Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

“Ke ne ke le Motho ea Sehlōhō”

“Ke ne ke le Motho ea Sehlōhō”
  • SELEMO SA TSOALO: 1960
  • NAHA EA HESO: FINLAND
  • PELE: KE NE KE LE SEBINI SA ’MINO O MORETHETHO O BOIMA OA ROCK

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse tikolohong ea maemo a tlaase moruong, toropong e koung ea leoatle ea Turku. Ntate oa ka e ne e le ’mampoli oa papali ea litebele ’me ’na le moena oa ka re ne re bapala papali ena. Ha ke le sekolong, ke ne ke atisa ho e lata letailana ’me ho otla motho ka feisi e ne e se letho ho ʼna. Ha ke ntse ke le lilemong tsa bocha ke ile ka ba setho sa kenke e tummeng hampe ʼme seo se ile sa nkenya liqhoebeshanong tse mabifi le ho feta. Ke ile ka rata ’mino o morethetho o boima oa rock ʼme ka qalella ho lora ke se ke le e mong oa likhalala tsa ’mino oo.

Ke ile ka reka meropa eaba ke theha sehlopha sa ’mino ’me ho e-s’o ee kae, ke ile ka ba sebini se ka sehloohong sa sehlopha seo. Ha ke le sethaleng ke ne ke rata ho bina ka mokhoa o hlaha le o sa laoleheng. Kaha sehlopha sa rōna se ne se le mabifi se bile se bonahala se le hlaha, re ile ra tuma haholo. Re ile ra qalella ho bina ka pel’a matšoele le ho hatisa lirekoto tse ’maloa ’me ea ho qetela ea tsona e ile ea ratoa haholo. Pejana ho 1990, re ile ra ea Amerika ho ea tsebahatsa sehlopha sa rōna. Re ile ra bina New York le Los Angeles ka makhetlo a ’maloa ra ba ra theha maqhama le ba bang ba ipabolang indastering ea ’mino, eaba re khutlela Finland.

Le hoja ke ne ke thabela ho ba sehlopheng sena sa ’mino, ke ne ke nyoreloa ho ba le morero haholoanyane bophelong. Ke ile ka nyahamisoa ke moea oa tlhōlisano le o mabifi o neng o le teng indastering ea ’mino ’me ka boela ka nyahamisoa ke tsela ea ka ea bophelo e neng e se na thuso. Ke ne ke ipona ke le motho ea mobe ’me ke tšaba ho ea cha liheleng. Ke ile ka bala libuka tse fapa-fapaneng tsa bolumeli e le ho leka ho fumana likarabo, hape ke ile ka rapela Molimo ka matla hore a nthuse le hoja ke ne ke nahana hore ho hang nke ke ka khona ho mo khahlisa.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ke ne ke sebetsa posong e le tsela ea ka ea ho iphelisa. Ka letsatsi le leng ke ile ka fumana hore e mong oa basebetsi-’moho le ’na ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka mo hloma lipotso. Ke ile ka rata likarabo tsa hae tse utloahalang le tse lumellanang le Bibele, kahoo ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le eena. Ka mor’a hore ke ithute le eena libeke li se kae, sehlopha  sa rōna se ile sa fuoa konteraka e hlamatsehang ea ho hatisa ’mino, e neng e ka etsa hore albamo ea rōna e rekisoe United States. Ke ne ke utloa eka ona ke monyetla oo nke keng ka hlola ke o fumana bophelong.

Ke ile ka bolella Paki eo ke neng ke ithuta le eona hore ke batla ho etsa albamo e le ’ngoe feela ’me ka mor’a moo ke hona ke tla sebelisa linnete tsa Bibele ka tieo bophelong ba ka. Ha ea ka ea mpha maikutlo a eona, e ile ea re feela ke bale mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:24. Temana eo e re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli.” Ke ile ka hlolloa haholo ha ke hlokomela se boleloang ke mantsoe ao a Jesu. Empa ka mor’a matsatsi a ’maloa, tichere ea ka ea Bibele ke eona e ileng ea hlolloa! Ke ile ka e bolella hore kaha ke batla ho latela Jesu, ke tlohetse sehlopha sa rōna sa ’mino!

Bibele e ile ea tšoana le seipone se mpontšang mefokolo ea ka. (Jakobo 1:22-25) Ke ile ka hlokomela hore ke motho ea sehlōhō, ea ikhohomosang le ea sa khotsofaleng bophelong. Ke ne ke le litlhapa, ke rata ntoa, ke tsuba, ke bile ke noa joala ho tlōla. Ha ke hlokomela kamoo bophelo ba ka bo neng bo sa lumellane le lithuto tsa Bibele kateng, ke ile ka utloa ke nyahame haholo. Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho fetola bophelo ba ka.—Baefese 4:22-24.

“Ntate oa rōna ea leholimong o mohau ʼme o batla ho folisa maqeba a ba bakelang liphoso tsa bona”

Qalong, ke ne ke utloa ke aparetsoe ke masoabi ka lebaka la lintho tse mpe tseo ke li entseng. Empa Paki eo ke neng ke ithuta le eona e ile ea nthusa haholo. E ile ea mpontša seo Bibele e se buang ho Esaia 1:18, e reng: “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.” Temana ena ea Bibele le tse ling, li ile tsa nkholisa hore Ntate oa rōna ea leholimong o mohau ʼme o batla ho folisa maqeba a ba bakelang liphoso tsa bona.

Ha ke se ke tseba Jehova ke bile ke mo rata ke ile ka batla ho inehela ho eena. (Pesaleme ea 40:8) Ke ile ka kolobetsoa ka 1992 kopanong ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe St. Petersburg, Russia.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ke fumane metsoalle e mengata har’a barapeli ba Jehova. Nako le nako rea kopana ebe re letsa ’mino o hlomphehang ʼme re thabela mpho ena e tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:17) Tlhohonolofatso e ikhethang eo ke bileng le eona e bile ea ho nyalana le mosali oa ka ea ratehang, Kristina. Ke ’nile ka arolelana lintho tse ngata le eena—lintho tse nthabisang le mathata a bophelo ’me ke ne ke bile ke mo phetlela sefuba.

Hoja ke ne ke se e mong oa Lipaki Tsa Jehova mohlomong nkabe ke sa phele kajeno. Nakong e fetileng ke ne ke lula ke kene mathateng. Empa hona joale bophelo ba ka bo na le morero e le kannete ebile ke bona lintho li ntsamaela hantle.