Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Mopi oa Rona ea Lerato oa re Tsotella

’Mopi oa Rona ea Lerato oa re Tsotella

1. ’MOPI OA RONA O RE CHABISETSA LETSATSI

U nahana lefatše le ka be le le joang haeba letsatsi le ne le sa chabe? Letsatsi le fana ka matla a thusang lifate hore li khone ho etsa makhasi, lipalesa, litholoana, makotomane le peo. Le boetse le thusa lifate hore li khone ho monya metsi mobung ka methapo e le hore a tle a fihle makhasing ebe a tsoela moeeng e se e le mouane.

2. ’MOPI OA RONA O RE NESETSA PULA

Pula ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo e thusang lefatše hore le re hlahisetse lijo. Molimo o re nesetsa pula ho tloha leholimong hape o re fa linako tsa selemo, e le hore re be le lijo le hore lipelo tsa rona li hlasimolohe.

3. ’MOPI OA RONA O RE FA LIJO LE LIAPARO

Bo-ntate ba bangata ba ngongoreha ka hore na ba tla khona ho fa ba malapa a bona lijo le liaparo tse lekaneng. Hlokomela seo Mangolo a se buang. A re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo, ho ntse ho le joalo Ntat’a lona oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?”​—Matheu 6:​25, 26.

“Ithuteng ka likhahla tsa naha, kamoo li holang kateng . . . , empa ke re ho lona esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena. Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo . . . na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa?”​—Matheu 6:​28-30.

Haeba Molimo a ka khona ho re fa lijo le liaparo, ho hlakile hore a ka khona ho re thusa ho fumana lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi. Haeba re leka ho etsa lintho tseo a li ratang, a ka re hlohonolofatsa temong kapa a re thuse ho fumana mosebetsi o tla re thusa hore re reke lintho tseo re li hlokang.​—Matheu 6:​32, 33.

Kannete re na le mabaka a mangata a ho rata Jehova ha re sheba letsatsi, pula, linonyana le lipalesa. Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na ’Mopi oa rona o buile le batho joang.