Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Ho Lokisa Mathata

Ho Lokisa Mathata

Monna o re: “Ha ke qeta ho nyala Sarah, * re ne re lula heso le batsoali ba ka. Eaba ka letsatsi le leng kharebe ea moena oa ka e kōpa hore ke e ise lapeng ka koloi ea rōna. Ke ile ka lumela, eaba ke tsamaea le mora oa ka e monyenyane. Empa ha ke khutlela hae, Sarah o ne a halefile haholo. Re ile ra qala ho phehisana, ’me moo litho tsa lelapa leso li ntseng li mametse o ile a re ke rata basali. Ke ile ka fela pelo ’me ka bua lintho tse ileng tsa mo halefisa le ho feta.”

Mosali o re: “Mora oa rōna o kula haholo, ’me nakong eo re ne re e-na le mathata a lichelete. Kahoo ha Fernando a felehetsa kharebe ea moena oa hae ka koloi le mora oa rōna, ke ile ka khopisoa ke lintho tse ’maloa. Ha a fihla hae, ke ile ka mo bolella litaba tsa hae. Re ile ra phehisana ka matla ’me ra fetšeolana. Ka mor’a moo ke ile ka sulafalloa.”

HAEBA banyalani ba phehisana, na see se bolela hore ha ba sa ratana? Che! Fernando le Sarah, bao ho sa tsoa buuoa ka bona, ba ratana haholo. Empa, esita le banyalani ba thabileng ka ho fetisisa ba tla ba le likhohlano ka linako tse ling.

Ke hobane’ng ha ho hlaha likhohlano, hona u ka etsa’ng hore li se ke tsa senya lenyalo la hao? Kaha lenyalo le entsoe ke Molimo, hoa utloahala ho hlahloba seo Lentsoe la hae, Bibele le se buang ka taba ena.—Genese 2:21, 22; 2 Timothea 3:16, 17.

Ho Utloisisa Mathata

Banyalani ba bangata ba batla ho tšoarana ka lerato le ka mosa. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Ka hona ha ho hlaha liphapang, ho ka ’na ha e-ba thata ho theola maikutlo. ’Me ha batho ba bang ba qala ho phehisana, ho ka ’na ha e-ba thata ho hanela mekhoa e mebe, e kang ho tleroha le ho fetšeolana. (Baroma 7:21; Baefese 4:31) Ke lintho life tse ling tse ka bakang khohlano?

Hangata monna le mosali ba itlhalosa ka tsela e sa tšoaneng. Michiko o re: “Ha re qeta ho nyalana, ke ile ka hlokomela hore re bua litaba ka mekhoa e sa tšoaneng. Ke rata ho bua ka lintho tse etsahetseng le lebaka leo li etsahetseng ka lona le kamoo li etsahetseng kateng. Monna oa ka eena o bonahala a thahasella feela se etsahetseng qetellong.”

Michiko hase eena feela ea nang le bothata bona. Manyalong a mangata, molekane e mong a ka rata ho ea lolololo ha ho e-na le khohlano, athe e mong eena ha a rate likhang ’me o batla ho qoba ho bua ka taba eo. Ka linako tse ling, ha molekane e mong a ntse a latella taba, e mong o leka ho iphapanyetsa eona. Na see sea etsahala lenyalong la hao? Na kamehla e mong oa lōna o latella taba, ha e mong a leka ho iphapanyetsa eona?

Ntlha e ’ngoe e lokelang ho hopoloa ke hore lelapa leo motho a hōletseng ho lona le ka ’na la susumetsa tsela eo a nahanang hore banyalani   ba lokela ho buisana ka eona. Justin, ea nang le lilemo tse hlano a nyetse o re: “Lelapa leso ke la batho ba sa bueng haholo ’me ba thatafalloa ke ho ntša maikutlo a bona. Sena se tena mosali oa ka. Lelapa labo ke la batho ba buang ka bolokolohi, ’me ha a na bothata ba ho ntša maikutlo a hae.”

Lebaka la ho Rarolla Mathata Hammoho

Bafuputsi ba hlokometse hore ntho e bontšang hantle hore na banyalani ba tla thaba kapa che hase makhetlo ao ba bolellanang ka ’ona hore baa ratana. Ho thabela ho kopanela liphate le ho ba le chelete le tsona hase lintho tsa bohlokoa. Ho e-na le hoo, ntho e bontšang hantle hore na banyalani ba thabile kapa che ke hore na monna le mosali ba atleha ho rarolla likhohlano tse hlahang.

Ho phaella moo, Jesu o ile a re ha batho ba nyalana, ha ba kopanngoe ke motho empa ba kopanngoa ke Molimo. (Matheu 19:4-6) Ka lebaka leo, lenyalo le letle le tlotlisa Molimo. Ka lehlakoreng le leng, haeba monna a hlōleha ho rata mosali oa hae le ho mo hlokomela, Jehova Molimo a ka ’na a se ke a mamela lithapelo tsa hae. (1 Petrose 3:7) Haeba mosali a sa hlomphe monna oa hae, ha e le hantle ha a hlomphe Jehova, e leng eena ea khethileng monna hore e be hlooho ea lelapa.—1 Bakorinthe 11:3.

Se Tla Etsa Hore le Atlehe—Qobang ho Utloisana Bohloko ha le Buisana

Ho sa tsotellehe mokhoa oo le itlhalosang ka oona kapa malapa ao le hōletseng ho ’ona, haeba le batla ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me le rarolle likhohlano ka katleho, le lokela ho qoba ho utloisana bohloko ha le buisana. Ipotse lipotso tse latelang:

‘Na ke loantša maikutlo a ho iphetetsa?’

Maele a bohlale a re: “Ho pepeta nko ke hona ho hlahisang mali, ’me ho pepeta bohale ke hona ho hlahisang ho qabana.” (Liproverbia 30:33) Seo se bolela’ng? Nahana ka mohlala ona. Banyalani ba ka ’na ba qala ba sa lumellane ka tsela ea ho sebelisa lichelete tsa lelapa hantle (ka mohlala e mong a ka ’na a re, “re lokela ho fokotsa likoloto”) eaba ba qetella ba se ba hlabana ka mantsoe (a kang, “ha u tsebe ho sebelisa chelete”). Ke ’nete hore haeba molekane oa hao a ‘pepeta nko ea hao’ ka ho u hlasela ka mantsoe, u ka ’na ua batla ho iphetetsa ka ho ‘pepeta nko ea hae.’ Leha ho le joalo, ho iphetetsa hoa halefisa ’me ho mpefatsa boemo.

Mongoli e mong oa Bibele ea bitsoang Jakobo o itse: “Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo! Ha e le hantle, leleme ke mollo.” (Jakobo 3:5, 6) Ha banyalani ba sitoa ho laola maleme a bona, liphapang tse nyenyane li ka fetoha liqabang tse khōlō. Manyalong ao ho ’ona banyalani ba halefelanang ka tsela eo, lerato le ke ke la hōla.

Ho e-na le ho iphetetsa, ho molemo ho etsisa Jesu, eo ha a ne a hlapaoloa ‘a sa kang a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.’ (1 Petrose 2:23) Tsela e potlakileng ea ho kokobetsa bohale ke ho lumela hore seo molekane oa hao a se buang sea utloahala le ho ikōpela tšoarelo moo e ka ’nang eaba u entse phoso.

LEKA HO ETSA TJENA: Nakong e tlang ha le phehisana, ipotse: ‘Ke tla jeoa ke eng ha nka lumela hore seo molekane oa ka a khathatsehileng ka sona sea utloahala? Ke bakile bothata boo ka ho etsa eng? Ke eng e ntšitisang ho kōpa tšoarelo?’

‘Na ke nka maikutlo a molekane oa ka hasesaane kapa ha ke a nkele hloohong?’

Lentsoe la Molimo le re: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko.” (1 Petrose 3:8) Nahana ka mabaka a mabeli a ka etsang hore u hlōlehe ho sebelisa keletso ena. Le leng ke hore ha u tsebe seo molekane oa hao a se nahanang kapa hore na o ikutloa joang. Ka mohlala, haeba molekane oa hao a tšoenyehile ho u feta ka taba e itseng, u ka ’na ua lekeha ho re, “U phahamisitse maikutlo ntle ho mabaka.” Mohlomong u bua ka morero oa ho thusa molekane oa hao hore a bone bothata boo ka kelello e hlaphohileng. Empa, batho ba  bangata ha ba thabele ho bolelloa seo. Banna le basali ba batla ho tseba hore baratuoa ba bona baa ba utloisisa ebile ba ba utloela bohloko.

Boikhohomoso le bona bo ka ’na ba etsa hore motho a nyenyefatse maikutlo a molekane oa hae. Motho ea ikhohomosang o leka ho iphahamisetsa ba bang ka ho ba nyelisa. A ka ’na a etsa seo ka ho ba fetšeola kapa ka ho ba khesa ha a ba bapisa le ba bang. Nahana ka mohlala oa Bafarisi le bangoli ba mehleng ea Jesu. Ha mang kapa mang—leha e ka ba Mofarisi oa habo bona—a ne a fapana le baikhohomosi bana ka maikutlo, ba ne ba mo fetšeola kapa ba mo nyefola. (Johanne 7:45-52) Jesu o ne a se joalo. O ne a utloela batho bohloko ha ba mo tšollela maikutlo.—Matheu 20:29-34; Mareka 5:25-34.

Ak’u nahane hore na u etsa joang ha molekane oa hao a u bolella lintho tse mo tšoenyang. Na mantsoe a hao, molumo oa lentsoe, le sefahleho sa hao li bontša kutloelo-bohloko? Kapa u potlakela ho se nkele maikutlo a molekane oa hao hloohong?

LEKA HO ETSA TJENA: Libekeng tse tlang, ela hloko hore na u bua le molekane oa hao joang. Ha u phubula molekane oa hao ha a bua kapa u bua ntho e mo nyelisang, ikōpele tšoarelo hona hoo.

‘Na hangata ke nka hore molekane oa ka o ichebile boeena?’

“Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo? Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona?” (Jobo 1:9, 10) Satane o ile a rialo a bontša hore o belaella lebaka la hore Jobo ea tšepahalang a sebeletse Molimo.

Haeba banyalani ba sa hlokomele, ba ka ’na ba etsa se tšoanang. Ka mohlala, haeba molekane oa hao a u etsetsa ntho e ntle, na ua ipotsa hore o bilietsa’ng kapa o pata’ng? Haeba molekane oa hao a u fosetsa, na u nka seo e le bopaki ba hore o ichebile boeena ebile ha a u tsotelle? Na u potlakela ho akarelletsa phoso ee har’a liphoso tse tšoanang le eona tseo a ’nileng a li etsa nakong e fetileng?

LEKA HO ETSA TJENA: Ngola lintho tse ntle tseo molekane oa hao a u etselitseng tsona le mabaka a matle ao e ka ’nang eaba o li entse ka ’ona.

Moapostola Pauluse o ile a re: “Lerato . . . ha le boloke tlaleho ea bobe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Lerato la ’nete ha le iphoufaletse liphoso. Ebile ha le boloke tlaleho ea liphoso. Pauluse o ile a boela a re lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Lerato la mofuta ona ha le etse hore motho a lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe ntle ho mabaka, empa le ikemiselitse ho tšepa motho e mong. Ha le belaelle motho e mong. Bibele e re khothalletsa hore re be le lerato le ikemiselitseng ho tšoarela le ho nka hore batho ba bang ba etsa lintho ka morero o motle. (Pesaleme ea 86:5; Baefese 4:32) Ha banyalani ba ratana ka tsela ena, ba tla thaba lenyalong la bona.

IPOTSE . . . 

  • Banyalani ba boletsoeng qalong ea sehlooho see ba entse liphoso life?

  • Nka qoba ho etsa liphoso tse tšoanang le tsee joang lenyalong la ka?

  • Ke lokela ho ntlafatsa haholo-holo lintlheng life tse boletsoeng sehloohong see?

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.