Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Bibele e amahanya borapeli ba molimo oa bohata Baale le mekete e tletseng boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate?

Ha e le hantle molimo oa Bakanana, Baale, e ne e le molimo oa tsoalo. Barapeli ba Baale ba ne ba lumela hore ke eena ea ba hlahisetsang chai le mehlape. Kahoo, buka ea lipatlisiso ea Manners and Customs in the Bible, e re “liketso tsa ho kopanela liphate tse neng li etsoa libakeng tsa borapeli li ne li etsoa e le hore ho be le nala ka ho susumelletsa molimo oa sefefo Baale le molekane oa hae Ashera, hore ba kopanele liphate ho tle ho be le chai hammoho le mehlape e mengata.”

Bakanana ba ne ba lumela hore Baale o ne a ipata mpeng ea lefatše nakong ea komello ha a ne a hlōtsoe ke Mot, e leng molimo oa komello le lefu. Leha ho le joalo, ha pula e boela e na, ba ne ba lumela hore seo ke pontšo ea hore Baale o se a khutlile le hore ho tla ba le chai le mehlape e mengata. Bakanana ba ne ba keteka nako ena ea selemo ka ho etsa mekete e tletseng boitšoaro bo hlephileng. Sena ke sona se bontšang hore na ke hobane’ng ha nakong eo Baiseraele ba neng ba ikamahanya le Baale oa Peore ba ileng ba qala ho “kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe.”—Numere 25:1-3.

Jesu o ne a bolela’ng ha a re bangoli le Bafarisi ba tšoana le “mabitla a soeufalitsoeng”?

Jesu o ile a bolela hore bangoli le Bafarisi ke baikaketsi, a re ho bona: “Le tšoana le mabitla a soeufalitsoeng, ao ka sebele a bonahalang a le matle ka ntle empa ka hare a tletse masapo a batho ba shoeleng le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong.” (Matheu 23:27) E ne e le mokhoa oa Bajuda hore ha nako ea lipula e se e fetile ba lile majoe a mabitla ka kalaka e le hore a bonahale, sena se ne se etsoa ka la 15, khoeling ea Adar, e leng khoeli pele ho Paseka. Ha e le hantle pula e ne e tlosa bosoeu boo.

Ho latela buka ea The Jewish Encyclopedia, ho tšoaea mabitla ana ho ne ho etsoa ka morero oa ho sireletsa “baeti ba bangata ba fetang ka tsela nakong ea Paseka” e le hore ba se ke ba itšilafatsa. Molao o ho Numere 19:16 o ne o re motho ea tla tšoara setopo kapa lesapo la mofu kapa sebaka sa lepato e tla ba ea sa hloekang ka matsatsi a supileng. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho kopanela borapeling bo hloekileng haeba ba sa hloeka, ho seng joalo ba ne ba ka ahloleloa lefu. (Levitike 15:31) Jesu o ile a bua papiso ena ha ho setse matsatsi a seng makae pele ho Paseka, kahoo, e tlameha ebe taba ena e ne e ntse e le likelellong tsa bamameli ba hae kaha ba ne ba sa tsoa lila mabitla. Ntlha eo Jesu a neng a e hatisa ke hore baeta-pele ba bolumeli ba neng ba mo hanyetsa ba ne ba se joalokaha ba bonahala bathong ’me ha motho a tloaelane le bona o ne a tla silafala moeeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Sefika sa lejoe la mokoetla la Baale oa lehalima, sa lekholong la bo14/bo13 la lilemo B.C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris