Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE TLISANG THABO KA LAPENG

Buisana le Ngoana oa Hao—Le sa Ngangisane

Buisana le Ngoana oa Hao—Le sa Ngangisane

“Ha morali oa ka a le lilemo li 14, o ile a qala ho nkarabisa. Ha ke ne ke re ho eena, ‘Ke nako ea lijo,’ o ne a re ‘Ke tla ja mohla ke batlang.’ Haeba ke mo botsa hore na o qetile mesebetsi ea hae ea lapeng o ne a re, ‘Tlohella ho nkemella!’ Hangata re ne re omanyana.”—MAKI, JAPANE. *

Haeba u na le ngoana ea lilemong tsa bocha, a mang a mathata ao o tla kopana le ’ona ke hore ngoan’a hao a ngangisane le uena ’me seo se tla hloka hore u bontše mamello. Maria, ea lulang Brazil, ea nang le ngoana ea lilemo li 14 o re: “Ha morali oa ka a ntella, seo se a nkhalefisa. Rea koata ebe rea tjolietsana.” Carmela ea lulang Italy le eena o tobane le bothata bo tšoanang. O re: “’Na le mor’a ka re lula re ngangisana ’me seo se fella ka hore a ikoalle ka kamoreng ea hae.”

Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba rata ho ngangisana le batsoali? Na ebe ba etsoa ke metsoalle ea bona? Mohlomong. Bibele e bolela hore metsoalle ea motho e ka ba le tšusumetso e matla ea hore a etse se setle kapa se sebe. (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Hape, boithabiso boo bacha ba bo ratang haholo kajeno ke bo khothalletsang borabele le ho se hlomphe.

Empa ho na le lintho tse ling tseo batsoali ba lokelang ho nahana ka tsona—ha ho thata ho sebetsana le tsona hang ha motsoali a utloisisa hore na li ama ngoan’a hae joang. Nahana ka mehlala e meng.

MOCHA O HLAOLELA ‘MATLA A HO NAHANA’

Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Joalokaha mantsoe a Pauluse a bontša, bana le batho ba baholo ha ba nahane ka ho tšoana. Joang?

 Bana ba nka lintho kamoo ba li bonang kateng. Ho fapana le hoo, batho ba hōlileng bona ba khona ho utloisisa lintho tse sa hlakang le ho nahana ka ho teba ha ba etsa liqeto. Ka mohlala, batho ba hōlileng ba khona ho nahana ka boitšoaro ba bona le hore na liketso tsa bona li tla ama ba bang joang. E ka ’na eaba ba tloaetse ho nahana ka tsela eo. Bacha bona ha ba tloaela ho nahana ka tsela eo, ha ba bapisoa le batho ba baholo.

Bibele e khothalletsa bacha hore ba hlaolele “matla a [bona a] ho nahana.” (Liproverbia 1:4) Ha e le hantle Bibele e khothalletsa Bakreste bohle ho sebelisa “matla . . . a ho nahana.” (Baroma 12:1, 2; Baheberu 5:14) Leha ho le joalo, ka linako tse ling tsela eo ngoan’a hao a nahanang ka eona e ka etsa hore a ngangisane le uena, esita le ka lintho tse sa reng letho. Kapa a ka ’na a bua ntho e bontšang hore o na le maikutlo a fosahetseng. (Liproverbia 14:12) Maemong a joalo, u ka khona ho buisana le eena joang ntle le hore le ngangisane?

LEKA SENA: Nka feela hore ngoan’a hao o ntse a ithuta ho beha mabaka ’me hase hore o lumellana le seo a se buang ka ho feletseng. E le hore u tsebe hore na o lumela eng, qala ka ho mo babatsa ka hore o khona ho sebelisa kelello. (“Ke rata tsela eo u sebelisang kelello kateng, leha ke sa lumellane le liqeto tseo u li nkang.”) Joale, mo thuse ho hlahloba tsela eo a nahanang ka eona. (“Na u nahana hore seo u qetang ho se bua se sebetsa boemong bo bong le bo bong?”) U ka ’na ua makala ha ngoan’a hao a hlahloba maikutlo a hae a bile a ntlafatsa seo a se nahanang.

Hlokomela sena: Ha u buisana le ngoan’a hao, u se ke ua nahana hore ke uena ea lulang a nepile. Leha ho ka bonahala eka ngoan’a hao ha a u mamele, u mamela ho feta kamoo u nahanang kateng—kapa ho feta kamoo a lumelang kateng. U se ke ua makala ha matsatsing a ’maloa a latelang ngoan’a hao a se a lumellana le maikutlo a hao—mohlomong a etsa eka keletso eo u neng u mo fa eona e tsoa ho eena.

“Ka linako tse ling ’na le mor’a ka re ne re ngangisana ka lintho tse nyenyane—ka mohlala, ka hore a baballe lintho kapa ha a soma khaitseli ea hae. Empa maemong a mangata o ne a batla hore ke mo botse hore na u ne a nahana’ng le hore ke bontše hore kea mo utloisisa ebe ke re, ‘Oo, ke kamoo boemo bo leng kateng’ kapa ‘Ke eona tsela eo u nahanang ka eona eo.’ Ha ke hetla morao, kea bona hore haeba ke ile ka bua ntho e kang eo, re ka be re ile ra qoba ho ngangisana haholo.”—Kenji, Japane.

MOCHA O LEKA HO ITSEBA

Batsoali ba bohlale ba etsa hore ho be bonolo hore bana ba bona ba hlalose maikutlo a bona ka bolokolohi

Ntho ea bohlokoa ka ho hōlisa ngoana ea lilemong tsa bocha ke ho mo lokisetsa letsatsi leo a tla tloha lapeng ’me a phele joaloka motho ea moholo ea nang le boikarabelo. (Genese 2:24) Seo se akarelletsa hore a itsebe hore na ke mang—hore a tsebe litšobotsi, litumelo le mekhoa e khethollang seo a leng sona. Ha a tobane le khatello ea hore a etse lintho tse fosahetseng, mocha ea itsebang hore na ke mang, a ke ke a nahana feela ka liphello tsa seo a se etsang. O tla boela a ipotse: ‘Ke motho ea joang? Ke phela ka melao efe ea boitšoaro? Motho ea phelang ka melao eo ea boitšoaro o ne a tla etsa’ng boemong boo?’—2 Petrose 3:11.

Bibele e re bolella ka Josefa, mohlankana ea neng itseba hantle hore na ke mang. Ka mohlala, ha mosali oa Potifaro a ne a batla hore a robale le eena, Josefa o ile a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” (Genese 39:9) Le hoja Baiseraele ba ne ba e-s’o fuoe molao o neng o ba thibela hore ba se ke ba etsa bofebe, Josefa o ile a lemoha hore na Molimo o ikutloa joang ka seo. Ho feta moo, mantsoe a reng ‘nka etsa joang’ a bontša hore Josefa o ne a ikutloa ka tsela eo Molimo a neng a ikutloa ka eona—e leng karolo ea seo a neng a le sona.—Baefese 5:1.

Ngoan’a hao le eena o ntse a leka ho fumana hore na ke mang. Ena ke ntho e ntle, kaha lintho tseo a li lumelang li tla mo thusa hore a sebetsane le khatello ea lithaka tsa hae le ho ikemela ka pel’a tsona. (Liproverbia 1:10-15) Ka lehlakoreng le leng, ho itseba ha hae ho ka etsa hore a ikemele le ho uena. U ka etsa’ng ha seo se etsahala?

LEKA SENA: Ho e-na le hore le ’ne le ngangisane, hlalosa seo a se buileng. (“E-re ke etse bonnete ba hore ke u utloa hantle. U re . . . ”) Joale botsa lipotso. (“Ke’ng se etsang hore u ikutloe ka tsela eo?” kapa “Ke’ng se entseng hore u fihlele qeto eo?”) Khothalletsa ngoan’a hao hore a ntše maikutlo a hae. Mo lumelle hore a bolele seo a se lumelang. Haeba ho fapana ha lōna ka maikutlo ke taba e sa ameng se nepahetseng le se fosahetseng, e mpa feela e le taba ea seo motho a se ratang le seo a sa se rateng, bontša ngoan’a hao hore u khona ho hlompha maikutlo a hae—le hoja u sa lumellane le eena ka ho feletseng.

 Hore mocha a itsebe hore na ke mang—le ho tseba lintho tseo a li lumelang—ke ntho e tloaelehileng le e tla mo tsoela molemo. Etsoe Bibele le eona e re Bakreste ha baa lokela ho ba joaloka bana ba banyenyane ba “ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.” (Baefese 4:14) Kahoo lumella u be u khothalletse ngoan’a hao hore a itsebe hore na ke mang a be a tsebe le seo a se lumelang.

“Ha ke bontša barali ba ka hore ke ikemiselitse ho ba mamela, seo se etsa hore ba mamele maikutlo a ka le hoja a fapane le a bona. Ke hlokolosi hore ke se ke ka ba qobella hore ba nahane joaloka ’na empa ba iketsetse liqeto.”—Ivana, Czech Republic.

TIEA HO SEO U SE BUANG, EMPA U NAHANELE BANA BA HAO

Joaloka ka bana ba banyenyane, ha ho na le ntho eo ba e batlang, bacha ba bang ba ithutile mokhoa oa ho emella batsoali ba bona e le hore ba ba tene. Haeba seo se etsahala hangata lapeng la hao, u be hlokolosi. Le hoja ho ba fa seo ba se batlang ho ka etsa hore ba se ke ba ’na ba u tena, seo se ruta ngoan’a hao hore ho ngangisana ke tsela ea ho fumana seo a se batlang. Ke’ng se ka thusang? Latela keletso ea Jesu e reng: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:37) Ho ka etsahala hore bacha ba se ke ba ngangisana le uena ha ba bona hore u na le botsitso.

Ka nako e tšoanang, ba nahanele. Ka mohlala, e-re ngoan’a hao a hlalose hore na hobane’ng a bona ho hlokahala hore nako ea hae ea ho fihla hae e fetoloe. Boemong bo joalo, hase hore u inehella khatellong empa u mpa feela u latela keletso ea Bibele e reng: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”—Bafilipi 4:5.

LEKA SENA: Kopanang le le lelapa ’me le buisane ka nako eo ngoana a lokelang ho fihla lapeng ka eona le ka melao e meng ea lapeng. Bontša hore u ikemiselitse ho mamela ’me u sekaseke lintlha kaofela tse amehang pele u etsa qeto. Roberto, ntate ea lulang Brazil, o re: “Bacha ba lokela ho bona hore batsoali ba bona ba ikemiselitse ho lumela ha ba kōpa ntho e itseng haeba e se ntho e khahlanong le melao-motheo ea Bibele.”

Ke ’nete hore batsoali le bona ba etsa liphoso. Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Haeba u hlokomela hore le uena u ile ua kenya letsoho ngangisanong, u se ke ua qeaqea ho kōpa tšoarelo ho ngoan’a hao. Ha u amohela liphoso tsa hao seo se bontša hore u motho ea ikokobelitseng ’me se etsa hore le ngoan’a hao a itšoare ka tsela e tšoanang.

“Ka letsatsi le leng ka mor’a hore ’na le mora oa ka re ngangisane, ha ke se ke khobile matšoafo ke ile ka kōpa tšoarelo ka hore ebe ke ile ka mo omanya habohloko. Seo se ile sa etsa hore le eena a khobe matšoafo ’me sa etsa hore a ’mamele.”—Kenji, Japane.

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

IPOTSE . . .

  • E ka ’na eaba ke kenya letsoho ka litsela life ha re ngangisana le ngoan’a ka?

  • Nka sebelisa seo ke ithutileng sona joang sehloohong see e le hore ke utloisise ngoan’a ka hamolemonyana?

  • Nka etsa’ng e le hore ke buisane le ngoan’a ka—re sa ngangisane?