Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lentsoe e ne e le “molimo” ka Kutloisiso Efe?

Lentsoe e ne e le “molimo” ka Kutloisiso Efe?

BAFETOLELI ba Bibele ba lokela ho ipotsa potso eo ha ba fetolela temana ea pele ea Kosepele ea Johanne. Phetolelong ea Lefatše le Lecha, temana ena e fetoletsoe tjena: “Tšimolohong Lentsoe o ne a le teng, ’me Lentsoe o ne a e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le molimo.” (Johanne 1:1) Liphetolelo tse ling li fetolela karolo e qetellang ea temana ena ka tsela e fanang ka maikutlo a hore Lentsoe o ne a e-na le “bomolimo” kapa ntho e ’ngoe e tšoanang le eo. (A New Translation of the Bible, ea James Moffatt; The New English Bible) Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata li fetolela karolo e qetellang ea Johanne 1:1 ka tsela ena: “’Me Lentsoe e ne e le Molimo.”—Bibele ea Sesotho; Bibele—Phetolelo e Ncha.

Sebōpeho-puo sa Segerike le moelelo oa taba li bontša ka ho hlaka hore tsela eo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetoletsoeng ka eona e nepahetse le hore “Lentsoe” ha aa lokela ho nkoa e le “Molimo” ea Matla ’Ohle eo ho buuoeng ka eena pejana temaneng ena. Leha ho le joalo, kaha Segerike sa lekholong la pele la lilemo se ne se sa sebelise lihlakisi tse bontšang ha ho buuoa ka ho toba ka ntho e itseng kapa ka motho, sena se etsa hore batho ba be le maikutlo a fapaneng ka temana ena. Ke ka lebaka leo ho thahasellisang ho  hlahloba Bibele e fetoletsoeng ka puo e neng e sebelisoa makholong a qalang a lilemo a Mehla ea rōna e Tloaelehileng.

Puo ena ke Sesahidi se tsoetseng puo ea Secopt. Secopt se ne se buuoa Egepeta lilemo tse makholo hoba Jesu a phethe tšebeletso ea hae lefatšeng ’me Sesahidi ke puo e neng e sebelisoa pele ho moo ha ho ngoloa. The Anchor Bible Dictionary e bua tjena mabapi le Libibele tsa khale tse fetoletsoeng ka Secopt: “Kaha [Septuagint] le [Mangolo a Segerike a Bakreste] a ne a fetoleloa ka Secopt lilemong tsa bo-200 C.E., phetolelo ea Secopt e thehiloe [libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike] tseo e batlang e le tsa khale ho feta bongata ba tse ntseng li le teng.”

Ho na le mabaka a mabeli a etsang hore phetolelo ea Secopt se tsoang ho Sesahidi e be e thahasellisang. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, la pele ke hore e bontša kamoo Bakreste ba neng ba utloisisa Mangolo kateng pele ho lilemo tsa bo-300, e leng nako eo ka eona thuto ea Boraro-bo-bong e ileng ea qala ho rutoa ka molao. La bobeli ke hore melao ea puo ea Secopt e batlile e tšoana le ea Senyesemane tabeng e ’ngoe ea bohlokoa. Liphetolelo tsa khale tsa Mangolo a Segerike a Bakreste e ne e le tsa Sesyria, Selatine le Secopt. Puo ea Sesyria le ea Selatine e tšoana le ea Segerike sa mehleng eo, hobane ha e na lihlakisi. Leha ho le joalo, Secopt se na le tsona. Ho feta moo, Moprofesa Thomas O. Lambdin, bukeng ea hae ea Introduction to Sahidic Coptic, o re: “Tsela eo ka eona Secopt se sebelisang lihlakisi tse bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba le ha ho sa buuoe ka eona ka ho toba, e tšoana le eo Senyesemane se sebelisang lihlakisi tseo ka eona.”

Ka lebaka leo, phetolelo ea Secopt e fana ka boitsebiso bo thahasellisang ba kamoo Johanne 1:1 e tlamehang ebe e ne e utloisisoa kateng nakong eo. Boitsebiso boo ke bofe? Karolong e qetellang ea Johanne 1:1, phetolelo ea Secopt se tsoang ho Sesahidi ha e sebelise sehlakisi se tobileng se bontšang hore ho buuoa ka Molimo eo ho builoeng ka eena pejana temaneng eo, empa e re, “Lentsoe e ne e le molimo.” Ho hlakile hore bafetoleli bao ba boholo-holo ba ile ba hlokomela hore mantsoe a Johanne a tlalehiloeng ho Johanne 1:1 a ne a sa bolele hore Jesu o lokela ho nkoa e le Molimo ea Matla ’Ohle. Lentsoe e ne e le “molimo,” eseng “Molimo” ea Matla ’Ohle.