Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mebala e U Ama Joang?

Mebala e U Ama Joang?

Ha u ntse u sheba lintho tse u potolohileng, mahlo a hao le boko li sebetsa hammoho hore li bokelle boitsebiso. U bona tholoana haufi le uena ebe u etsa qeto ea hore u tla e ja kapa che. U sheba leholimo ’me u etsa qeto ea hore pula e ke ke ea na kajeno. U bona mantsoe ao u ntseng u a bala hona joale ’me u utloisisa seo a se bolelang. Ha e le hantle, se u thusitseng ho etsa liqeto tseo ke mebala. Na kannete ho joalo?

’Mala oa tholoana eo u e boneng o u thusa ho etsa qeto ea hore na tholoana e butsoitse le hore e bonahala e le monate na. Ha u bona maru le ’mala oa leholimo u khona ho tseba hore na boemo ba leholimo ke bofe. Ha u ntse u bala mantsoe a sehlooho sena, mahlo a hao a bona hantle mebala e fapaneng e pakeng tsa mongolo le leqephe. Ha e le hantle, mohlomong ha u elelloe hore u lula u sebelisa mebala e le hore u utloisise se etsahalang linthong tse u potolohileng. Empa mebala e ka boetse ea ama motho maikutlo.

KAMOO MEBALA E KA AMANG MOTHO MAIKUTLO KATENG

Ha u ntse u tsamaea ka lebenkeleng, u bona lintho tse fapa-fapaneng tse pakiloeng ka makhethe hoo li khahlang mahlo. Ebang ua elelloa kapa che, babapatsi ba khetha mebala ka hloko le ho e kopanya hantle e le hore ba u hohele ho ea ka hore na u rata eng, u oa bong bofe le hore na u lilemong life. Batho ba khabisang matlo, ba etsang liaparo le bataki, le bona baa tseba hore mebala e ka tsosa maikutlo a itseng.

Mebala e ka bolela lintho tse fapaneng ho batho ho latela hore na ke ba setso sefe le moetlo ofe. Ka mohlala, batho ba bang ba Asia ba amahanya ’mala o mofubelu le mahlohonolo le ho keteka, empa likarolong tse ling tsa Afrika, bofubelu ke ’mala oa ho siama. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ba hōlisitsoe joang, batho ba ameha maikutlo ka tsela e tšoanang ha ba bona mebala e itseng. A re ke re hlahlobe mebala e meraro le kamoo e u amang kateng.

BOFUBELU ke ’mala o bonahalang ka ho hlaka. Hangata bofubelu bo ’nile ba amahanngoa le mafolofolo, ntoa le kotsi. Ke ’mala o phahamisang maikutlo haholo ’me o thusa ’mele hore o hlahise matla, o etsa hore motho a heme ka matla le ho phahamisa khatello ea mali.

Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu e leng “bofubelu” le tsoa lentsoeng le bolelang “mali.” Bibele e sebelisa bofubelu bo khanyang, kapa sekareleta, ho re hlalosetsa setšoantšo sa seotsoa sa ’molai se apereng bopherese le sekareleta se palameng “sebata se ’mala o sekareleta se neng se tletse mabitso a nyefolang.”—Tšenolo 17:1-6.

BOTALA bo etsa hore batho ba ikutloe ka tsela e fapaneng le ha ba bona bofubelu, kaha bo etsa hore ’mele o hlahise matla butle ’me bo etsa hore motho a khobe matšoafo. Botala ke ’mala o khutsitseng ’me hangata bo amahanngoa le khutso. Re ikutloa re na le khutso ha re bona lirapa tse tala le maralla. Tlaleho ea pōpo e ho Genese e re Molimo o ile a etsa joang bo botala le limela bakeng sa batho.—Genese 1:11, 12, 30.

BOSOEU hangata bo amahanngoa le khanya, ho sireletseha le bohloeki. Bo boetse bo amahanngoa le litšobotsi tse kang molemo, ho hloka molato le ho hloka sekoli. Bosoeu ke ’mala oo ho buuoang haholo ka oona ka Bibeleng. Liponong, batho le mangeloi ba bontšoa ba apere  bosoeu e leng se hatisang ho loka le ho hloeka moeeng. (Johanne 20:12; Tšenolo 3:4; 7:9, 13, 14) Lipere tse tšoeu le bapalami ba apereng line e tšoeu e hloekileng ba tšoantšetsa ntoa ea ho loka. (Tšenolo 19:14) Molimo o sebelisa ’mala o mosoeu ho hatisa hore o ikemiselitse ho tšoarela libe: “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.”—Esaia 1:18.

MEBALA E RE THUSA HO HOPOLA LINTHO

Taba ea hore Bibele e sebelisa mebala e bontša hore Molimo o utloisisa kamoo batho ba ikutloang kateng ha ba bona mebala. Ka mohlala, buka ea Bibele ea Tšenolo e boletse esale pele ka maemo ao re fetang ho ’ona a akarelletsang, lintoa, tlala le ho shoa ho sa tloaelehang ka lebaka la ho haella ha lijo le mafu a seoa. E le ho re thusa ho hopola sena, re ile ra fuoa pono e hlakileng e re bontšang lipere le bapalami ba tsona—tsena hase lipere tse tloaelehileng, empa ke tse mebala.

Pele, ho na le pere e tšoeu toa! e tšoantšetsang ntoa ea ho loka ea Kreste Jesu. Ebe re bona pere e bofubelu bo ’mala oa mollo, e emelang ntoa e pakeng tsa lichaba. Pere ena e lateloa ke pere e tšosang e ntšo, e tšoantšetsang tlala. Re boetse re bona “pere e botala bo bosehla; ’me lebitso la ea e palameng e ne e le Lefu.” (Tšenolo 6:1-8) ’Mala oa pere ka ’ngoe o etsa hore re be le boikutlo bo tšoantšetsoang ke pere ka ’ngoe. Ho bonolo ho hopola lipere tsena tse mebala le seo li re rutang sona ka matsatsi ao re phelang ho ’ona.

Ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng moo ho sebelisoang mebala hore re iketsetse setšoantšo se hlakileng ka likelellong tsa rōna ka seo re se balang. Ka sebele, ’Mōpi ea entseng leseli, mebala le mahlo a motho o sebelisa mebala ka boqhetseke e le ntho e re rutang ho iketsetsa litšoantšo e le hore ha re bala re hopole le ho utloisisa seo re se balang. Mebala e re thusa hore re fumane boitsebiso re be re bo utloisise. Mebala e ama maikutlo a rōna. Mebala e ka re thusa hore re hopole lintho tsa bohlokoa. Mebala ke mpho eo ’Mōpi a re fileng eona e bontšang hore oa re rata le ho re thusa ho thabela bophelo.