Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Serurubele se Bitsoang Painted Lady—Sephiri se Utullotsoe

Serurubele se Bitsoang Painted Lady—Sephiri se Utullotsoe

KE KHALE batho ba Europe ba khahloa ke lirurubele tse mebala-bala tse bitsoang painted lady (Vanessa cardui) ’me ba ipotsa hore na ho etsahala’ng ka tsona ha lehlabula le fela. Na lia shoa ha mariha a kena? Phuputso e sa tsoa etsoa e senola sephiri sena se hlollang. Selemo le selemo lirurubele tsena li nka leeto la ho tloha Europe leboea ho ea Afrika.

Bafuputsi ba ile ba kopanya seo ba se hlokometseng ha ba sebelisa radar le seo baithaopi ba likete ho pholletsa le Europe ba tlalehang hore ba se hlokometse ka lirurubele tsena. Phuputso ena e ile ea senola hore ha lehlabula le fela, lirurubele tse limilione li fallela boroa, hangata li fofela holimo bophahamong ba limithara tse fetang 500—kahoo ke ka seoelo batho ba li bonang. Lirurubele tsena li emela moea o li thusang hore li fofe habobebe ’me li fofa ka lebelo la lik’hilomithara tse 45 ka hora leetong le lelelele la ho ea Afrika. Selemo le selemo ha lirurubele tsena li falla li tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 15 000, ho tloha holimo-limo moeling oa Arctic ho ea tlaase-tlaase Afrika Bophirimela moo ho chesang ho bileng ho leng mongobo. Leeto lena le mena habeli le nkoang ke lirurubele tsa Amerika Leboea. Ha li khutla leetong lena, li tla be li le molokong oa botšelela.

Moprofesa Jane Hill oa Univesithi ea York e Engelane o re: “Lirurubele tsa Painted Lady li lula li tsamaea li bile li qhotsa.” Mehato ena e etsa hore kaofela ha tsona li tlohe Europe leboea li ee Afrika li be li khutle, selemo le selemo.

Richard Fox, eo e leng mookameli oa mokhatlo oa Butterfly Conservation o re: “Sebōpuoa sena se senyenyane seo boima ba sona bo leng ka tlaase ho grama [0.04 oz] le seo boko ba sona bo lekanang le hloohoana ea phini, se nka leeto ho tloha k’honthinenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe se se na monyetla oa ho ithuta ho tse hōlileng.” Fox o phaella ka ho re: “Pele batho ba ne ba nahana hore [kokoanyana ena] e ea hohle moo moea o fokelang teng ho fihlela e shoa ha mariha a batang a Brithani a fihla hoo ho se nang tšepo ea hore bophelo ba moloko o latelang bo tla ntlafala.” Leha ho le joalo, phuputso ena “e bontšitse hore lirurubele tse bitsoang Painted Ladies li tseba seo li se etsang.”