Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebitso la Molimo ke Mang?

Lebitso la Molimo ke Mang?

Ha u batla ho tseba motho, ntho ea pele eo u mo botsang eona ke lebitso la hae. Haeba u ne u ka botsa Molimo potso eo u nahana hore o ne a tla arabela joang?

“Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”​—⁠Esaia 42:⁠8.

Na u qala ho utloa lebitso lee? Mohlomong ho joalo hobane liphetolelong tse ngata tsa Bibele le hlaha ka makhetlo a fokolang kapa ha le hlahe ho hang. Hangata lebitso la Molimo le nkeloa sebaka ke tlotla, “MORENA.” Ha e le hantle, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000, mangolong a pele a Seheberu le Segerike. Lebitso lena le na le litlhaku tse ’nè ka Seheberu, tseo ka Senyesemane e leng YHWH kapa JHVH, ’me haesale le fetoleloa e le “Jehova” ka Sesotho.

Lebitso la Molimo le hlaha mangolong a mangata a Seheberu le liphetolelong tse ngata le teng

Moqolo oa Lipesaleme oa Leoatle le Shoeleng Lipakeng tsa selemo sa 30 le sa 50, SEHEBERU

Phetolelo ea Tyndale 1530, SENYESEMANE

Phetolelo ea Reina-Valera 1602, SEPANISHE

Phetolelo ea Union Version 1919, SECHAENA

KE HOBANE’NG HA LEBITSO LA MOLIMO E LE LA BOHLOKOA?

Lebitso lena le bohlokoa ho Molimo ka boeena. Ha ho na motho ea rehileng Molimo lebitso, ke eena ea ithehileng lona. Jehova o ile a re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Exoda 3:​15) O batla hore batho ba tsebe lebitso la hae. Bibele e re: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:​18) Ka Bibeleng, lebitso lena le hlaha ka makhetlo a mangata ho feta litlotla tsa hae tse kang Ea Matla ’Ohle, Morena, Ntate kapa Molimo. Hape, le hlaha hangata ho feta mabitso a mang a kang Abrahama, Moshe, Davida kapa Jesu.

Lebitso lena le bohlokoa ho Jesu. Thapelong e tloaelehileng ka hore ke ea Ntat’a Rona ea Maholimong, Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:⁠9) Jesu ka boeena o ile a rapela Molimo a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” (Johanne 12:​28) Jesu o ne a nka ho tlotlisa lebitso la Molimo e le ntho ea bohlokoa bophelong ba hae, ke kahoo a ileng a re ha a rapela: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.”​—⁠Johanne 17:⁠26.

Lebitso lena le bohlokoa ho batho ba ratang Molimo. Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ne ba lumela hore lebitso la Molimo le ka ba sireletsa kapa la ba pholosa. “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” (Liproverbia 18:​10) “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Joele 2:​32) Bibele e bontša hore batho ba sebeletsang Molimo ba ne ba tla tsebahala ka ho sebelisa lebitso la hae. “Etsoe lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rona . . . ka ho sa feleng.”​—⁠Mikea 4:⁠5; Liketso 15:⁠14.

LEBITSO LA MOLIMO LE BOLELA’NG?

Lebitso lena ke la hae a le mong. Litsebi tse ngata tsa Bibele li lumela hore lebitso Jehova le bolela “O Etsa Hore ho be.” Jehova Molimo o re thusa ho utloisisa hore na lebitso la hae le bolela’ng ha a ne a re ho Moshe: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.” (Exoda 3:​14) Kahoo, lebitso la Molimo ha le akaretse feela taba ea hore ke ’Mopi oa lintho tsohle. Le boetse le bolela hore o na le bokhoni ba ho iketsa ntho leha e le efe kapa ho etsa hore popo ea hae e be ntho leha e le efe eo a e khethang, e le hore a ka finyella morero oa hae. Le hoja Molimo a e-⁠na le litlotla tse hlalosang boemo ba hae kapa matla a hae, ke lebitso Jehova feela le hlalosang hantle seo a leng sona le seo a ka bang sona.

Le bontša hore oa re rata. Tlhaloso ea lebitso la Molimo e bontša kamoo a ratang lintho tsohle tseo a li bopileng kateng, ho akarelletsa le rona. Ho phaella moo, taba ea hore Molimo o entse hore lebitso la hae le tsebahale e bontša hore o batla hore re mo tsebe. Ke kahoo a ileng a khetha ho re joetsa lebitso la hae le pele re mo botsa. Ho hlakile hore Molimo o batla hore re kholoe hore o teng le hore re ka ba metsoalle ea hae.​—⁠Pesaleme ea 73:⁠28.

Ha re sebelisa lebitso la Molimo re bontša hore rea mo rata. Mohlala, u ka ’na oa kopa motho eo u batlang ho ba motsoalle oa hae hore a u bitse ka lebitso. U ne u tla ikutloa joang haeba motho eo a lula a sa u bitse ka lona? Mohlomong u ne u ka nahana hore motho eo ha a u tsotelle. Molimo le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. Jehova o re boleletse lebitso la hae ’me o batla hore re mo bitse ka lona. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore rea mo rata. Jehova o boetse o ela hloko batho “ba nahanang ka lebitso la hae.”​—⁠Malakia 3:⁠16.

Ho tseba lebitso la Molimo ke ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa ha re batla ho mo tseba. Empa ha rea lokela ho fella moo. Re lokela ho ithuta hore na o joang le hore na o rata’ng.

LEBITSO LA MOLIMO KE MANG? Lebitso la Molimo ke Jehova ’me le bolela hore o khona ho phetha merero ea hae