Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Tšepa Molimo?

Na U ka Tšepa Molimo?

AK’U nahane feela u e-na le motsoalle eo u mo hlomphang haholo, ebe o etsa ntho eo u sa e utloisiseng. Batho ba bang ba nyatsa liketso tsa hae ’me ba re motsoalle oa hao o sehlōhō. Na u tla potlakela ho lumellana le bona, kapa u tla letela ho utloa hore na eena o re’ng? Haeba a le sieo ka nako eo, na u tla mo letela hore a itlhalose ’me u mo buelle ho e-na le hore u ee le maikutlo a batho bao?

Pele u ka araba, ho ka ’na ha hlokahala hore u tsebe lintlha tse itseng. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke hlile ke tseba motsoalle enoa oa ka hantle, hona ke hobane’ng ha ke mo hlompha?’ Seo sea utloahala. Empa ak’u nahane ka sena: Pele re ka etsa qeto ea hore na Molimo o sehlōhō kapa che, na re ke ke ra nahana ka tsela e tšoanang?

U ka ’na ua se ke ua utloisisa lintho tse ling tseo Molimo a li entseng, kapa u ka ’na ua makatsoa ke hore o lumeletse lintho tse itseng hore li etsahale. Ho na le batho ba bangata ba tla u bolella hore Molimo o sehlōhō ’me ba tla u phehella hore le uena u mo nke ka tsela eo. Na u tla mo buella ho e-na le hore u mo belaelle ho fihlela u tseba lintlha tse eketsehileng? Karabo e itšetlehile ka hore na u tseba Molimo hantle hakae. Ipotse, ‘Molimo e bile motsoalle oa mofuta ofe ho ’na?’

Haeba u phetse ka thata, u ka ’na ua ba le maikutlo a hore Molimo ha e e-s’o ka e e-ba motsoalle oa hao. Empa ak’u nahane. Na Molimo ke eena ea u bakelang mathata—kapa o u etsetsa lintho tse molemo? Joalokaha re se re bone, Satane ke eena “’musi oa lefatše lena” eseng Jehova. (Johanne 12:31) Kahoo, Satane ke eena ea bakang mahlomola le ho hloka toka tse teng lefatšeng. Lintho tse ling hape tse re bakelang mathata, ke ho se phethahale ha rōna le ho hlaheloa ke maemo ao re sa a lebellang.

Na Molimo ke eena ea u bakelang mathata—kapa o u etsetsa lintho tse molemo?

Ka lehlakoreng le leng, Molimo eena o re etselitse’ng? Nahana seo Bibele e se buang: ha e re Molimo ke “Moetsi oa leholimo le lefatše”; ha e re mesebetsi ea hae e akarelletsa ’mele ea rōna, e ‘entsoeng ka mokhoa o hlollang’; le ha e re Jehova ke “Molimo eo phefumoloho ea hao e leng letsohong la hae.” (Pesaleme ea 124:8; 139:14; Daniele 5:23) Seo sohle se bolela’ng?

Se bolela hore, hore ebe re teng, rea phela, ke ka lebaka la ’Mōpi oa rōna. (Liketso 17:28) Se bolela hore mpho ea bophelo, botle boo re bo bonang lefatšeng, ho thabela lerato le setsoalle, ho latsoa, ho tšoara, ho utloa le ho khona ho fofonela—tsena tsohle ke limpho tse tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:17) Na u ke ke ua lumela hore limpho tsena tse molemo li etsa hore e be Motsoalle eo re ka mo tšepang?

Ke ’nete hore u ka fumana ho le thata ho tšepa Molimo. Mohlomong u ikutloa eka ha u e-s’o mo tsebe ka ho lekaneng hore u mo tšepe. Seo sea utloahala. Lihloohong tsena tse khutšoaane, re ke ke ra bua ka mabaka ’ohle ao batho ba bang ba nahanang hore Molimo o sehlōhō ka ’ona. Empa na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore u ithute haholoanyane ka Molimo? * Re tšepa hore ha u ntse u etsa seo, u tla ithuta ’nete ka Molimo. Na o sehlōhō? Che, ha ho joalo: “Molimo o lerato.”—1 Johanne 4:8.

^ ser. 8 Ka mohlala, u ka iphumanela ho eketsehileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella bokhopo khaolong ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.