Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA LE ENTSOE?

Letlalo la Noha

Letlalo la Noha

KAHA linoha ha li na maoto le matsoho, li hloka letlalo le thata e le hore le se ke la eboha ha le ntse le hohleha. Linoha tse ling li hloa likutung tse thata tsa sefate ha tse ling li tsamaea lehlabatheng le khorofo. Ke eng e etsang hore letlalo la noha le tšoarelle nako e telele?

Ak’u nahane: Matlalo a linoha ha a tšoane ka botenya le ka sebōpeho. Leha ho le joalo, ho na le ntho eo a tšoanang ka eona: A thata ka ntle empa a bonolo ka hare. See se li tsoela molemo joang? Mofuputsi Marie-Christin Klein o re: “Ha ntho e itseng e tiile ka ntle empa e kobeha habonolo ka hare, e matlafatsa likarolo tse ling. Tsela e ikhethang eo letlalo la noha le entsoeng ka eona, e e nolofalletsa ho tsamaea habonolo ha ka nako e tšoanang e e thusa hore e se ke ea hlajoa ke majoe a motsu. Ke habohlokoa hore letlalo la noha le be thata hobane li sola letlalo la tsona ka mor’a likhoeli tse peli ho isa ho tse tharo.

Lintho tse entsoeng joaloka letlalo la noha li ka ’na tsa thusa lingaka hore li etse lintho tsa maiketsetso tseo ho ka bang bonolo ho li kenya ’meleng oa motho li sa thelle ’me e be tse tšoarellang. Hape mechine e tsamaeang ka lebanta la conveyor le tšoanang le letlalo la noha, e ka ’na ea se ke ea hloka mafura a mangata a silafatsang tikoloho.

U nahanang ka see? Na letlalo la noha le bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na le entsoe?