MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) December 2016

Molula-Qhooa ona o na le lihlooho tse ithutoang tse tla sebelisoa ka la 30 January ho ea ho 26 February, 2017.

PALE EA BOPHELO

Ke Fetohile Lintho Tsohle ho Batho ba Mefuta Eohle

Likabelo tse ngata tseo Denton Hopkinson a ileng a li fuoa ka lilemo tse ngata li mo thusitse hore a bone kamoo Jehova a ratang batho ba mefuta eohle kateng.

Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo o oa re Lokolla

U tla rua molemo haeba u nahanisisa kamoo Jehova a re lokolotseng sebeng kateng.

‘Ho Beha Kelello Moeeng ho Bolela Bophelo le Khotso’

Baroma khaolo ea 8 e fana ka keletso e tla u thusa hore u o fumane moputso oo Jehova a o fang batho bohle.

Na U sa Hopola?

Na u ile oa bala limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Na u ka araba lipotso tse latelang?

Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova

Ka linako tse ling bahlanka ba Molimo baa tšoenyeha. Mehato e meng e ka u thusang hore u rue molemo khotsong ea Molimo.

Jehova o Putsa ba mo Batlang ka Tieo

Ho tseba hore Jehova o tla re putsa ho re thusa joang? O ile a putsa bahlanka ba nakong e fetileng joang ’me o etsa joalo joang mehleng ee?

Maikutlo a Bonolo​—Tsela e Bohlale

Ha ho bonolo ho khoba matšoafo ha batho ba u tšoara hampe, empa Bibele e re Bakreste ba lokela ho ba bonolo. U ka thusoa ke’ng hore u be le makhabane ao Molimo a a batlang?

Index ea Lihlooho Tsa Molula-Qhooa Tsa 2016

Lethathamo la lihlooho tse hlahang Molula-Qhooeng oa batho bohle le o ithutoang.