Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE SATANE O TENG?

Na Satane e Mpa e le Feela Tšoantšetso ea Bobe?

Na Satane e Mpa e le Feela Tšoantšetso ea Bobe?

E ka ba ntho e bonolo ho etsa qeto ea hore Satane e mpa e le feela tšoantšetso ea bobe. Empa na ke sona seo Bibele e se rutang? Haeba ho joalo, ho tla joang hore ebe ka Bibeleng ho na le tlaleho ea moo Satane a buang le Jesu Kreste le moo a buang le Molimo ea Matla ’Ohle? Nahana ka mehlala e ’meli ea moo ho bileng le puisano e joalo.

HA SATANE A NE A BUA LE JESU

Ha Jesu a ne a qala tšebeletso ea hae, Diabolose o ile a mo leka ka makhetlo a mararo. Lekhetlong la pele, Satane o ile a leka ka matla ho susumelletsa Jesu hore a sebelise matla ao aa filoeng ke Molimo ka tsela ea boithati ka hore a fetole majoe bohobe. Ka mor’a moo, Diabolose o ile a re Jesu a etse booatla ka hore a behe bophelo ba hae kotsing ’me a ikhapele tlhokomelo. Qetellong Satane o ile a tšepisa Jesu mebuso eohle ea lefatše haeba feela a ne a ka mo rapela. Jesu o ile a hlōla liphephetso tseo tse tharo tsa Satane ’me lekhetlong ka leng a qotsa Mangolo.—Matheu 4:1-11; Luka 4:1-13.

Jesu o ne a bua le mang? Na o ne a bua le bobe bo ka hare ho eena? Ho latela Mangolo, Jesu “ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.” (Baheberu 4:15) Bibele e boetse e re: “Ha aa ka a etsa sebe, leha e le hore thetso e ile ea fumanoa molomong oa hae.” (1 Petrose 2:22) Jesu o ne a phethahetse ’me a tšepahala. Ha ho mohla a neng a nahana ka lintho tse mpe. Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bue le bobe bo ka ho eena, ho e-na le hoo, o ne a bua le motho oa sebele.

Puisano eo e bontša hore Satane ke motho oa sebele.

  • Hopola hore Diabolose o ile a tšepisa Jesu hore o tla mo fa mebuso ea lefatše haeba a ka mo rapela. (Matheu 4:8, 9) Haeba Satane e ne e se motho oa sebele, tšepiso eo e ne e tla ba ea lefeela. Ho feta moo, Jesu ha aa ka a hana taba ea hore mebuso eo ke ea Satane.

  • Ka mor’a hore Jesu a hlōle liphephetso tseo, Diabolose o ile “a mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Na ho ea ka tlaleho ee Satane o bonahala e le bobe bo ka ho Jesu kapa ke mohanyetsi ea phehellang?

  • Hlokomela hore ‘mangeloi a ile a tla ’me a qala ho sebeletsa’ Jesu. (Matheu 4:11) Na mangeloi ao e ne e le batho ba moea ba neng ba khothatsa Jesu le ho mo thusa ka tsela e hlokahalang? Ka sebele ho joalo. Joale ke hobane’ng ha re lokela ho etsa qeto ea hore Satane hase sebōpuoa sa moea feela tje?

HA SATANE A NE A BUA LE MOLIMO

Mohlala oa bobeli o amana le Jobo, monna ea neng a tšaba Molimo. Tlaleho eo e bua ka puisano eo Diabolose a ileng a ba le eona ka makhetlo a mabeli le Molimo. Makhetlong ao ka bobeli, Molimo o ile a babatsa Jobo kaha o ne a tšepahala. Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati, a fana ka maikutlo a hore Molimo o reka botšepehi ba Jobo. Ha e le hantle, Diabolose o ne a re o tseba Jobo ho feta kamoo Molimo a mo tsebang kateng. Jehova o ile a lumella Satane hore a senye thepa eohle ea Jobo, a bolaee bana ba hae a be a mo kulise. * Ho ile ha hlaka hamorao hore Jehova o ne a nepile ’me Satane o leshano. Molimo o ile a hlohonolofatsa Jobo ka lebaka la botšepehi ba hae.—Jobo 1:6-12; 2:1-7.

Na ka makhetlo ao a mabeli Molimo o ne a bua le bobe bo ka ho eena? Bibele e re tsela ea Molimo oa ’nete e phethahetse. (2 Samuele 22:31) Lentsoe la Molimo le boetse le re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 4:8) Ho halalela ho bolela ho hloeka kapa ho hloka sebe. Jehova o phethahetse ebile ha a na sekoli. A ke ke a etsa bokhopo.

Puisano eo Satane a bileng le eona le Molimo e ile ea bakela Jobo mathata

Leha ho le joalo, batho ba bang ba ka ’na ba re Jobo e ne e se motho oa sebele, kahoo puisano eo ke tšōmo. Empa na taba eo ea utloahala? Litemana tse ling tsa Bibele li bontša hore Jobo e ne e le motho oa sebele. Ka mohlala, Jakobo 5:7-11 e sebelisa mohlala oa Jobo ho khothatsa Bakreste hore ba mamelle mathata ’me e ba hopotsa hore Jehova o tla ba putsa haeba ba mamella. Na mohlala oo o ne o tla khothatsa batho haeba Jobo e ne e se motho oa sebele ’me litlhaselo tsa Satane e mpa e le monahano feela? Ho phaella moo, Bibele e boela e bua ka Jobo ho Ezekiele 14:14, 20 ha e bua ka banna ba bararo ba lokileng, ba akarelletsang Noe le Daniele. Jobo e ne e le motho oa sebele joalokaha Noe le Daniele e ne e le batho ba sebele ’me a e-na le tumelo e matla. Haeba Jobo e ne e le motho oa sebele, na hase ho utloahalang hore ebe Satane le eena ke motho oa sebele?

Ho hlakile hore Bibele e bontša hore Satane o teng. Leha ho le joalo u ka ’na ua ipotsa, ‘Na le kajeno Satane a ka hlasela batho?’

MEHLENG EA RŌNA TENG?

Nahana ho se ho e-na le masholu a mangata a lulang motseng oa heno. Ho hlakile hore batho ba ne ba ke ke ba sireletseha ’me boitšoaro ba batho ba bangata bo ne bo tla hlepha. Joale nahana ka mohlala o tšoanang: Satane le bademona ba hae bao le bona e leng libōpuoa tsa moea tse ileng tsa fetohela Molimo, ba theohetse lefatšeng mona. Phello e ka ba efe? Nahana ka seo u se bonang ha u shebella litaba tsa lefatše lohle.

  • Na u bona liketso tse bontšang ho hloka kelello le tse mabifi tse ntseng li eketseha ho sa tsotellehe boiteko boo batho ba bo etsang ho li felisa?

  • Na u bona kamoo boithabiso bo bontšang boloi le boselamose bo ntseng bo eketseha ho sa tsotellehe boiteko boo batsoali ba bo etsang ho hanela bana ho bo shebella?

  • Na u bona kamoo tikoloho e ntseng e silafala kateng ho sa tsotellehe hore na batho ba leka hakae ho e sireletsa?

  • Na ebe batho ba etsa lintho tsee tsohle hobane ba susumetsoa ke matla a itseng?

Hlokomela hore na Bibele e re ke mang ea susumetsang batho hore ba etse lintho tsena tsohle: “Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona. . . . Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:9, 12) Ka mor’a ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba entse qeto ea hore Satane ke motho oa moea ea kotsi ’me ke eena ea nang le tšusumetso e khōlō ho batho.

Mohlomong ua ipotsa hore na u ka itšireletsa joang ho eena. Ho loketse hore u ipotse potso eo. Sehlooho se latelang se tla u fa malebela.

^ ser. 12 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.