Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE TLISANG THABO KA LAPENG

Kamoo le ka Atlehang Lenyalong la Bobeli

Kamoo le ka Atlehang Lenyalong la Bobeli

HERMAN: * “Mosali oa ka oa pele o ile a bolaoa ke kankere re se re e-na le lilemo tse 34 re nyalane. Ha ke nyala hape, mosali oa ka Linda o ne a ikutloa eka ke lula ke mo bapisa le mosali oa ka oa pele. Se neng se mpefatsa boemo le ho feta ke hore hangata metsoalle ea ka e ne e bua kamoo mosali oa ka oa pele a neng a e-na le botho bo botle kateng ’me sena se ne se tena Linda.”

LINDA: “Ka mor’a hore ’na le Herman re nyalane ke ne ke ikutloa eka metsoalle ea hae ha e nkananele ka tsela e tšoanang le e neng e ananela mosali oa hae oa pele ka eona. E ne e mo rata kaha e ne le motho ea buang ka bonolo ’me a e-na le mekhoa e metle. Ka linako tse ling ke ipotsa hore na ebe ke tla ke ke be le kamano e haufi le Herman joaloka eo a neng a e-na le eona le mosali oa hae oa pele.”

Herman le Linda ba thabile hore ebe ba nyalane. Linda, ea hlalaneng le monna oa hae, o bile o bitsa Herman “mohale oa ka.” Leha ho le joalo, le bona baa lumela hore lenyalo la bobeli le ka ba le mathata ao lenyalo la pele le neng le se na ’ona. *

Haeba u kene lenyalong hape, u ikutloa joang ka lenyalo la hao la bobeli? Mosali e mong ea bitsoang Tamara, ea ileng a nyaloa hape ka mor’a lilemo tse tharo a hlalane le monna oa hae oa pele, o re: “Ha u nyaloa ka lekhetlo la pele, u ba le boikutlo ba hore lenyalo la hao le ke ke la fela. Empa ha u nyaloa lekhetlo la bobeli, u ka ’na ua se ke ua ikutloa ka tsela eo kaha ua tseba hore lenyalo la hao la pele le ile la fela.”

Leha ho le joalo, banyalani ba bangata ba fumane thabo e tšoarellang ka mor’a hore ba kene lenyalong hape. Ba atlehile—’me le lōna le ka atleha! Joang? Nahana  ka mathata a tloaelehileng a mararo le kamoo melao-motheo ea Bibele e ka le thusang ho sebetsana le ’ona kateng. *

BOTHATA BA PELE: U THATAFALLOA KE HO SE BUE KA MOLEKANE OA HAO OA PELE.

Ellen, ea lulang Afrika Boroa, o re: “Ha ho bonolo hore ke lebale lenyalo la ka la pele, haholo-holo ha re e-ea libakeng tsa phomolo tseo ke neng ke tloaetse ho ea ho tsona le monna oa ka oa pele. Ka linako tse ling ke iphumana ke se ke bapisa monna oa ka le monna oa ka oa pele.” Ka lehlakoreng le leng, haeba molekane oa hao a ne a le lenyalong nakong e fetileng, u ka ’na ua teneha ha a bua ka lenyalo leo.

Iketsetseng linako tse monate tseo le tla li hopola tse tla etsa hore le atamelane joaloka banyalani

TLHAHISO: Amohela hore ho ke ke ha etsahala hore uena kapa molekane oa hao le lebale balekane ba lōna ba pele habonolo feela, haholo-holo haeba lenyalo leo le ile la nka lilemo tse ngata. Ha e le hantle, batho ba bang baa lumela hore ka phoso ba ile ba bitsa balekane ba bona ka lebitso la molekane oa pele! U ka sebetsana joang le boemo bo joalo kapa bo tšoanang le bona. Bibele e eletsa tjena, “Lekang ho utloisisana.”—1 Petrose 3:8, New Century Version.

U se ke ua hanela molekane oa hao ka ho feletseng hore a bue ka molekane oa hae oa pele hobane u le mōna. Haeba molekane oa hao a utloa a hloka ho bua ka molekane oa hae oa pele, mo mamele ’me u mo bontše kutloelo-bohloko. Hape, u se ke ua potlakela ho nahana hore oa u bapisa. Ian, ea nang le lilemo tse leshome a nyetse hape, o re: “Ha ho mohla mosali oa ka Kaitlyn, a neng a nkhanela ho bua ka mosali oa ka ea ileng a hlokahala. Ho e-na le hoo, o ne a talima seo e le monyetla oa hore a ithute hore na ke eng se entseng hore ke be motho eo ke leng eena kajeno.” U ka ba ua fumana hore lipuisano tse joalo li thusa hore uena le molekane oa hao le be metsoalle e haufi.

Ameha ka litšobotsi tse ntle le tse ikhethang tsa molekane oa hao e mocha. Ke ’nete hore e ka ’na eaba molekane oa hao ha a na litšobotsi kapa bokhoni boo molekane oa hao oa pele a neng a e-na le bona. Empa ho ka etsahala hore ebe molekane oa hao e mocha ho na le moo a ipabolang teng. Kahoo, matlafatsa kamano ea hao le molekane oa hao, ‘eseng ka ho mo bapisa le motho e mong,’ empa u nahane ka lintho tse ntle tseo u li ratang ka eena ’me u mo ananele. (Bagalata 6:4) Ntate e mong ea bitsoang Edmond, ea nyetseng lekhetlo la bobeli, o beha taba tjena, “Ha ho na manyalo a mabeli a tšoanang, joalokaha motho a ke ke a ba le setsoalle se tšoanang le batho ba babeli ba fapaneng.”

U ka bontša teka-tekano joang tabeng ea ho hopola linako tse monate tseo u bileng le tsona le molekane oa hao oa pele le bophelo bo bocha boo u bo qalileng le molekane oa hao e mocha? Jared o re o ile a hlalosetsa mosali oa hae hore o ananela linako tseo a bileng le tsona le mosali oa hae oa pele ’me ka linako tse ling oa li hopola, empa hona joale o thabela ho phela le eena.

LEKA HO ETSA TJENA: Botsa molekane oa hao hore na ho na le mohla a ikutloang a sa phutholoha ha u bua ka lenyalo la hao la pele. Leka ho hlokomela hore na ke neng moo ho sa lokelang ho bua ka lenyalo la hao la pele.

BOTHATA BA BOBELI: U THATAFALLOA KE HO KOPANA LE METSOALLE E SA TSEBENG MOLEKANE OA HAO.

Javier, ea ileng a nyala ka mor’a lilemo tse tšeletseng a hlalane le mosali oa pele, o re: “Nakoana ka mor’a hore re nyalane, mosali oa ka o ne a ikutloa eka metsoalle ea ka e ne e lula e mo sheba hore na o etsa’ng.” Monna e mong ea bitsoang Leo, o ile a tobana le boemo bo fapaneng. O re, “Batho ba bang ba ne ba bolella mosali oa ka kamoo ba hopolang monna oa hae oa pele kateng—moo ke ntseng ke utloa!”

TLHAHISO: Lekang ho ikenya lieteng tsa metsoalle ea lōna. Ian, ea qotsitsoeng pejana o re: “Ke nahana hore ho bohloko ebile ha hoa tloaeleha ha metsoalle e se e u bona u se u e-na le molekane e mong empa ba ne ba u tloaetse le oa pele.” Kahoo, e-ba le “kahlolo e molemo, . . . bontša bonolo bohle ho batho bohle.” (Tite 3:2) Fa metsoalle le beng ka uena nako ea ho tloaela boemo. Joalokaha u se u e-na le molekane e mocha, u ka ’na ua fumana le metsoalle e meng. Javier, ea qotsitsoeng pejana, o re ha nako e ntse e e-ea eena le mosali oa hae ba ile ba tsosolosa setsoalle le metsoalle ea bona ea khale. O phaella ka ho re: “Empa re boetse re leka ho etsa metsoalle e mecha joaloka banyalani ’me seo le sona sea thusa.”

 Nahanela maikutlo a molekane oa hao ha u qeta nako u e-na le metsoalle ea hao ea khale. Ka mohlala, ha ho ka etsahala hore ho buuoe ka lenyalo la hao la pele, sebelisa masene le kahlolo e molemo ho etsa hore molekane oa hao a se ke a ikutloa a qheleloa ka thōko. Maele a Bibele a re: “Haeba motho a bua a sa nahane, mantsoe ao a ka hlaba joaloka sabole. Empa motho ea bohlale o hlokolosi ka seo a se buang. Mantsoe a hae a ka folisa maqeba ao.”—Liproverbia 12:18, Holy Bible—Easy-to-Read Version.

LEKA HO ETSA TJENA: Nahana esale pele hore na ke meketjana efe e ka etsang hore uena le molekane oa hao le se ke la phutholoha. Buisanang esale pele hore na le tla re’ng ha metsoalle ea lōna e le botsa kapa e bua ka lenyalo la pele.

BOTHATA BA BORARO: U THATAFALLOA KE HO TŠEPA MOLEKANE OA HAO E MOCHA HOBANE OA PELE HA AA KA A TŠEPAHALA.

Andrew, eo mosali oa hae oa pele a ileng a mo tlohela, o re: “Ke ne ke atisa ho ba le tšabo ea ho soetsoa hape.” Hamorao o ile a nyala Riley, eo e leng mosali oa hae hona joale. “Hangata ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla tšoara Riley hantle joaloka monna oa hae oa pele. Ke ne ke bile ke tšoenyeha hore o tla bona eka ha ke mo tšoanele ebe oa ntlohela ’me o batla monna e mong.”

TLHAHISO: Phetlela molekane oa hao sefuba. Bibele e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang [puo ea] lekunutu.” (Liproverbia 15:22) Qetellong, ho buisana lekunutung ho ile ha thusa Andrew le Riley hore ba tšepane. Andrew o re: “Ke ile ka bolella Riley hore nke ke ka hlola ke nka tlhalo e le tsela e bonolo ea ho lokisa mathata ’me Riley o ile a ntšepisa se tšoanang. Butle-butle ke ile ka mo tšepa ka ho feletseng.”

Haeba lenyalo la pele la motho eo u nyalaneng le eena hona joale le ile la fela ka lebaka la hore molekane oa hae ha aa ka a tšepahala, etsa sohle se matleng a hao ho etsa hore a u tšepe. Ka mohlala, Michel le Sabine, bao manyalo a bona ka bobeli a ileng a fella ka tlhalo, ba ile ba lumellana ka hore ba tla bolellana haeba e mong a ka buisana le molekane oa hae oa pele. Sabine o re: “Sena se ile sa etsa hore re ikutloe re sireletsehile.”—Baefese 4:25.

LEKA HO ETSA TJENA: Behang meeli ha le buisana le batho ba bong bo fapaneng ebang le buisana le bona le shebane, ka fono kapa Inthaneteng.

Manyalo a mangata a bobeli a atlehile ’me le la hao le ka atleha. Ho feta moo, e ka ’na eaba u itseba hamolemo ho feta ha u ne u le lenyalong lekhetlo la pele. Andrew ea qotsitsoeng pejana, o re, “Riley o ntšelisitse haholo, ka mor’a lilemo tse 13 re nyalane, re bile le kamano e haufi haholo—e leng kamano eo le ka mohla re sa batleng ho lahleheloa ke eona.”

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 5 Ke ’nete hore maemo a fapana ho latela hore na lenyalo le khaotsoe ke lefu la molekane kapa tlhalo. Sehlooho sena se etselitsoe ho thusa batho ba maemong ao a mabeli hore lenyalo la bona le atlehe.

^ ser. 7 E le hore u fumane boitsebiso mabapi le ho hōlisa bana ba lenyalo la bobeli, sheba lihlooho tse tlas’a se reng, “Litsela Tsa ho Atlehisa Malapa a Lenyalo la Bobeli” ho Tsoha! ea April 2012 e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

IPOTSE . . .

  • Ke litšobotsi life tse ikhethang tseo molekane oa ka a nang le tsona tseo ke li ratang ka ho khetheha?

  • Haeba ho ka etsahala hore ho buuoe ka lenyalo la ka la pele, nka sebetsana le boemo boo joang ka tsela e tiisetsang molekane oa ka hore kea mo rata le e ke keng ea mo etsa hore a ikutloe a nyatseha?