Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA

Ruta Bana ba Hao ka Thobalano

Ruta Bana ba Hao ka Thobalano

BOTHATA

Lilemong tse mashome tse fetileng, batsoali e ne e e-ba bona batho ba pele ba buisanang le bana ka thobalano. Ba ne ba e-na le monyetla oa ho hlalosa lintho butle-butle ho latela kutloisiso le lilemo tsa ngoana.

Mehleng ena lintho li fetohile. Buka e ’ngoe e re: “Mehleng ena bana ba fumana melaetsa e buang ka thobalano ba sa le banyenyane ’me mecha ea litaba e bontšang bana thobalano e se e le mengata.” Na taba ee e tsoetse bana molemo kapa e ba baketse mathata le ho feta?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Litaba tse buang ka thobalano li hohle. Deborah Roffman e leng mongoli oa buka e buang ka litaba tsa bana o ile a re: “Mecha ea litaba, lipapatso, lipale, libuka, lipina, mananeo a thelevishene, melaetsa e ngoloang, lipapali, lifouno le lik’homphieutha, kaofela li tletse litšoantšo tsa thobalano. Ka tsela e poteletseng, sena se etsa hore bacha ba nahane eka thobalano ke ntho ea bohlokoa haholo bophelong.”

Lipapatso. Babapatsi le bo-rakhoebo ba khothalletsa bana hore ba reke liaparo tse pepesang ’mele ea bona ’me sena se etsa hore ba amehe haholo ka tsela eo ba shebahalang ka eona. Buka e ’ngoe e buang kamoo batsoali ba ka sireletsang bana ba bona e re: “Bo-rakhoebo baa tseba hore bana ba rata ho amoheloa le ho tšoana le metsoalle ea bona, kahoo ba sebelisa seo hampe. Lipapatso ha lia rereloa ho susumetsa bana hore ba etse thobalano, empa hore ba reke lintho tse bapatsoang.”

Ho hloka tsebo. Ho na le phapang pakeng tsa ho tseba ho khanna, le ho khanna ka tsela e bolokehileng. Kahoo ho boetse ho na le phapang pakeng tsa ho tseba ka thobalano le ho sebelisa tsebo eo ho u sireletsa.

Ntlha ea bohlokoa: Mehleng ena ke habohlokoa hore u thuse bana ba hao hore ba koetlise “matla a bona a ho lemoha” e le hore ba ka khona ho “khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”Baheberu 5:14.

SEO U KA SE ETSANG

Phetha boikarabelo ba hao. Ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae, ho buisana le bana ba hao ka thobalano ke boikarabelo ba hao ’me u lokela ho bo phetha.Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 22:6.

Buisanang khafetsa. Ho e-na le ho lula fatše le ho bua ka thobalano ka tsela e ka ’nang ea tšosa ngoana, sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho buisana le ngoana oa hao. Mohlomong le ka buisana ha le ntse le tsamaea kapa le iketsetsa mesebetsi e tloaelehileng ea lelapa. Botsa ngoana oa hao lipotso tse tla etsa hore a nolofalloe ho ntša maikutlo. Ho etsa mohlala, ho e-na le hore u botse ngoana oa hao hore na o thabela lipapatso tse tsosang takatso, u ka ’na ua re: “U nahana hore ke hobane’ng ha babapatsi ba sebelisa litšoantšo tse tsosang takatso ho bapatsa lintho tsa bona?” Ha ngoana oa hao a qeta ho araba, u ka ’na ua re “Uena u ikutloa joang ka taba eo?”Molao-motheo oa Bibele: Deuteronoma 6:6, 7.

Sheba lilemo tsa ngoana. Bana ba e-s’o ee sekolong ba ka rutoa mabitso a litho tsa bona tsa ’mele hammoho le hore na ba ka itšireletsa joang ha batho ba ba hlekefetsa. Ha bana ba ntse ba hōla, ba ka rutoa hore na ho tlile joang hore ba be teng. Ha ba fihla lilemo tsa bocha ba tla be ba se ba tseba lintlha tsa bohlokoa mabapi le thobalano.

Ruta bana mekhoa e metle. U lokela ho ruta bana ba hao ba sa le banyenyane ka boitšoaro, ho tšepahala le ho itlhompha. Joale ha nako ea hore le buisane ka thobalano e fihla, u tla nolofalloa ho ba ruta hobane u tla be u se u ba rutile lintho tsa bohlokoa. Ba bolelle maikutlo a hao. Ho etsa mohlala, haeba u lumela hore thobalano pele ho lenyalo ke sebe, ba bolelle ’me u be u ba hlokomelise le hore na ke hobane’ng ha ho fosahetse ho bile ho le kotsi. Buka e ’ngoe e buang ka bohlokoa ba ho buisana le bana e re: “Bacha ba tsebang hore batsoali ba bona ha ba lumellane le thobalano pele ho lenyalo hangata ha ba etse thobalano haholo ha ba bapisoa le ba sa tsebeng.”

E-ba mohlala. Phelela seo u se rutang. Ho etsa mohlala, na u ua tšeha ha u utloa mesoaso e litšila? Na u apara liaparo tse pepesang ’mele? Na u bapala ka maikutlo a lerato a ba bang? Haeba u etsa lintho tsena, sena se ka ’na sa etsa hore bana ba hao ba se ke ba mamela melao ea boitšoaro eo u lekang ho ba ruta eona.Molao-motheo oa Bibele: Baroma 2:21.

Bua hantle ka thobalano. Thobalano ke mpho eo Molimo a e fileng batho ba lenyalong ’me e thabisa haholo. (Liproverbia 5:18, 19) Bolella ngoana oa hao hore ka nako e loketseng le eena o tla ba le monyetla oa ho thabela mpho ena, a sa tšohe letho ’me a sa fumane litla-morao tse tlisoang ke ho e etsa pele ho lenyalo.1 Timothea 1:18, 19.