ka ho fetisisa. Hangata bo akarelletsa lintlha tsa bohlokoahali ’me bo bolela esale pele se fapaneng le seo batho ba phelang nakong ea ha bo ngoloa e ka ’nang eaba ba se lebeletse.

Mohlala o ikhethang. Babylona ea boholo-holo e neng e hahiloe ka bohlale ’me e paroloa ke Nōka ea Eufrate, e ’nile ea bitsoa “setsi sa lipolotiki, sa bolumeli le sa setso sa Linaheng Tsa Bochabela tsa mehleng ea boholo-holo.” Hoo e ka bang ka 732 B.C.E., moprofeta Esaia o ile a ngola boprofeta bo tšosang—ba hore Babylona e tl’o oa. Esaia o ile a fana ka lintlha tse tobileng: Mohlōli e ne e tla ba moeta-pele ea bitsoang “Cyruse,” metsi a Eufrate a e sirelelitseng a ne a tla ‘psha,’ ’me liheke tsa motse li ne li ‘ke ke tsa koaloa.’ (Esaia 44:27–45:3) Lilemo tse ka bang 200 hamorao, ka la 5 October, 539 B.C.E., boprofeta boo bo ile ba phethahala ka botlalo. Rahistori oa Mogerike ea bitsoang Herodotus (oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.) o ile a tiisa tsela eo Babylona e oeleng ka eona. *

Phatlalatso e sebete. Esaia o ile a bolela taba e ’ngoe e makatsang esale pele ka Babylona, a re: “E ke ke ea hlola e e-ba le baahi.” (Esaia 13:19, 20) Ka sebele ho bolela esale pele hore motse o moholo o hahiloeng ka tsela e bohlale joalo e tla ba lesupi e bile phatlalatso e sebete. Motho o ne a ka lebella hore motse o joalo o tla tsosolosoa haeba o ne o ka oa senyeha. Le hoja Babylona e ile ea tšoarella ka nakoana ka mor’a hore e hlōloe, seo Esaia a se buileng se ile sa qetella se phethahetse. Makasine ea Smithsonian e tlaleha hore sebaka seo Babylona ea boholo-holo e neng e le ho sona hona joale “ke lehoatata le bataletseng, le chesang le bileng le leng lepoqo.”

Hoa tšosa ho nahana ka botebo ba se boleloang ke boprofeta boo ba Esaia. Seo a ileng a se bolela esale pele se tšoana le ha motho a ka bolela esale pele hore na lilemong tse 200 tse tlang motse oa kajeno, o kang New York kapa London, o tla timetsoa joang, a be a tiise hore o ke ke oa hlola o e-ba le baahi. Ha e le hantle, ho ikhethang le ho feta ke hore boprofeta boo ba Esaia bo phethahetse! *

Lihloohong tsena, re tšohlile tse ling tsa lintlha tse fanang ka bopaki bo kholisitseng ba limilione hore Bibele ea tšepahala. Kahoo ba e nka e le tataiso e tšepahalang hore e ba tataise. Re u mema hore u ithute ka ho eketsehileng ka Bibele e le hore le uena u iketsetse qeto tabeng ea hore na u ka e tšepa kapa che.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho bolela boemo ba leholimo esale pele ke khakanyo feela. Boprofeta ba Bibele bo bululetsoe ke Molimo, ea ka laolang maemo a lintho haeba a khetha ho etsa joalo.

^ ser. 6 Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka ho phethahala ha boprofeta ba Esaia, bona leqephe la 27-29 bukaneng ea Buka ea Batho Bohle, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 8 Ho fumana mehlala e meng ea boprofeta ba Bibele le lintlha tsa histori tse tšehetsang ho phethahala ha bona, bona leqephe la 117-33 bukeng ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Litšoantšo leqepheng la 9]

Bibele e boletse esale pele ka nepo hore moeta-pele ea bitsoang Cyruse o ne a tla hlōla Babylona e matla