Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ho na le bopaki bofe ntle le bo ka Bibeleng bo pakang hore Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta?

Bibele e bontša hore ka mor’a hore Bamidiane ba ise Josefa Egepeta, Jakobo le lepala la hae ba ile ba tloha Kanana ba ea Egepeta. Ba ile ba lula sebakeng sa Goshene e pel’a moo Noka ea Nile e kopanang le leoatle. (Gen. 47:​1, 6) Baiseraele ba ile ba ’na ba e-ba bangata ’me ba ba matla haholo. Kahoo, Baegepeta ba ile ba tšaba Baiseraele eaba ba ba etsa makhoba.​—Ex. 1:​7-14.

Bahanyetsi ba bang ba Bibele ba mehleng ena ba belaella tlaleho ena ea Bibele, ba re ke pale e feteletsoang ha e phetoa. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo totobetseng ba hore batho ba Asia e ka boroa bophirimela * e ne e le makhoba Egepeta.

Ka mohlala, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa ea marako a boholo-holo Egepeta leboea. Moprofesa e mong ea bitsoang John Bimson o re ho na le bopaki ba hore ho na le marako a ka bang 20 kapa ho feta a batho ba tsoang Asia e ka boroa bophirimela Egepeta leboea. Ho ekeletsa moo, James K. Hoffmeier ea tsebang haholo ka lintho tsa khale tsa Egepeta o re: “Hoo e ka bang ka selemo sa 1800 ho ea ho sa 1540, Egepeta e ne e le sebaka se bohehang ho batho bana ba lulang Asia e ka boroa bophirimela hoo ba neng ba batla ho fallela teng. Nako ena e tšoana hantle le ea bapatriareka ’me e boetse e lumellana hantle le liketsahalo tseo re balang ka tsona ho Genese.”

Ho na le bopaki bo bong hape boo re bo fumanang bo hlahang ka boroa ho Egepeta. Leqephe le entsoeng ka loli le ngotsoeng hoo e ka bang ka selemo sa 2000 ho ea ho sa 1600 pele ho mehla e tloaelehileng, le na le mabitso a batho ba neng ba sebetsa e le makhoba malapeng a Baegepeta a neng a lula ka boroa. Mabitso a ka holimo ho a 40 a hlahang moo ke a batho ba tsoang ka boroa bophirimela ho Asia. Makhoba ana, e ne e le baapehi, ba lohang le bahlanka. Hoffmeier o re: “Kaha ntlong e le ’ngoe ho ne ho sebetsa basebetsi ba ka holimo ho 40 ba tsoang ka boroa bophirimela ho Asia, ho ka etsahala hore ebe batho bao ba ne ba le bangata, haholo-holo moo noka ea Nile e kopanang le leoatle teng.”

Moepolli e mong oa lintho tsa khale e leng David Rohl o bontša hore ha u ntse u bala ka mabitso ao, u tla utloa eka ke mabitso a batho ba hlahang ka Bibeleng. Ka mohlala, likhetšoana tsa maqephe ao li na le mabitso a batho ba hlahang ka Bibeleng a kang a Isakare, Ashere le Shifra. (Ex. 1:​3, 4, 15) Rohl o qetella ka ho re: “Bona ke bopaki bo totobetseng bo bontšang hore Baiseraele e kile ea e-ba makhoba Egepeta.”

Moprofosa Bimson o re: “Litlaleho tsa Bibele tse buang ka bokhoba ba Baegepeta le ka ho falla ha Baiseraele ke bopaki bo totobetseng ba Histori.”

^ ser. 4 Batho bao ba tsoa ho Sema e leng e mong oa bara ba bararo ba Noe. Ho ka etsahala hore ebe litloholo tsa Sema li ne li akareletsa Baelame, Baassyria, Bakalde ba boholo-holo, Baheberu, Basyria le meloko e fapa-fapaneng ea Maarame.