Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Phahamisa Mora oa Hao”

“Phahamisa Mora oa Hao”

Atamela ho Molimo

“Phahamisa Mora oa Hao”

2 MARENA 4:8-37

HO SHOELOA ke ngoana ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tseo motho a ka hlaheloang ke tsona. Jehova Molimo o na le matla a ho tsosa bana ba shoeleng. Re kholisehile hore sena ke ’nete hobane o ile a fa banna ba ’maloa ba mehleng ea Bibele matla a hore ba tsose bafu. Ketsahalo e ’ngoe ea tsona e tlalehiloe ho 2 Marena 4:8-37 ha moprofeta Elisha a tsosa moshanyana.

Pale ena e etsahetse motseng oa Shuneme. Mosali ea se nang thari le monna oa hae ba bontša Elisha mosa ka hore nako le nako ba mo fe lijo esita le marobalo. Ka letsatsi le leng moprofeta eo ea tletseng kananelo o re ho mosali eo: “Selemong se tlang ka nako ena e behiloeng u tla be u kopile mora.” Qetellong ho etsahala ntho eo le ka mohla a neng a sa e nahane, o ba le mora joalokaha Elisha a boletse. Ka bomalimabe thabo ea hae e ba ea nakoana. Lilemong tse ’maloa feela hamorao moshanyana eo o tšoaroa ke hlooho e bohloko ha a le masimong ’me o isoa hae, moo a fihlang a shoela “mangoleng a [’m’ae].” (Temana ea 16, 19, 20) ’Mè eo ea shoeletsoeng o nka setopo sa ngoana o se beha hantle holim’a setulo se kang bethe seo hangata moprofeta a robalang ho sona.

Ka mor’a hore monna oa hae a lumele, kapele feela o nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 30 ho ea Thabeng ea Karmele ho ea kopana le Elisha. Ha a fihla ho Elisha ha a bokolle kapa hona ho lla kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka bontšang hore o utloile bohloko haholo. Na ebe ke hobane o ne a utloile hore Elia eo e neng e le moprofeta pele ho Elisha, o ile a tsosa mora oa mohlolohali e mong? (1 Marena 17:17-23) Na ebe ke hobane mosali eo oa Moshuneme o ne a lumela hore Elisha le eena o tla etsa se tšoanang ka mora oa hae? Ho sa tsotellehe hore na ke hobane’ng, taba ke hore o hana ho ea hae ho fihlela Elisha a lumela ho tsamaea le eena.

Ha Elisha a fihla Shuneme o kena a le mong ka kamoreng eo a neng a atisa ho robala ho eona ’me o bona setopo sa moshanyana “setulong sa hae se kang bethe.” (Temana ea 32) E tlameha ebe moprofeta eo o ile a rapela Jehova ka matla haholo. Joale ha Elisha a tšoara moshanyana eo, “butle-butle nama ea moshanyana eo ea futhumala.” Pelo ea hae eo e neng e se e sa otle e qalella ho otla hape! Elisha o bitsa ’mè oa hae ’me o mo bolella mantsoe a tlamehang a ile a etsa hore bohloko boo ’mè eo a bo utloileng bo fetohe thabo e khōlō, o re: “Phahamisa mora oa hao.”—Temana ea 34, 36.

Ketsahalo ena ea ho tsosoa ha mora oa mosali oa Moshuneme e etsa hore re be le tšepo re be re tšelisehe. Jehova o utloisisa mahlomola a batsoali ba shoeletsoeng ke bana. Ha ho pelaelo hore o labalabela ho ba tsosa. (Jobo 14:14, 15) Ketso ea ho tsosa bafu e entsoeng ke Elisha le ba bang ba hlahang ka Bibeleng ke mehlala e fokolang feela e bontšang seo Jehova a tla se etsa ka tsela e khōlō haholo lefatšeng le lecha la ho loka le tlang. *

Tšepiso ea Bibele ea hore bafu ba tla tsoha ha e felise bohloko bo bakoang ke ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Monna e mong oa Mokreste ea tšepahalang ea ileng a shoeloa ke ngoana oa hae ea mong feela, o ile a re: “Bohloko boo ke bo utloileng bo ke ke ba fela ho fihlela ke kopa mora oa ka hape.” Nahana feela ha u se u kopana le baratuoa ba hao ba shoeleng. Taba feela ea ho tseba hore u tla boela u ba kope ka matsoho hape e ka u thusa hore u khone ho jara bohloko boo u bo utloileng. Na ha u ikutloe u batla ho tseba ho eketsehileng ka Molimo eo ea re fang tšepo e babatsehang hakaale?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng bo mabapi le tšepiso ea Bibele ea tsoho ea bafu, sheba khaolo ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.