Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LI ENTSOE?

Likere Tsa Kokoanyana ea Issus Leafhopper

Likere Tsa Kokoanyana ea Issus Leafhopper

KA NAKO e telele batho ba ne ba nahana hore motho ke eena ea qapileng likere. Empa ho fumanoe bopaki ba hore maikutlo ao a fosahetse! Litsebi li sibolotse hore lintho tse phelang le tsona li na le likere tse momahanang, joaloka tsa kokoanyana e nyenyane e bitsoang Issus leafhopper, e fumanehang hohle lirapeng tsa Europe. *

Kokoanyana ena e nyenyane e iphepang ka lero la makhasi, e ka qhoma ka ho panya ha leihlo! E le hore e qhome, ho hlokahala hore maoto a eona a mabeli a ka morao a tlohe ka sekhahla se tšoanang a bile a tlohela hong. E etsa seo joang?

Ak’u nahane: Bo-rasaense ba sibolotse hore maoto a mabeli a ka morao a leafhopper a na le likere. Ha kokoanyana ena e qhoma, likere tse maotong a eona li tiisa hore maoto ao a qhoma ka tsela e tšoanang. Ho seng joalo e ne e tla qhoma ka tsela e sa laoleheng!

Libōpuoa tse khōlō tsona li itšetleha ka tsamaiso ea methapo ea kutlo e le hore maoto a tsona a qhome ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, haeba leafhopper e nyenyane e ne e itšetlehile ka methapo ea boko ba eona, e ne e tla qhoma butle haholo. Ke kahoo e nang le likere tse peli. Gregory Sutton, eo e leng mongoli le mofuputsi o re: “Hangata re nahana hore likere li fumaneha feela mechineng e entsoeng ke batho.” O phaella ka ho re: “Lebaka ke hore ha rea ka ra ipha nako ea ho sheba [libakeng tse ling] ka hloko.”

U nahana’ng ka see? Na likere tsa Issus leafhopper li bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na li entsoe?

^ ser. 3 Likere tsa kokoanyana ena lia fela ha e se e hōlile.