Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Bana ba E-ba Teng

Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Bana ba E-ba Teng

Charles: * “’Na le Mary re ne re thabile haholo ha moralinyana oa rōna a hlaha. Empa likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore a be teng, ke ne ke sa bo hlothe bosiu. Pele a hlaha re ne re ralile hantle hore na re tlil’o sebetsana le boemo joang, empa lintho tseo kaofela ha lia ka tsa sebetsa.”

Mary: “Ka mor’a hore re be le ngoana, ha kea ka ka hlola ke e-ba le bophelo boo ke reng ke ba ka. Kapele feela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e se e le mabapi le ho etsetsa ngoana tami e ’ngoe, ho mo chencha leleiri hape, kapa hona ho leka ho mo thōlisa. Eo e ne e le phetoho e khōlō. Ho ile ha feta likhoeli tse ngata pele lintho li boela malulong pakeng tsa ka le Charles.”

BA BANGATA ba tla lumela hore ho ba le bana ke e ’ngoe ea lintho tse thabisang ka ho fetisisa bophelong. Bibele e hlalosa bana e le “moputso” o tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 127:3) Hape batsoali ba bacha ba kang Charles le Mary baa tseba hore bana ba ka fetola bophelo ba lenyalo ka litsela tse neng li sa lebelloa. Ka mohlala, ’mè ea qetang ho ba le ngoana a ka ’na a ameha haholo ka leseanyana la hae ’me a ’na a hlolloa ha a bona kamoo a tlōlang kapele kateng hang ha lesea le tsetsela. Ntate eena a ka ’na a hlolloa ke tsela eo mosali oa hae le ngoana ba momahanang ka eona, empa hape a ka ’na a tšoenyeha ke taba ea ho se hlole a fuoa tlhokomelo joaloka pele.

Ha e le hantle, boteng ba ngoana oa pele bo ka butsoella mathata lenyalong. Khatello e bakoang ke ho ba motsoali e ka etsa hore ho se sireletsehe ha e mong maikutlong ho hlahelle, kapa ho kubolohe mathata a neng a e-s’o rarolloe, a be a shebahale eka a maholo.

Batsoali ba qalang ho ba le ngoana ba ka etsa joang likhoeling tse qalang tse maphathaphathe tseo ngoana oa bona a hlokang nako eohle ea bona? Banyalani ba ka etsa’ng hore kamano ea bona e matla e lule e le teng? Ba ka rarolla ho se utloane ha bona joang tabeng ea ho hlokomela ngoana? A re hlahlobeng bothata ka bong re be re bone hore na melao-motheo ea Bibele e ka thusa banyalani joang hore ba a rarolle.

BOTHATA BA 1: Ka tšohanyetso feela tlhokomelo eohle e se e leba ho ngoana.

Lesea le sa tsoa hlaha le ja nako eohle ea ’mè ’me nako e khōlō le e nyane o lula a nahanne ka lona. A ka ikutloa a khotsofetse haholo ha a hlokomela leseanyana la hae. Ka lehlakoreng le leng, monna oa hae eena a ka ’na a ikutloa a se a sa tsotelloe. Manuel ea lulang Brazil, o re: “Ntho e ileng ea nthatafalla haholo hore ke e amohele, ke ea ha ke bona mosali oa ka a se a nahana haholo ka ngoana ho feta ’na. Pele o ne a shebana le ’na feela, joale ha ngoana a se a le teng o se a shebana le eena feela.” U ka sebetsana le bothata boo joang?

Se ka u thusang: U se ke ua fela pelo.

Bibele e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” E boetse e re lerato “ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ha ngoana a hlaha, ntate le ’mè ba ka sebelisa keletso ee joang?

Ntate ea bohlale o bontša hore o rata mosali oa hae ka ho ithuta kamoo ho ba le ngoana ho amang ’mè kateng ’meleng le maikutlong. Seo se ka mo thusa hore a utloisise hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling mosali oa hae a ka feto-fetoha maikutlong ka tšohanyetso. * Ntate e mong oa Fora ea bitsoang Adam, ea nang le moralinyana ea likhoeli li 11, o re: “Ka linako tse ling ho ba thata hore ke utloisise tsela eo mosali oa ka a feto-fetohang ka eona maikutlong. Leha ho le joalo, ke leka ho lula ke hopola hore eena hase hore o ikemiselitse ho nkutloisa bohloko. Ho e-na le hoo, o mpa a etsoa ke boemo bo bocha boo a sa bo tloaelang.”

Na ka linako tse ling mosali oa hao o utloisisa hampe boiteko ba hao ba ho mo thusa? Haeba ho joalo, u se ke ua utloa bohloko kapele. (Moeklesia 7:9) Ho e-na le hoo, u be le mamello ’me u leke ho mo nahanela, ka tsela eo, u ke ke ua halefa.—Liproverbia 14:29.

Ka lehlakoreng le leng, mosali ea nang le temohisiso o tla leka ho khothatsa molekane oa hae ha a phetha boikarabelo ba hae bo bocha. O tla mo kenyelletsa mesebetsing ea ho hlokomela ngoana, a be le mamello ha a mo bontša hore na a chenche ngoana maleiri joang kapa a mo etsetse tami joang—le hoja qalong a ka ’na a se ke a etsa lintho tseo hantle.

’Mè ea lilemo li 26 ea bitsoang Ellen, o ile a lemoha hore o lokela ho etsa liphetoho tse itseng tseleng eo a tšoarang monna oa hae ka eona. O re: “Ke ile ka tlameha ho ithuta hore ke se ke ka etsa eka ngoana ke oa ka ke le mong. Hape ke ile ka lokela ho lula ke ikhopotsa hore ke se ke ka tšoaea-tšoaea monna oa ka liphoso ha a leka ho sebelisa litlhahiso tseo ke mo fileng tsona tsa ho hlokomela ngoana.”

LEKA HO ETSA TJENA: Bo-’mè, haeba balekane ba lōna ba hlokomela bana ka tsela e fapaneng le ea lōna, lekang ho ithiba hore le se ke la ba tšoaea phoso kapa la pheta mosebetsi oo ba o entseng. Haeba le ba babatsa ka seo ba se etsang hantle, le tla etsa hore ba itšepe ebile ba tla susumelletseha hore ba le fe tšehetso eo le e hlokang. Bo-ntate, fokotsang lintho tseo le li etsang tseo e seng tsa bohlokoa haholo e le hore le be le nako e ngata ka hohle kamoo le ka khonang hore le thuse basali ba lōna, haholo-holo likhoeling tse qalang ha ngoana a qeta ho hlaha.

BOTHATA BA 2: Kamano ea lōna e qala ho fokola.

Batsoali ba bangata ba qetang ho ba le ngoana ba sitoa ho lula ba atamelane ka lebaka la mokhathala o bakoang ke ho se robale hantle le mathata a ngoana a itlhahelang feela ka tšohanyetso. ’Mè e mong oa Mofora ea bitsoang Vivianne, ea nang le bana ba babeli ba banyenyane, o re: “Qalong, ke ne ke amehile haholo ka ho phetha boikarabelo ba ka ke le ’mè hoo ke ileng ka batla ke lebala hore ke ntse ke le mosali oa motho.”

Ka lehlakoreng le leng, monna a ka ’na a se ke a lemoha hore mosali oa hae o ile a ameha ’meleng le maikutlong nakong eo a neng a imme. Lesea le ka ’na la nka nako e ngata le ho le qeta matla ao le neng le e-na le ’ona a hore le tšehetsane maikutlong le tabeng ea ho kopanela liphate. Ka hona, batsoali ba ka etsa’ng ho tiisa hore ha ba aroloe ke lesea la bona le ratehang, le hlokang thuso?

Se ka u thusang: Lulang le bolellana hore lea ratana.

Bibele ha e hlalosa lenyalo e re: ‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.’ * (Genese 2:24) Morero oa Jehova Molimo ke hore qetellong bana ba siee batsoali ba bona. Athe ka lehlakoreng le leng, Molimo o lebeletse hore kamano ea monna le mosali ea ho ba nama e le ’ngoe e be teng ho ea ho ile. (Matheu 19:3-9) Seo se ka thusa batsoali ba qetang ho ba le ngoana joang hore ba eteletse lintho tsa bohlokoa pele?

Vivianne ea qotsitsoeng pejana o re: “Ke ile ka nahanisisa ka mantsoe a ho Genese 2:24 eaba temana eo e etsa hore ke elelloe hore ke ‘nama e le ’ngoe’ le molekane oa ka, eseng le ngoana oa ka. Ke ile ka lemoha hore ke tlameha ho matlafatsa lenyalo la rōna.” ’Mè e mong ea bitsoang Theresa, ea nang le moralinyana ea lilemo li peli, o re: “Ha ke ikutloa ke se ke se haufi le mohats’a ka, hang feela ke etsa boiteko ba ho ipha nako ea hae feela, esita le haeba e ka ba e nyenyane feela letsatsi le leng le le leng.”

Haeba u monna, u ka etsa’ng ho matlafatsa lenyalo la lōna? Bolella mosali oa hao hore ua mo rata. Bontša ka liketso tse mosa hore u fela u mo rata. Etsa boiteko bohle hore mosali oa hao a se ke a ikutloa a sa sireletseha. ’Mè e mong ea bitsoang Sarah, ea lilemo li 30, o re: “Mosali o batla ho tseba hore monna oa hae o ntse a mo nka e le oa bohlokoa ebile o ntse a mo rata, esita le haeba ’mele oa hae o se o fetohile ka mor’a hore a be le ngoana.” Ntate ea nang le bara ba babeli ea bitsoang Alan, ea lulang Jeremane, o hlokomela kamoo ho leng bohlokoa kateng ho tšehetsa mosali oa hae maikutlong. O re: “Ke ’nile ka leka hore ka linako tsohle ha mosali oa ka a nyahame, ke mo khothatse.”

Ke ntho e utloahalang hore ho ba teng ha ngoana ho tla kena-kenana le kamano ea ’mè le ntate ea ho kopanela liphate. Ka hona, ntate le ’mè ba lokela ho buisana ka litlhoko tsa bona. Bibele e re liphetoho tse bang teng mabapi le ho kopanela liphate lenyalong e lokela hore e be ka “tumellano.” (1 Bakorinthe 7:1-5) Seo se hloka hore ho be le puisano. U ka ’na ua tšaba ho buisana le molekane oa hao ka litaba tse amanang le ho kopanela liphate ka lebaka la tsela eo u hōlisitsoeng ka eona kapa ka lebaka la setso sa heno. Empa puisano e joalo ke ea bohlokoa e le hore banyalani ba tloaelane le boemo bo bocha ba ho ba batsoali. E-ba le qenehelo le mamello ’me u ntše maikutlo a hao ka botšepehi. (1 Bakorinthe 10:24) Ha u etsa joalo, ho ke ke ha e-ba le ho se utloisisane pakeng tsa hao le mohats’a hao ’me lerato la lōna le tla matlafala.—1 Petrose 3:7, 8.

Banyalani ba ka boela ba matlafatsa lerato leo ba ratanang ka lōna ka ho bolellana le ho bontšana ka liketso hore baa ananelana. Monna ea bohlale o tla lemoha hore ho na le mesebetsi e mengata eo mohats’a hae ea qetang ho ba le ngoana a e etsang eena a sa bone le ho bona. Vivianne o re: “Hangata mantsiboea ke ikutloa eka ha ho na letho leo ke le entseng—le hoja ke ne ke phathahane ka ho hlokomela ngoana nako le nako!” Ho sa tsotellehe ho phathahana hoo, ’mè ea nang le temohisiso o tla ba hlokolosi hore a se ke a nyenyefatsa thuso eo molekane oa hae a fanang ka eona lapeng.—Liproverbia 17:17.

LEKA HO ETSA TJENA: Bo-’mè, haeba ho khoneha, ha ngoana a robala motšehare, ak’u re shoa! ho se hokae. Ha u etsa joalo, u tla be “u chacha beteri ea hao” e le hore u be le matla a eketsehileng a ho phetha boikarabelo bo bong ba lenyalo. Bo-ntate, neng kapa neng ha ho khoneha, tsoha bosiu ’me u fepe ngoana kapa u mo chenche leleiri e le hore mohats’a hao a ke a fumane phomolo. Nako le nako tiisetsa mosali oa hao hore oa mo rata ka ho mo siela molaetsa, ho mo romella oona ka selefouno kapa ho mo letsetsa. Joaloka banyalani, ipheng nako ea hore le ke le qoqe le le babeli feela. Buang ka litaba tsa lōna, eseng feela ka ngoana. Haeba u boloka botsoalle ba hao le mohats’a hao bo le matla, u tla khona ho sebetsana le mathata a tlisoang ke ho ba motsoali.

BOTHATA BA 3: Ha le lumellane tabeng ea hore na ngoana a hōlisoe joang.

Batsoali ba ka ’na ba fumana hore tsela e fapaneng eo ba hōlisitsoeng ka eona e etsa hore ba ngangisane. ’Mè e mong oa Mojapane ea bitsoang Asami le monna oa hae, Katsuro, ba ile ba tobana le bothata bona. Asami o re: “Ke ne ke nka hore Katsuro o bokotsa morali oa rōna, athe eena o ne a nka hore ke tiisa letsoho ho tlōla tekano.” Le ka etsa joang hore le hule hammoho?

Se ka u thusang: Buisana le mohats’a hao ’me le tšehetsane.

Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola, a re: “Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela, empa ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” (Liproverbia 13:10) Na ua tseba hore na mohats’a hao o rerile ho hōlisa ngoana joang? Haeba u ka emela hore ngoana a hlahe pele le tšohla litaba tse amanang le khōliso ea hae, le ka ’na la qetella le hohlana ho e-na le hore le sebetsane le taba eo ka katleho.

Ka mohlala, le lumellane joang litabeng tse kang: “Re tlil’o ruta ngoana oa rōna mekhoa e metle ea ho ja le ea ho robala joang? Na re lokela ho kuka ngoana neng le neng ha a lla bosiu? Re tlil’o ruta ngoana joang hore a se ke a hlola a ithomela leleiring?” Ho hlakile hore qeto eo le e etsang e tla fapana le eo batsoali ba bang ba e etsang. Ethan, ea nang le bana ba babeli, o re: “Le lokela ho buisana ka lintho tsena e le hore le ka hula hammoho. Joale le tla khona ho hlokomela ngoana le tšoarisane.”

LEKA HO ETSA TJENA: Nahana ka mekhoa eo batsoali ba hao ba e sebelisitseng ha ba ne ba u hōlisa. Etsa qeto ea hore na ke boikutlo le liketso life tseo u ratang ho ba etsisa ho tsona ha u hōlisa ngoana oa hao. Hape etsa qeto ea hore na ke life tseo u batlang ho li qoba, haeba li le teng. Tšohla seo le mohats’a hao.

Ngoana a ka Tlisa Phetoho e Ntle Lenyalong

Feela joalokaha batho ba bapalang ’mino ba hloka nako le mamello e le hore ba qetelle ba letsa ka tsela e nyallanang, le lōna le hloka nako e le hore le tloaele boikarabelo ba lōna bo bocha ba ho ba batsoali. Leha ho le joalo, qetellong le tla tiea lengole.

Ho hōlisa bana ho tla hlakisa hore na tlamahano ea lōna ea lenyalo e tiile hakae ho be ho fetole ka ho feletseng kamano eo le nang le eona. Empa hape ho tla le fa monyetla oa ho hlaolela ho ba le litšobotsi tse ling tsa bohlokoa. Haeba le latela keletso ea Bibele e bohlale, le tla ikutloa ka tsela e tšoanang le ea ntate e mong ea bitsoang Kenneth. O re: “Ho hōlisa bana ho re thusitse haholo, ’na le mosali oa ka. Hona joale ha re sa icheba borōna ebile re se re le batho ba lerato le ba utloisisang haholoanyane.” Ho hlakile hore liphetoho tse joalo li molemo lenyalong.

^ ser. 3 Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.

^ ser. 11 Libeke tse seng kae ka mor’a hore ngoana a hlahe, bo-’mè ba bangata ba ka ’na ba tetebela ho se hokae maikutlong. Ba bang bona ba hlile ba tšoaroa ke lefu la ho tetebela maikutlo ka mor’a hore ba pepe. E le hore u fumane boitsebiso mabapi le hore na u ka tseba joang ha motho a e-na le bothata boo le hore na u ka sebetsana le bona joang, sheba Tsoha! ea August 8, 2002, sehloohong se reng “Ke Hlōtse ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa” (“I Won My Battle With Postpartum Depression,” Awake! ea July 22, 2002) le Awake! ea June 8, 2003, sehloohong se reng “Understanding Postpartum Depression,” tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka ipalla lihlooho tsena ka lipuo tse ling Inthaneteng ho www.watchtower.org.

^ ser. 19 Ho latela buka e ’ngoe, leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “khomarele” ho Genese 2:24 le ka ‘bolela ho manama motho e mong ka ho ba le kameho e lerato le ho mo tšepa u tiile.’

IPOTSE . . .

  • Bekeng e fetileng, ke entse’ng ho bontša mohats’a ka hore ke ananela seo a se etsetsang lelapa?

  • Ke qetetse neng ho ipha nako ea ho qoqa le mohats’a ka ho tsoa botebong ba pelo, re sa bue ka ho hōlisa ngoana?