Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HOLISA BANA

Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa

Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa

BOTHATA

  • Mora oa hao ea lilemo li 10 oa ikhohomosa

  • O batla hore motho e mong le e mong a mo thothomelle.

Mohlomong u ee u ipotse hore na ho senyehile hokae. U ipotsa tjena hobane u rata ha a ikutloa e le motho oa bohlokoa empa a sa ikhohomose.

Na motsoali a ka ruta ngoana ho ikokobetsa empa le teng a sa etse hore a ikhalale?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Morao tjena batsoali ba khothalletsoa ho lula ba babatsa bana leha ho se na letho le letle leo ba le entseng. Lebaka ke hore ho ne ho lumeloa hore ho etsa joalo ho tla thusa bana ho hola ba sa ikhalale. Empa na mokhoa oo o thusa bana? Buka e bitsoang Generation Me e re: “Tsela ena ea ho holisa bana e kotsi hobane e etsa hore ba ikhohomose.”

Bana ba holisitsoeng tjena ba lebella hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang e atlehe ebile ba nahana hore ba ke ke ba etsa liphoso. Ha ba se ba le baholo, ha ba khone ho ba le metsoalle ea sebele hobane ba rata ha lintho tse ntle li etsetsoa bona feela. Hangata, ba ba le khatello ea maikutlo ha ba hlaheloa ke lintho tsena.

Bana ba ikutloa ba le bohlokoa ha ba babatsoa ka lebaka la lintho tse ntle tseo ba li entseng, eseng ha ba sa etsa letho. Ba lokela ho ithuta ho etsa lintho tseo ba tla babatsoa ha ba se ba li entse. (Liproverbia 22:29) Ba boetse ba lokela ho ithuta ho nahana hore na batho ba bang ba ikutloa joang. (1 Bakorinthe 10:24) Motho a ka ithuta lintho tsena hafeela a ikokobelitse.

SEO U KA SE ETSANG

Babatsa ngoana hafeela a entse hantle. Mo babatse ha a pasitse empa u se ke oa potlakela ho beha tichere molato ha ngoana a sa pasa. Haeba u beha tichere molato, ngoana a ke ke a ithuta ho amohela hore o entse phoso. Boemong bona, u ka mo thusa ho bona hore na a ka lokisa hokae. U hopole hore u se ke oa etsa phoso ea ho mo babatsa a e-s’o etse letho le letle.

Mo khalemele ha a entse phoso. Ha se hore u lokela ho lula u mo tšoaea-tšoaea liphoso. (Bakolose 3:21) Empa ho na le lintho tse seng hantle tseo a ka li etsang tseo u sa lokelang ho iphapanyetsa tsona. Ho seng joalo, a ka tloaela ho li etsa.

Mohlala oa lintho tseo u sa lokelang ho iphapanyetsa tsona e ka ba ha ngoana oa hao a rata ho ipolelisa. Ha u sa mo khalemele, a ka hloka metsoalle ea sebele. Mo hlalosetse hore haeba a rata ho ipolelisa, oa itlotlolla. (Liproverbia 27:2) U mo thuse ho utloisisa hore motho ea ikokobelitseng ha a ipolelise. Ha u mo hlalosetsa litaba tsena ka mosa, o tla ithuta ho ikokobetsa empa a sa ikhalale.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 23:12.

Mo rute ho rarolla mathata. Haeba u tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ngoana oa hao a e batlang, a ka nahana hore oa mo kolota ha u sa e etse. Mohlala, u ka hlalosetsa ngoana hore na ke hobane’ng ha u sa mo rekele ntho eo a e kopang. Haeba u se u sa khone ho mo etsetsa ntho eo u neng u mo tšepisitse eona, mo thuse ho utloisisa hore ka linako tse ling bophelong ho etsahala lintho tse joalo. U ka boela oa mo phetela hore na ha li u etsahalla u itšelisa ka ho etsa’ng. U se ke oa mo bokotsa, empa u mo tlohelle hore a ithute ho rarolla mathata a hae.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 29:21.

Mo rute ho fana. Mo thuse ho utloisisa hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) U ka buisana le eena ka hore na o bona eka ke bo-mang ba hlokang thuso ea lona, ebe u tsamaea le eena ha u il’o ba thusa. Ha u ba thusa u thabile, ngoana oa hao o tla hlokomela hore ho fana ke ntho e monate, a be a ithute ho ikokobetsa.—Molao-motheo oa Bibele: Luka 6:38.