Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phutuho e Hlophisitsoeng Hantle e Beha Litholoana

Phutuho e Hlophisitsoeng Hantle e Beha Litholoana

María Isabel ke mohoeletsi e monyenyane ea chesehang ea lulang motseng o moholo oa San Bernardo e Amerika Boroa naheng ea Chile. Eena le ba lelapa labo ke ba morabe oa Mapuche, e leng matsoalloa a sebakeng seo. Lelapa lohle le ’nile la tšehetsa ka matla boiteko ba ho theha phutheho e ncha ea puo ea Mapuche, eo hape e bitsoang Mapudungun.

Ha ho ne ho etsoa tsebiso ea hore Sehopotso sa lefu la Kreste se tla tšoaroa ka puo ea Mapudungun le hore ho tla tsamaisoa limemo tsa Sehopotso tse 2 000 tse hatisitsoeng ka puo eo, sena se ile sa etsa hore María Isabel a nahane ka hore na a ka etsa’ng. O ne a ka etsa’ng e le hore a kenye letsoho? O ile a hopola liphihlelo tsa bacha ba bang ba Lipaki ba ileng ba atleha ho pakela bana bao ba kenang sekolo le bona hammoho le matichere. María Isabel o ile a buisana le batsoali ba hae ka taba ena ’me ba ile ba lumellana ka hore a nahane hore na a ka tsamaisa limemo tseo joang sekolong. O ile a tla ka leano lefe?

María Isabel o ile a qala ka ho kōpa baokameli ba sekolo hore a manehe memo hekeng e khōlō ea sekolo. Ba ile ba mo lumella ba ba ba mo babatsa ka boiteko ba hae. Ka letsatsi le leng ha bana ba sekolo ba phuthehile hoseng, mookameli oa sekolo o ile a ba a ba tsebisa ka memo eo a sebelisa sebuela hōle!

Ka mor’a moo, María Isabel o ile a kōpa ho etela litlelase kaofela. Ha matichere a se a mo lumelletse, o ile a botsa barutoana tlelaseng e ’ngoe le e ’ngoe hore na ho na le bao e leng Mapuche. O re, “Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le barutoana ba ka bang 10 kapa 15 ba tsoang malapeng a Mapuche sekolong kaofela, empa ba ne ba le bangata hoo ke ileng ka aba limemo tse 150!”

“O NE A LEBELLETSE HO BONA MOTHO E MOHOLO”

’Mè e mong ea ileng a bona boto e manehiloeng memo ea sehopotso hekeng e khōlō ea sekolo, o ile a botsa hore na o lokela ho buisana le mang mabapi le ketsahalo eo. Ak’u nahane feela hore na o ile a makala hakaakang ha a supisoa ngoanana ea lilemo li leshome! María Isabel o ile a bososela ’me a re, “O ne a lebelletse ho bona motho e moholo”. Ka mor’a hore María Isabel a fe ’mè eo memo le hore a mo hlalosetse ka bokhutšoanyane seo e neng e bua ka sona, o ile a mo kōpa hore a mo fe aterese ea hae e le hore a tle a mo etele le batsoali ba hae ho tla mo hlalosetsa ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo. Bahoeletsi ba 20 ba sebetsang tšimong eo ho buuoang puo ea Mapudungun ho eona, ba ile ba thaba haholo ha ba bona ’mè eo le batho ba bang ba thahasellang ba 26 ba Mapuche ba le teng Sehopotsong. Hona joale sehlopha seo ke phutheho e hōlang haholo!

Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, le uena u ka etsa boiteko bo tšoanang le ba ngoanana eo ka hore u memele bana bao u kenang sekolo le bona kapa basebetsi-’moho le uena Sehopotsong, puong ea phatlalatsa kapa kopanong ea setereke. E ka ba hantle hore u etse lipatlisiso ka har’a lingoliloeng tsa rōna e le hore u fumane liphihlelo tse tla u fa malebela a hore u atlehe ho etsa mosebetsi oo. Hape, rapella moea o halalelang oa Jehova hore o u fe sebete sa hore u bue ka eena. (Luka 11:13) Ha u etsa joalo, le uena u ka ’na ua makala haholo ua ba ua tsoha molota ha u bona kamoo boiteko ba hao bo putsang kateng.