Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Phethahatsang Boikarabelo ba Hao U le Motsoali

Kamoo U ka Phethahatsang Boikarabelo ba Hao U le Motsoali

Na u sa hopola ha u ne u qala ho sika lesea la hao?

E ka ’na eaba ka mor’a nakoana u ile ua ikutloa u tsielehile, ha u hlokomela hore ngoana eo o tla hloka tataiso ka lilemo tse ngata. Ho e-s’o ee kae, u ile ua elelloa hore u na le boikarabelo bo boima.

KE ’NETE hore boikarabelo ba ho ba motsoali esale bo le boima, empa kajeno teng bo boima le ho feta. Hobane’ng? Hobane lefatše le rarahane ho feta ha u ne u le ngoana. Mathata a mang a boitšoaro ao bana ba tobanang le ’ona—ka mohlala ha ba sebelisa Inthanete—a ne a le sieo lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng.

U ka thusa ngoana oa hao joang hore a qobe maraba a boitšoaro a lefatše la kajeno? Ho fanoe ka litlhahiso tse tharo tse latelang.

1 Hlakisa melao ea hao ea boitšoaro.

Ha bana ba hōla, ba fuoa boitsebiso bo bongata bo fosahetseng ka boitšoaro—bo bong bo tsoa ho lithaka tsa bona, ha bo bongata bo tsoa mecheng ea phatlalatso. Tšusumetso eo e mpe e bonahala ka ho khetheha ha bana ba kena lilemong tsa bocha. Leha ho le joalo, bafuputsi ba bontša hore bacha ba bangata ba tšepa batsoali ba bona ho feta lithaka tsa bona, ha ba lokela ho etsa liqeto tse tebileng bophelong.

Seo u ka se etsang. Batsoali ba Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba khothalletsoa ho buisana le bana ba bona ka makhetlo e le hore ba ba rute ka ho pheta-pheta melao-motheo e lokileng. (Deuteronoma 6:6, 7) Etsa se tšoanang ka ngoana oa hao. Ka mohlala, haeba u phela ka melao ea Bibele ea boitšoaro, bolella ngoana oa hao hore na ke hobane’ng ha u nka hore ho phela ka melao eo ho isa bophelong bo molemo ka ho fetisisa.

 2 Thusa ngoana hore a utloisise liphello.

Bibele e re: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Molao-motheo oa hore lintho li na le moetsi o bonahala hoo e batlang e le likarolong tsohle tsa bophelo. Hopola ha u sa le ngoana. Ha ho pelaelo hore har’a lintho tseo u ke keng ua li lebala ke seo u ithutileng sona ha u ne u tlameha ho kotula litholoana tsa liketso tsa hao.

Seo u ka se etsang. Bua ka se etsahaletseng ba bang, ’me u hlalosetse ngoana kamoo batho ba ileng ba khetha ho etsa se fosahetseng ba ileng ba kotula litholoana tse babang kapa kamoo ba ileng ba etsa se nepahetseng ba ileng ba rua molemo kateng. (Luka 17:31, 32; Baheberu 13:7) Hape, u se ke ua sireletsa ngoana liphellong tsa liphoso tseo a li etsang. Ka mohlala, a re nke hore ka ho se tsotelle mora oa hao o roba ntho ea ngoana e mong ea ho bapala. U ka bolella mora oa hao hore a fe ngoana eo e ’ngoe ea lintho tsa hae tsa ho bapala. Ngoana oa hao o tla nka nako ho lebala hore o lokela ho hlompha lintho tsa ba bang.

3 Ba rute mekhoa e metle.

Maele a Bibele a re: “Ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” (Liproverbia 20:11) Ha bana ba ntse ba hōla, ba bonahatsa boitšoaro bo ba khethollang. Ka bomalimabe, ba bang ba tsebahala ka mekhoa e mebe. (Pesaleme ea 58:3) Empa ba bang ba iketsetsa botumo bo botle. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho e ’ngoe a bua ka mohlankana Timothea, a re: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang.”—Bafilipi 2:20.

Seo u ka se etsang. Ho phaella tabeng e boletsoeng ka holimo ea ho hatisa liphello, thusa ngoana hore a nahane ka litšobotsi tseo a ka ratang hore batho ba mo tsebe ka tsona. Ha bacha ba tobana le maemo a thata, ba ka ithuta ho etsa liqeto tse nepahetseng ka hore ba ipotse lipotso tse latelang:

Bibele e na le mehlala e mengata ea banna le basali bao liketso tsa bona li ileng tsa bontša hore ke batho ba lokileng kapa ba babe. (1 Bakorinthe 10:11; Jakobo 5:10, 11) Sebelisa mehlala ena ho thusa mora kapa morali oa hao ho ba le litšobotsi tse ntle.

Lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li ka u thusa hore u lemohe kamoo u ka sebelisang melao-motheo ea Bibele lelapeng la hao le kamoo u ka thusang bana ba hao kateng hore ba etse se tšoanang.