Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Ha Ngoana oa Hao a E-ba le Lipelaelo ka Bolumeli ba Hao

Ha Ngoana oa Hao a E-ba le Lipelaelo ka Bolumeli ba Hao

Ha bana ba hōla, ba bangata ba khetha ho latela bolumeli ba batsoali ba bona. (2 Timothea 3:14) Leha ho le joalo, ha ho joalo ka ba bang. U ka etsa’ng ha ngoana oa hao ea ntseng a hōla a qala ho ba le lipelaelo ka bolumeli ba hao? Sehloohong sena re tla tšohla hore na Lipaki Tsa Jehova li sebetsana joang le bothata bo kang bona.

“Ha ke sa batla ho latela tumelo ea batsoali ba ka. Ho re ke itulele.”—Cora, 18. *

U KHOLISEHILE hore bolumeli ba hao bo ruta ’nete ka Molimo. Ua lumela hore ha re latela Bibele re ka phela ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Kahoo, ke ha tlhaho hore u leke ho ruta ngoana oa hao melao eo uena u phelang ka eona. (Deuteronoma 6:6, 7) Joale, u tla etsa’ng haeba ngoana, ha a ntse a hōla, a se a sa bone bohlokoa ba ho rapela Molimo? U tla etsa’ng haeba a qala ho ba le lipelaelo ka tsona lithuto tseo a neng a bonahala a li rata haholo ha e sa le ngoana?—Bagalata 5:7.

Haeba seo se ka etsahala, u se ke ua nka hore u hlōtsoe ke boikarabelo ba hao joaloka motsoali oa Mokreste. E ka ’na eaba sena se bakoa ke lintho tse ling joalokaha re tla bona. Leha ho le joalo, tseba hore: Tsela eo u tla sebetsana le bothata bona ba ngoana oa hao ka eona, ke eona e tla ahlola hantle hore na o khetha ho ba haufi le seo u se lumelang kapa o khetha ho ikhulela thōko. Haeba u ipolella hore u tla loantša ngoana tabeng ena, u tla be u qala ntoa e tla u khathatsa matla feela—ntoa eo joang kapa joang e ka ’nang ea u hlōla.—Bakolose 3:21.

Ho molemo haholo hore u mamele keletso ea moapostola Pauluse. O ile a ngola, a re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta, le lule le ithibile bobeng.” (2 Timothea 2:24) U tla bontša joang hore u ‘tšoanelehela ho ruta’ haeba ngoana oa hao a e-ba le lipelaelo ka bolumeli ba hao?

E-ba ea Nang le Temoho

Ntlha ea pele, leka ho hlahlobisisa hore na ke lintho life tse etsang hore ngoana oa hao a ikutloe ka tsela eo. Ho tea mohlala:

  • Na o ikutloa a le bolutu a bile a se na metsoalle ka phuthehong ea Bokreste? “Kaha ke ne ke batla ho ba le metsoalle, ke ile ka fumana e ’maloa sekolong ’me seo se ile sa etsa hore ke suthele hōle le Molimo ka lilemo tse ngata. Ka lebaka la metsoalle eo e mebe, ke ile ka felloa ke thahasello litabeng tsa Molimo, ’me hona joale ke ikoahlaea haholo.”—Lenore, 19.

  • Na o na le bothata ba ho bua ka tumelo ea hae ka lebaka la ho hloka sebete? “Ha ke sa ntse ke kena sekolo, ke ne ke tsilatsila ho bua le bana bao ke kenang sekolo le bona ka tumelo ea ka. Ke ne ke tšaba hore ba tla re ke motho ea makatsang kapa ba mpitse ‘moruti.’ Ngoana e mong le e mong ea neng a etsa ntho e sa tloaelehang o ne a khesoa, kahoo ke ne ke sa batle ho bona seo se nketsahalla.”—Ramón, 23.

  • Na o utloa eka ho phela ka melao-motheo ea Bokreste ho boima haholo? “Ke bona eka tšepiso ea Bibele ea bophelo bo sa feleng e ka holim’a litepisi tse telele haholo, ’me ’na ha ke e-s’o nke le mohato oa pele feela oa ho hloa setepisi sa pele; ke sa le hōle, hōle haholo le ho o nka. Ke ikutloa ke tšaba le ho nka mohato oa pele feela hoo ke nahanang hore ke hle ke tlohele.”—Renee, 16.

Buisana le Eena

Ebe sesosa sa maikutlo aa a hae ke sefe? Tsela e molemo ea ho se fumana ke hore u mo botse! Leha ho le joalo, hlokomela hore puisano eo ea lōna e se ke ea fella ka ngangisano. Ho e-na le hoo, sebelisa keletso e ho Jakobo 1:19: ‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ U se ke ua mo fella pelo. E-ba le “tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta,” u etse feela joalokaha u ne u tla etsa ho motho eo e seng oa lelapa la hao.—2 Timothea 4:2.

Ka mohlala, haeba ngoana oa hao a hana ho ea libokeng tsa Bokreste, leka ho fumana hore na ebe ho na le se seng se mo tšoenyang. Empa u etse seo u sa mo felle pelo. Motsoali ea mohlaleng o latelang o hlōlehile ho finyella pelo ea ngoana oa hae.

Mora: Ha ke sa batla ho ea libokeng.

Ntate: [a tiisitse kolu] U bolela’ng ha u re ha u sa batla ho ea libokeng?

Mora: Ke feela hore ke utloa li se li mbora!

Ntate: Ke kamoo u ikutloang kateng ka Molimo? U utloa a u bora? Ke hampe he! Hafeela u ntse u lula lapeng mona, u tla ea le rōna—ebang ua rata kapa ha u rate!

Molimo o batla hore batsoali ba rute bana ba bona ka eena ’me bana bona ba mamele batsoali. (Baefese 6:1) Leha ho le joalo, ha u batle hore ngoana oa hao a lule a u latela feela ka hlooho e ntšo le hore a tsilatsile ha a ea le uena libokeng tsa Bokreste. Haeba ho khoneha, u ka rata hore ngoana oa hao a be ka pelo eohle le kelello eohle libokeng.

U ka khona ho finyella seo haeba u lemoha lebaka leha e le lefe le etsang hore a ikutloe joalo. U nahanne ka seo, hlokomela kamoo puisano e ka holimo e ka beng e bile kateng.

Mora: Ha ke sa batla ho ea libokeng.

Ntate: [a khobile matšoafo] Ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela e joalo?

Mora: Ke feela hore ke utloa li se li mbora!

Ntate: Kea lumela hore ho lula hora kapa tse peli e ka ba ntho e borang. Ke eng e u tenang ka ho fetisisa?

Mora: Ha ke tsebe. Ke ee ke utloe feela eka nka be ke le sebakeng se seng.

Ntate: Na ke kamoo metsoalle ea hao e ikutloang kateng?

Mora: Ke bona bothata ba ka boo! Ho hang ha ke sa na metsoalle. Haesale motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo a falla, ke iphumana ho se eo nka buang le eena! E mong le e mong o thabile. Ha e le ’na ke utloa eka ke lahlehile!

Ka ho etsa hore ngoana a bue ka bolokolohi, ntate ea puisanong e ka holimo ha a lemohe lebaka le etsang hore ngoana a ikutloe joalo feela—e leng ho jeoa ke bolutu—empa hape o etsa hore ngoana a mo tšepe, kahoo o etsa hore ngoana a lokolohe hore a buisane le eena le nakong e tlang.—Sheba lebokose le sehloohong sena le reng  “U se Fele Pelo!”

Ha nako e ntse e e-ea bacha ba bangata ba ithuta hore haeba ba sebetsana le mathata a etsang hore ba suthele hōle le Molimo, hangata ba ikutloa ba le motlotlo ka seo ba leng sona le ka tumelo ea bona. Nahana ka Ramón, mohlankana ea qotsitsoeng pejana, ea neng a tšaba ho itsebahatsa hore ke Mokreste sekolong. Qetellong Ramón o ile a fumana hore ho bua ka seo a se lumelang e ne e se ntho e tšosang hakaalo joalokaha a ne a nahanne—le hoja a ile a ’na a songoa. Oa hlalosa:

“Ka lekhetlo le leng moshanyana e mong sekolong o ne a etsa metlae ka ’na ka lebaka la bolumeli ba ka. Ke ile ka tšoha haholo ’me ka nahana eka bohle ka tlelaseng ba ne ba mametse. Eaba ke faposa puisano ka hore ke mo botse ka bolumeli ba hae. Ke ile ka makala ha ke bona hore o ne a tšohile le ho mpheta! Eaba ke hlokomela hore bacha ba bangata ba na le malumeli empa ha ba utloisise seo ba se lumelang. Bonyane ’na ke khona ho hlalosa seo ke se lumelang. Ha e le hantle, ha ho tluoa litabeng tsa bolumeli, ke liithuti-’moho le ’na tse lokelang ho ikutloa li sa lokoloha—eseng ’na!”

LEKA HO ETSA TJENA: Etsa hore ngoana oa hao a ntše maikutlo a hae ka ho mo botsa hore na o ikutloa joang ka ho ba Mokreste. Ho ea ka eena, ke melemo efe eo a e fumanang? Ke mathata afe ao a kopanang le ’ona? Na mathata a feta melemo eo a e fumanang? Haeba ho joalo, ka tsela efe? (Mareka 10:29, 30) Ngoana oa hao a ka ngola maikutlo a hae fatše, a etse likarolo tse peli leqepheng—ka ho le letšehali a ngole mathata ’me ka ho le letona a ngole melemo eo a e fumanang. Ha a hlahloba seo a se ngotseng, se ka mo thusa hore a hlokomele bothata ’me a bone hore na a ka bo rarolla joang.

‘Matla a ho Nahana’ a Ngoana oa Hao

Batsoali le litsebi ba hlokometse hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa tsela eo bana ba banyenyane ba nahanang ka eona le tsela eo bacha ba nahanang ka eona. (1 Bakorinthe 13:11) Le hoja bana ba amohela lintho tsohle ka tsela eo ba li bonang ka eona, bacha bona ba nahana ka tsela e batsi. Ka mohlala, ngoana e monyenyane a ka rutoa hore Molimo o bōpile lintho tsohle. (Genese 1:1) Leha ho le joalo, mocha a ka ’na a ba le lipotso tse kang: ‘Ke eng se mpakelang hore Molimo o teng? Ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a lumeletse bokhopo? Na ke ’nete hore esale Molimo a le teng?’—Pesaleme ea 90:2.

U ka ’na ua nahana hore lipotso tse joalo li bontša hore ngoana oa hao o khutlela morao tumelong. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ke pontšo ea hore o hatela pele. Ebile lipotso tse joalo li ka thusa Mokreste hore a hōle moeeng.—Liketso 17:2, 3.

Ho feta moo, ngoana oa hao o ithuta ho sebelisa ‘matla a hae a ho nahana.’ (Baroma 12:1, 2) Ka lebaka leo, o khona ho utloisisa “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba tumelo ea Bokreste ka tsela eo a neng a ke ke a e utloisisa ka eona ha a ne a sa le monyenyane. (Baefese 3:18) Ho feta le ha e le neng pele, ena ke nako ea ho thusa ngoana oa hao ho beha mabaka ka lintho tseo a li lumelang e le hore a ka kholiseha haholoanyane ka tumelo ea hae.—Liproverbia 14:15; Liketso 17:11.

LEKA HO ETSA TJENA: Khutlelang morao lithutong tsa motheo, le hlahlobisise lithuto tseo le ileng la li tlōlisa mahlo nakong e fetileng. Ka mohlala, etsa hore a nahane ka lipotso tse kang tsena: ‘Ke eng se nkholisang hore Molimo o teng? Ke bopaki bofe bo mpontšang hore Molimo oa ntsotella? Ke hobane’ng ha ke nahana hore ho mamela melao ea Molimo ho molemong oa ka kamehla?’ Hlokomela hore u se ke ua qobella ngoana oa hao hore a nahane joaloka uena. Ho e-na le hoo, mo thuse hore a hlaolele seo a se lumelang ka boeena. Ka tsela e joalo ho tla ba bonolo hore tumelo ea hae e hōle.

Mo ‘Susumelletse Hore a li Lumele’

Bibele e re mohlankana Timothea o ile a tseba lingoliloeng tse halalelang “ho tloha boseeng.” Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Timothea, a re: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele.” (2 Timothea 3:14, 15) Joaloka Timothea, e ka ’na eaba mocha oa hao o ile a rutoa litekanyetso tsa Bibele ho tloha ha a hlaha. Joale, hona joale u hloka ho mo susumelletsa hore tumelo ea hae e hōle.

Buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, e re: “Hafeela ngoana a ntse a lula le lōna, le na le tokelo ea ho batla hore a latele kemiso ea lelapa ea borapeli. Leha ho le joalo, morero ke hore ngoana a rate Molimo ho tloha pelong—eseng hore a etse lintho ho phetha molao feela.” Ha u ka lula u hopola seo, u ka thusa ngoana oa hao hore a ‘tiee tumelong’ e le hore e be tsela eo a ikhethetseng eona—eseng eo u mo khethetseng eona. *1 Petrose 5:9.

^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 40 E le ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa May 1, 2009, leqepheng la 10-12 le Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, leqepheng la 315-318.

IPOTSE . . . 

  • Ke itšoara joang ha ngoan’a ka a belaella seo ke se lumelang?

  • Nka sebelisa boitsebiso bo sehloohong see joang ho ntlafatsa tsela eo ke arabelang ka eona?