Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA

Ha Ngoan’a Hao a Bua Leshano

Ha Ngoan’a Hao a Bua Leshano

BOTHATA

Ngoan’a hao ea lilemo li hlano o ntse a bapala ka kamoreng e ’ngoe. Ka mor’a nako, u utloa ho pshatleha ntho e itseng. U mathela ka ho eena ’me u mo fumana a eme pel’a khalase e pshatlehileng. Ha u mo sheba feela u se u ntse u bona hore ke eena a e pshatlileng.

Ua mo kharumela, u re: “Na ke uena ea e pshatlileng?”

O araba ka potlako, o re: “Che ’Mè hase ’na!”

Lena hase lekhetlo la pele u utloa ngoan’a hao a bua leshano. Na seo se lokela ho u tšoenya?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ha ho mohla ho bua leshano ho loketseng. Bibele e re Jehova Molimo o hloile “leleme la bohata.” (Liproverbia 6:16, 17) Molao o neng o filoe Baiseraele o ne o tiile khahlanong le mang kapa mang ea neng a thetsa ba bang.—Levitike 19:11, 12.

Leha ho le joalo, mashano ha a tšoane. Mashano a mang a buuoa ka morero oa ho ntša motho e mong kotsi. Mashano a mang a buuoa ha motho a tšohile, mohlomong e le ho qoba ho tlotlolloa kapa ho fuoa kotlo. (Genese 18:12-15) Le hoja ho bua leshano ho fosahetse, mashano a mang a tebile ho feta a mang. Haeba ngoan’a hao a u bolella leshano, u lokela ho nahana ka lilemo tsa hae le hore na ke hobane’ng ha a buile leshano.

U lokela ho lokisa bothata bona ha ngoan’a hao a sa ntse a le monyane. Dr. David Walsh o re: “Ke habohlokoa hore ngoan’a hao a ithute ho bua ’nete, haholo-holo ha ho le thata ho etsa joalo. Ho ba le likamano tse ntle le batho ho itšetlehile ka ho tšepana ’me ho bua leshano ho ka senya maqhama ao.” *

Leha ho le joalo, u se ke ua tšoha. Taba ea hore ngoan’a hao o buile leshano ha e bolele hore e se e le motho e mobe. Hopola hore Bibele e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liproverbia 22:15) Bana ba bang ba bontša booatla boo ka ho bua leshano, mohlomong ba nahana hore ke tsela e bonolo ea ho qoba ho fuoa kotlo. Kahoo, tsela eo u sebetsanang le boemo boo ka eona ke ea bohlokoa.

SEO U KA SE ETSANG

Batla hore na ke hobane’ng ha ngoan’a hao a bua leshano. Na o tšaba hore o tla fuoa kotlo? Na ke hobane a sa batle ho u soabisa? Haeba ngoan’a hao a qapa mashano e le hore a khahlise metsoalle ea hae, na ke hobane ha a e-s’o hōle ka ho lekaneng hore a utloisise phapang e teng pakeng tsa lintho tsa sebele le tse iqapetsoeng? Haeba u tseba hore na ke hobane’ng ha ngoan’a hao a bua leshano, u tla khona ho mo thusa.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 13:11.

Ka linako tse ling mo bolelle seo a se entseng ho e-na le hore u mo botse lipotso. Ketsahalong e boletsoeng qalong, ’Mè o ne a tseba hore na ho etsahetse’ng, empa o ile a kharumela ngoan’a hae, a re: “Na ke uena ea e pshatlileng?” Ngoana o ile a bua leshano, mohlomong a tšohile bohale ba ’mè oa hae. Empa ho e-na le ho botsa potso e seng e ntse e mo qosa, ho ne ho ka ba joang ha ka bonolo feela ’Mè a ne a ka re: “Jooe, u pshatlile khalase!” Ha a bolella ngoana seo a se entseng ho e-na le ho mo botsa potso, o etsa hore ngoana a se ke a lekeha hore a bue leshano—’me o mo thusa hore a tloaele ho bua ’nete.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:9.

Mo babatse ha a buile ’nete. Ka tlhaho bana ba rata ho thabisa batsoali ba bona, kahoo sebelisa monyetla oo. Bolella ngoan’a hao hore botšepehi ke ba bohlokoa ka lapeng ’me u lebeletse hore a bue ’nete.—Molao-motheo oa Bibele: Baheberu 13:18.

Totobaletsa ngoan’a hao hore ha a bua leshano batho ba ke ke ba mo tšepa ’me ho ka nka nako hore ba mo tšepe hape. Mo khothatse ka hore u mo babatse ha a buile ’nete. Ka mohlala, u ka re, “Kea thaba ha u bua ’nete.”

Mo behele mohlala. Ho hlakile hore u ke ke ua lebella hore ngoan’a hao a bue ’nete haeba a utloa u bua mantsoe a kang, “Mo bolelle hore ha ke eo hae” haeba u sa batle ho bua le motho ea itseng ka fono kapa u re, “Ha ho moo ke eang kajeno, kea kula” le hoja u tseba hore u mpa u batla ho phomola feela.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 3:17.

Sebelisa Bibele. Melao-motheo le lipale tsa batho ba sebele tse hlahang ka Bibeleng li re thusa hore re tšepahale. Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e ka u thusa hore u rute ngoan’a hao melao-motheo ea Bibele. Khaolo ea 22 e na le sehlooho se reng, “Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Bua Leshano.” (Sheba karolo ea eona e qotsitsoeng lebokoseng le reng, “ Buka e ka Thusang Ngoan’a Hao.”) Buka ea

^ ser. 11 Ho tsoa bukeng ea, No: Why Kids—of All Ages—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.