Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8

Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Rona?

Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Rona?

Na u kile oa ipotsa hore na Molimo o utloa lithapelo tsa hao? Haeba ho joalo, ha se uena feela. Batho ba bangata ba ile ba rapela Molimo ha ba e-na le mathata, leha ho le joalo mathata ao a ntse a le teng. Na seo se bolela hore Molimo ha a mamele lithapelo tsa rona? Ha ho joalo. Bibele ea re kholisa hore Molimo oa re mamela haeba re mo rapela ka tsela e nepahetseng. A re boneng hore na Bibele e re’ng.

MOLIMO O MAMETSE.

“Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.”​—Pesaleme ea 65:2.

Batho ba bang ba rapela hobane ba re ba ikutloa ba imolohile ha ba qeta ho rapela le hoja ba sa lumele hore ho na le motho ea ba mametseng. Leha ho le joalo, thapelo ha se ntho eo re e etsang hore feela re ikutloe re imolohile e le hore re khone ho mamella mathata a rona. Bibele e re kholisa hore “Jehova * o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. . . . O tla utloa mohoo oa bona o kopang thuso.”​—Pesaleme ea 145:​18, 19.

Re ka kholiseha hore Jehova o utloa lithapelo tsa batho ba mo rapelang. Ka lerato o re: “Le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.”​—Jeremia 29:12.

MOLIMO O BATLA HORE U MO RAPELE.

“Phehellang thapelong.”​—Baroma 12:12.

Ka Bibeleng re khothalletsoa hore re ‘rapele re sa khaotse’ le hore re ‘tsoele pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.’ Ho hlakile hore Jehova Molimo o batla hore re mo rapele.​—Matheu 26:​41; Baefese 6:18.

Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore re mo rapele? Nahana ka sena: Ke ntate ofe ea ke keng a thaba ha ngoana oa hae a mo kopa thuso? Ke ’nete hore e ka ’na eaba ntate oa tseba hore na ngoana oa hae o hloka eng le hore na o ikutloa joang, empa ha a utloa a mo kopa thuso, seo se etsa hore a bone hore oa mo tšepa hape oa mo rata. Ka tsela e tšoanang, ha re rapela Jehova, re bontša hore rea mo tšepa le hore re batla ho ba metsoalle ea hae.​—Liproverbia 15:8; Jakobo 4:8.

MOLIMO OA U TSOTELLA.

‘Le lahlele matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane oa le tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

Molimo o batla hore re mo rapele hobane oa re rata ebile oa re tsotella. O elelloa mathata le matšoenyeho ’ohle a rona ’me o batla ho re thusa.

Bophelong bohle ba hae, Morena Davida o ile a rapela Jehova hore a mo thuse ’me o ne a mo bolella hore na o ikutloa joang le hore na o nahana’ng. (Pesaleme ea 23:​1-6) Molimo o ne a ikutloa joang ka Davida? Molimo o ne a rata Davida ’me o ne a mamela lithapelo tsa hae. (Liketso 13:​22) Ka tsela e tšoanang, Molimo o mamela lithapelo tsa rona hobane oa re tsotella.

“KEA RATA, HOBANE JEHOVA O UTLOA LENTSOE LA KA”

Ao ke mantsoe a mongoli e mong oa lipesaleme ka Bibeleng. O ne a tseba hore Molimo o mametse lithapelo tsa hae ’me seo se ile sa mo thusa haholo. O ne a ikutloa a le haufi le Molimo ’me o ile a fumana matla a hore a sebetsane le mathata le ho sareloa ha hae.​—Pesaleme ea 116:​1-9.

Ha re kholisehile hore Molimo o utloa lithapelo tsa rona, re tla phehella ho mo rapela. Nahana ka mohlala oa Pedro ea lulang Spain ka leboea. Mora oa hae ea lilemo li 19 o ile a hlokahala kotsing ea koloi. Ka ho sareloa hohle, Pedro o ile a tšollela pelo ea hae ho Molimo ’me a rapela a sa phetse hore a mo tšelise le ho mo tšehetsa. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? O re: “Jehova o ile a arabela lithapelo tsa ka ka hore ’na le mosali oa ka re ile ra fumana tšehetso le matšeliso ho tsoa ho Bakreste ’moho le rona.”

Hangata Molimo o araba lithapelo tsa rona ka ho re tšelisa le ho re tšehetsa a sebelisa metsoalle ea rona e re ratang

Le hoja lithapelo li sa ka tsa khutlisa mora oa Pedro, li ile tsa thusa lelapa la hae haholo. Mosali oa hae María Carmen o re: “Thapelo e ile ea nthusa hore ke mamelle bohloko ba ho lahleheloa ke ngoana. Ke ne ke tseba hore Jehova Molimo oa nkutloisisa hobane ha ke ne ke mo rapela, ke ne ke utloa ke apareloa ke khotso ebile ke khona ho khoba matšoafo.”

Re ka bona ka ho hlakileng hore Molimo o utloa lithapelo ha re bala Bibele re bile re utloa lintho tse ileng tsa etsahalla batho ba bang. Leha ho le joalo, ho boetse hoa hlaka hore ha a arabele lithapelo tsohle. Hobane’ng ha Molimo a araba lithapelo tse ling empa tse ling a sa li arabe?

^ ser. 5 Jehova ke lebitso la Molimo.​—Pesaleme ea 83:18.