Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

Ba Ile ba Sebelisa Bibele ho Araba Potso e ’Ngoe le e ’Ngoe!

Ba Ile ba Sebelisa Bibele ho Araba Potso e ’Ngoe le e ’Ngoe!
  • SELEMO SA TSOALO: 1950

  • NAHA EA HESO: SPAIN

  • PELE: KE NE KE LE MOITLAMI OA MOK’HATHOLIKE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ha ke tsoaloa, batsoali ba ka ba ne ba e-na le polasi e nyenyane motsaneng oa Galicia, ka leboea-bophirimela ho Spain. Ke ne ke le ngoana oa bone ho ba robeli. Lelapa leso le ne le thabile. Ka nako eo Spain, ho ne ho tloaelehile hore bonyane ngoana a le mong lapeng a ithutele boruti kapa e be moitlami. Lapeng leso, e ile ea e-ba ’na hammoho le ba bang ba babeli.

Ha ke le lilemo li 13 ke ile ka ea sekolong sa baitlami se Madrid, moo ausi oa ka a neng a kena teng. Batho ba moo ba ne ba se na botsoalle. Re ne re sa khone ho ba le metsoalle—ho ne ho e-na le melao e thata ’me seo re neng re se etsa e ne e le ho rapela feela. Re ne re kopana esale hoseng ntlong ea thapelo e le hore re thuise empa hangata ho ne ho se na letho leo nka nahanang ka lona. Hamorao re ne re bina lifela ebe re keteka ’Misa ’me tsena tsohle li ne li etsoa ka Selatine. Ke ne ke sa utloisise letho ’me ke utloa eka Molimo o hōle haholo le ’na. Ke ne ke lula ke thōtse. Esita leha re kopana le ausi oa ka, ntho feela eo re neng re e bua e ne e le, “Ahe Maria ea hloekileng ka ho fetisisa.” Baitlami ba ne ba re lumella hore re qoqe halofo ea hora feela ka mor’a lijo. Ho ne ho fapane hakaakang le ha re ne re le lapeng re thabile! Ke ne ke jeoa ke bolutu ’me ke lula ke lla.

Le hoja ke ne ke ntse ke utloa eka Molimo o hōle haholo, ha ke le lilemo li 17 ke ile ka ba moitlami. Ke ne ke mpa ke etsa feela se lebeletsoeng ho ’na, empa ho e-s’o ee kae ke ile ka qala ho belaela hore na ehlile ena e ne e le pitso ea ka na. Baitlami ba ne ba lula ba re bolella hore batho ba nang le lipelaelo tse joalo ba tla ea liheleng! Ho ntse ho le joalo, ke ne ke lula ke e-na le lipelaelo. Ke ne ke tseba hore Jesu Kreste o ne a sa ikarole ho batho; ho e-na le hoo, o ne a lula a ruta batho le ho ba thusa. (Matheu 4:23-25) Ha ke le lilemo li 20, ho ne ho hlakile hore ha ke sa batla ho ba moitlami. Ho makatsang ke hore, ’mè ea neng a re okametse, o ile a mpolella hore haeba ke na le lipelaelo, ho molemo hore ke hate kosene kapele kamoo ho ka khonehang.  Ke bona eka o ne a tšoha hore nka ’na ka kenya ba bang moea. Kahoo ke ile ka itsamaela.

Ha ke khutlela lapeng, batsoali ba ka ba ile ba nkamohela ka liatla tse peli. Empa kaha ke ne ke sa fumane mosebetsi motsaneng oa heso, ke ile ka fallela Jeremane ’me e mong oa likhaitseli tsa ka o ne a lula moo. E ne e le setho sa sehlopha se mafolofolo sa Bokomonisi sa baphaphathehi ba Masepanishe. Ke ne ke phutholohile ho ba har’a batho bao, ba neng ba loanela litokelo tsa basebetsi le tsa basali. Kahoo ke ile ka ba Lekomonisi ’me hamorao ka nyaloa ke e mong oa sehlopha seo. Ke ne ke nahana hore ke etsa se molemo ha ke aba libuka tsa Bokomonisi ke bile ke kenela mehoanto ea boipelaetso.

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea ke ile ka boela ka nyahama. Ke ne ke bona eka Makomonisi a ne a sa latele seo a neng a se ruta. Ke ile ka ikutloa ka tsela eo le ho feta ha ka 1971 bacha ba sehlopha seo ba chesa Ofisi ea Boemeli ba Naha ea Spain e Frankfurt. Ba ile ba etsa seo e le ha ba ipelaetsa khahlanong le ’muso oa Spain o neng o hatella batho. Empa ho ea ka ’na, ho bontša khalefo ka tsela ena ho ne ho fosahetse.

Ha ke fumana ngoana oa ka oa pele, ke ile ka bolella monna oa ka hore ha ke sa tla ea libokeng tsa Bokomonisi. Ke ne ke jeoa ke bolutu hobane ha ho le ea mong ho metsoalle ea ka ea pele ea ileng a re etela, ’na le ngoan’a ka. Ke ne ke ipotsa hore na ke phelela’ng. Na kannete ho leka ho ntlafatsa bophelo ba batho, e ne e le eona ntho ea bohlokoa?

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ka 1976, banyalani ba Lipaki ba Masepanishe ba ile ba nketela ’me tsa ntšiela libuka tse buang ka Bibele. Ha ba khutla hape, ke ile ka ba botsa lipotso tse ngata tse mabapi le lintho tse bohloko tse etsahalang, khethollo le ho hloka toka. Ke ile ka makala ha ba sebelisa Bibele ho araba potso e ’ngoe le e ’ngoe! Ntle le tikatiko ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le bona.

Qalong ke ne ke ithutela feela ho tseba. Empa lintho li ile tsa fetoha ha ’na le mohats’a ka re qala ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Ka nako eo re ne re e-na le bana ba babeli. Lipaki li ne li re lata ’me li re thusa ho hlokomela bana ha re le libokeng. Ke ile ka rata Lipaki haholo.

Ho ntse ho le joalo, ke ne ke ntse ke e-na le lipelaelo ka bolumeli. Ke ile ka etsa qeto ea ho etela ba lelapa leso Spain. Rangoane eo e leng moruti, o ile a leka ho ’nyahamisa hore ke tlohele ho ithuta Bibele. Empa Lipaki tsa moo li ile tsa nthusa haholo. Li ile tsa araba lipotso tsa ka li sebelisa Bibele, feela joalokaha Lipaki tsa Jeremane li ile tsa etsa. Ke ile ka ikemisetsa ho qalisa ho ithuta Bibele hape ha ke khutlela Jeremane. Le hoja mohats’a ka a ile a khaotsa ho ithuta Bibele, ’na ke ile ka tsoela pele ho ithuta. Ka 1978, ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele e ile ea etsa hore ke khone ho tseba hore na ke phelela’ng. Ka mohlala, 1 Petrose 3:1-4 e khothalletsa basali hore ba “ipehe tlas’a” banna ba bona ka “tlhompho e tebileng” ’me ba be le “moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” Melao-motheo e kang eo, e ile ea nthusa hore ke be mosali oa Mokreste le ’mè ea molemo.

Ho se ho fetile lilemo tse 35 ke le Paki. Ke thabile hore ebe ke karolo ea lelapa la lefatše ka bophara la batho ba sebeletsang Molimo ’me ke motlotlo hore baneng ba ka ba bahlano, ba bane ba bona ba sebeletsa Molimo.