Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letlotlo le Patehileng ka Makholo a Lilemo

Letlotlo le Patehileng ka Makholo a Lilemo

Setsebi se seng ha sea ka sa lumela seo se se bonang. Se ne se ntse se hlahloba ka hloko tokomane e ’ngoe ea boholo-holo. Tsela eo e neng e ngotsoe ka eona le puo e neng e sebelisitsoe moo, e ile ea se kholisa hore likotoana tseo se li shebileng ke tsa Bibele ea khale ka ho fetisisa ea Segeorgia e tsejoang!

LETLOTLO leo le ile la sibolloa ke Ivané Javakhishvili, e leng setsebi sa Mogeorgia, qetellong ea December 1922, ha a ntse a batlisisa hore na alfabeta ea Segeorgia e bile teng joang. O ile a fumana kopi ea Talmud ea Jerusalema. Ha a ntse a e hlahlobisisa, o ile a bona hore tlas’a mongolo oa Seheberu ho na le litlhaku tsa Segeorgia tse batlang li hlakolehile. *

Mongolo o neng o ‘patehile’ tlas’a oa Talmud e ne e le karolo e ’ngoe ea buka ea Bibele ea Jeremia e ngotsoeng lekholong la bohlano la lilemo C.E. Pele ho moo, buka e ngotsoeng ka letsoho ea khale ka ho fetisisa e tsejoang e ne e le Bibele ea Segeorgia ea lekholong la borobong la lilemo C.E. Ka mor’a moo, ho ile ha fumanoa likarolo tse ling tsa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng lekholong la bohlano la lilemo C.E. kapa pejana ho moo. Ak’u nahane feela u se u fumana boitsebiso ba Bibele bo ngotsoeng lilemong tse makholo a seng makae ka mor’a hore Jesu le baapostola ba hae ba phele!

Ke mang ea neng a fetoletse boitsebiso boo? Na bo fetoletsoe ke motho a le mong kapa ke bafetoleli ba itetseng? Ho tla fihlela joale, ha ho e-s’o fumanoe litlaleho tsa histori tse arabang potso eo. Empa ho hlakile hore Bibele kapa likarolo tse ling tsa eona li ne li se li fetoletsoe ka Segeorgia mathoasong a lekholo la bone la lilemo le hore batho ba Georgia ba bile le Lentsoe la Molimo, kapa ba le tsebile ka puo eo ba e antseng letsoeleng ho tloha nakong eo.

Tlaleho e bukeng ea The Martyrdom of St. Shushanik the Queen, eo e ka ’nang eaba e ngotsoe ho elella qetellong ea lekholong la bohlano la lilemo, e bontša kamoo batho ba Georgia ba neng ba tseba Mangolo kateng. Ha mongoli a pheta pale e utloisang bohloko ea mofumahali, o qotsa litemana le ho bua ka Lipesaleme, Likosepele le likarolo tse ling tsa Bibele. O boetse o bolela hore monna oa Shushanik ea bitsoang Varsken, eo e neng e le ’musisi oa ’Muso oa Georgia oa Kartli, o ile a nyahlatsa “Bokreste” e le ha a leka ho bōpa khotso le babusi ba Persia, ’me a sokolohela bolumeling ba Persia ba Bozoroaster a ba a batla hore mosali oa hae le eena a sokolohele ho bona. Ho latela buka eo, mofumahali  o ile a hana ho lahla tumelo ea hae, ’me a itšelisa ka Mangolo matsatsing a hae a ho qetela.

Kamoo ho bonahalang kateng, ho fetoleloa ha Bibele ea Segeorgia le ho kopitsoa ha eona, esale ho qala lekholong la bohlano la lilemo. Kaha ho na le libuka tse ngata tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segeorgia, seo se bontša hore bakopitsi le bafetoleli ba itetseng ba ile ba sebetsa ka thata. A re hlahlobeng lintlha tse peli tsa pale ena e susumetsang—e leng ho fetoleloa ha Bibele le ho hatisoa ha eona.

HO HLAHISOA LIPHETOLELO TSE NGATA TSA BIBELE

“’Na, Giorgi, moitlami ea ikokobelitseng, ke fetoletse buka ena ea Lipesaleme ka Segeorgia ho tsoa Segerikeng sa kajeno, ’me ke entse seo ka boitelo le ka khothalo e khōlō.” Ana ke mantsoe a moitlami oa Mogeorgia oa lekholong la bo11 la lilemo ea bitsoang Giorgi Mtatsmindeli. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Bibele e fetoleloe ka Segeorgia, empa ho se ho ntse ho e-na le phetolelo e qetileng lilemo tse makholo?

Lekholong la bo11 la lilemo, ho ne ho e-na le libuka tse fokolang tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele ea Segeorgia. Libuka tse ling li ne li se li le sieo. Puo le eona e ne e fetohile, kahoo ho ne ho le thata hore babali ba utloisise se ngotsoeng libukeng tseo. Le hoja bafetoleli ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ho tsosolosa mosebetsi oa ho fetolela Bibele ea Segeorgia, Giorgi o ile a khatha tema ea bohlokoa. O ile a bapisa liphetolelo tsa Segeorgia le libuka tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho, ’me a fetolela likarolo tse sieo esita le libuka tse feletseng. Motšehare o ne a sebetsa e le mohlokomeli ntlong ea baitlami. Bosiu teng, a fetolela Bibele.

Mofetoleli e mong oa mehleng ea Giorgi ea bitsoang Ephrem Mtsire o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa Giorgi. O ile a etsa moralo oa lintlha tse tataisang bafetoleli. Moralo oo o ne o e-na le melao-motheo ea phetolelo, o kang oa hore neng le neng ha ho khoneha, ho fetoleloe ho tloha puong eo taba e ngotsoeng ka eona qalong, ’me ho lateloe taba e ngotsoeng haufi-ufi empa e behoe ka tsela e utloahalang. Hape ke eena oa pele oa ho kenyelletsa lintlha botlaaseng ba leqephe le litšupiso tse bohareng ba leqephe Bibeleng ea Segeorgia. Ephrem o ile a fetolela bocha libuka tse ’maloa tsa Bibele. Mosebetsi oa Giorgi le Ephrem o ile oa rala motheo o tiileng oa mosebetsi o neng o tla etsoa oa phetolelo.

Lilemong tse lekholo tse latelang, libuka li ile tsa hlahisoa ka bongata Georgia. Likolo tsa thuto e phahameng li ile tsa thehoa motseng oa Gelati le oa Ikalto. Litsebi tse ngata li lumela hore phetolelo e ncha ea Bibele e bitsoang Gelati Bible, eo hona joale e bolokiloeng Setsing sa Sechaba sa Libuka Tse Ngotsoeng ka Letsoho, e fetoletsoe ke litsebi tsa Gelati kapa tsa Ikalto.

Ho fetoleloa ha Bibele ho ile ha ama batho ba Georgia joang? Shota Rustaveli, e leng serōki sa Mogeorgia sa lekholong la bo12 la lilemo, o ile a ngola buka e bitsoang Vepkhis-tqaosani (Mohlabani Tlas’a  Letlalo la Lengau), eo ho theosa le makholo a lilemo e bileng le tšusumetso e matla hoo e ’nileng ea bitsoa Bibele ea bobeli ea Segeorgia. Setsebi se seng sa Mogeorgia sa mehleng ea kajeno, e leng K. Kekelidze, se re ebang serōki seo se ne se qotsa ka Bibeleng kapa che, “lintho tse ling tseo se buileng ka tsona li tšoana le tseo ho buuoang ka tsona litemaneng tse itseng tsa Bibele.” Le hoja thoko eo e phafa lintho ho feta tekano, e bua haholo ka litaba tse kang botsoalle ba sebele, ho fana ka seatla se bulehileng, ho hlompha basali le ho rata basele ka lerato le se nang boithati. Melao-motheo ena le e meng e rutoang ka Bibeleng e ’nile ea susumetsa tsela eo batho ba Georgia ba nahanang ka eona, ’me le kajeno e ntse e nkoa e le ea bohlokoa boitšoarong.

HO HATISOA HA BIBELE—TABA EA BORENENG

Ho elella qetellong ea lekholo la bo17 la lilemo, lelapa la boreneng Georgia le ne le batla hore Bibele e hatisoe. Kahoo Morena Vakhtang VI o ile a haha setsi sa khatiso motse-moholo, Tbilisi. Leha ho le joalo, Bibele e ne e e-s’o lokele ho hatisoa. Ho ne ho tšoana le ha Bibele ea Segeorgia e boetse e patehile. Ho ne ho e-na le likarolo tse itseng feela tse ngotsoeng ka letsoho ebile li sa fella, ’me li ngotsoe ka puo e siiloeng ke nako. Sulkhan-Saba Orbeliani eo e neng e le setsebi sa puo, o ile a fuoa boikarabelo ba hore a ntlafatse Bibele le ho e qetela.

Orbeliani o ile a etsa mosebetsi oo ka kelo-hloko e khōlō. Kaha o ne a tseba lipuo tse ngata, ho akarelletsa Segerike le Selatine, o ile a khona ho sheba boitsebiso mehloling e sa tšoaneng hammoho le libukeng tsa Segeorgia tse ngotsoeng ka letsoho. Leha ho le joalo, Kereke ea Orthodox e ne e sa rate ha a sebelisa mokhoa oo o se nang leeme. Baruti ba ile ba mo qosa ka hore o tsoile kereke tlaase, ’me ba atleha ho kholisa Morena hore a mo thibele ho fetolela Bibele. Ho ea ka mehloli e meng ea Georgia, baruti ba neng ba le sebokeng sa kereke ba ile ba qobella Orbeliani hore a chese Bibele eo a qetileng lilemo a e fetolela!

Ho ikhethang ke hore kopi e ’ngoe ea Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Mtskheta (Mcxeta), eo hape e tsejoang ka hore ke Saba’s Bible, e ntse e le teng le kajeno, ’me e na le mongolo oa Orbeliani. Empa ba bang ha ba lumele hore ke eona Bibele eo baruti ba neng ba e loantša. Ke sehlomathiso feela seo ho nang le bopaki ba hore se ngotsoe ke eena.

Ho sa tsotellehe mathata, ba bang ba boreneng ba ne ba ntse ba batla hore Bibele e hatisoe. Ho ile ha hatisoa likarolo tse ling tsa Bibele pakeng tsa 1705 le 1711. Ka lebaka la boiteko bo entsoeng ke Khosana Bakari le Khosana Vakhushti ba Georgia, Bibele e feletseng e ile ea hatisoa ka 1743. E ne e se e sa pateha.

^ ser. 3 Mehleng ea boholo-holo, lintho tseo ho ngolloang ho tsona li ne li sokoleha li bile li le theko e boima. Batho ba ne ba tloaetse ho hlakola taba e ngotsoeng ebe ba ngola e ncha. Libuka tseo tse ngotsoeng ka letsoho li bitsoa li-palimpsest, ho tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ho hlakola.”