Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Lipotso Tse Tharo Tse Ileng Tsa Fetola Bophelo ba ka

Lipotso Tse Tharo Tse Ileng Tsa Fetola Bophelo ba ka
  • KE HLAHILE KA: 1949

  • NAHA EA HESO: UNITED STATES

  • PELE: KE NE KE IPOTSA HORE NA RE PHELELA’NG

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse Ancram, e leng motse o monyenyane ka leboea ho New York, U.S.A. Ho ne ho e-na le mapolasi a mangata a likhomo tsa lebese motseng oo. Ha e le hantle, likhomo li ne li le ngata ho feta batho.

Ba lelapa leso ba ne ba ea kerekeng eo e neng e le eona feela motseng oo. Ka Sontaha hoseng ntate-moholo o ne a ee a poleshe lieta tsa ka, ebe ke ea sekolong sa Sontaha ke tšoere Bibele e nyenyane e tšoeu eo ke e filoeng ke Nkhono. ’Na le banab’eso re ne re rutiloe ho sebetsa ka thata, ho hlompha baahelani le ho ba thusa, le hore re khotsofalle seo re nang le sona.

Ha ke se ke hōlile ke ile ka tloha lapeng ’me ka ba tichere. Ke ne ke ipotsa lipotso tse ngata ka Molimo le ka bophelo. Bana ba bang bao ke neng ke ba ruta ba ne ba le bohlale. Ba bang ba ne ba se bohlale hakaalo empa ba sebetsa ka thata. Ba bang e ne e le likooa, ha ba bang ba le mahlahahlaha. Ke ile ka ba le maikutlo a hore Molimo o leeme. Ka linako tse ling batsoali ba bana ba likooa ba ne ba ee ba re, “Ke kamoo Molimo a mo bōpileng kateng.” Ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a bōpile bana ba bang ba e-na le bokooa. Etsoe, ha ho na phoso eo ba e entseng.

Ke ne ke boetse ke ipotsa hore na ke lokela ho etsa’ng e le hore ke thabele bophelo. Ke bona nako e fofa. Ke hōletse lelapeng le ikhonang, ka isoa likolong tse rutang, ’me ke sebetsa mosebetsi oo ke o ratang. Empa ho ne ho bonahala ke phelela lefeela. Haeba ho thoe lintho li tsamaea hantle, motho oa nyaloa, a be le ntlo e ntle le bana, ’me a sebetse ho fihlela a ea pensheneng, qetellong a isoe lehaeng la maqheku. Ke ne ke ipotsa hore na ho na le ho hong hoo motho a ka ho etsang bophelong.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Lehlabuleng le leng ke ile ka etela Europe le basebetsi-’moho le ’na. Ra ea Westminster Abbey, Notre-Dame de Paris le Vatican, hammoho le likerekeng tse ling tse nyenyane. Ha ke fihla likerekeng tsena kaofela, ke ne ke ntse ke botsa lipotso tsena tse ntšoenyang. Ha ke khutlela hae Sloatsburg, New York, ke ile ka etela likereke tse ’maloa. Empa ha ho le e ’ngoe e ileng ea nkaraba ka tsela e nkhotsofatsang.

Ka letsatsi le leng, moithuti ea lilemo li 12 o ile a mpotsa lipotso tse tharo. O ile a qala ka ho mpotsa hore na kea tseba hore ke Paki ea Jehova. Ka re kea tseba. Eaba o mpotsa hore na nka rata ho tseba haholoanyane ka Lipaki Tsa Jehova. Ka re nka rata. A qetella ka ho mpotsa hore na ke lula hokae. Ha ke mo bolella moo ke lulang teng, re ile ra elelloa hore habo hase hōle le moo ke lulang. Ke ne ke sa tsebe hore lipotso tseo li tla fetola bophelo ba ka.

Ka mor’a moo, o ile a tla ha ka ka baesekele eaba o nkhannela thuto ea Bibele. Ke ile ka mo botsa lipotso tseo ke ’nileng ka li botsa baruti ba bangata. Ho fapana le bona, ke ile ka hlolloa ha a mpontša likarabo tse hlakileng le tse khotsofatsang ka Bibeleng ea ka!

Seo ke neng ke ithuta sona ka Bibeleng se ile sa nthabisa sa ba sa nkhotsofatsa. Ke ile ka khahloa ke lengolo la 1 Johanne 5:19, le reng: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Ke ile ka imoloha ha ke utloa hore hase Molimo ea re bakelang mahlomola empa ke Satane le hore Molimo o tla a felisa. (Tšenolo 21:3, 4) Ke hlokometse hore litaba tsa Bibele lia utloahala ha li hlalosoa ka tsela e hlakileng. Le hoja Paki e neng e nkhannela thuto e ne e le lilemo li 12 feela, ke ile ka ipolella hore ’nete e tla lula e le ’nete ho sa tsotellehe hore na e buuoa ke mang.

Leha ho le joalo, ke ne ke batla ho bona hore na Lipaki li etsa seo li se rutang. Ka mohlala, ngoanana eo o ile a mpolella hore Lipaki li na le mamello ebile li mosa. (Bagalata 5:22, 23) Ke ile ka leka ho bona hore na o na le mamello le mosa tseo a buang ka tsona. Ka letsatsi le leng, ke ile ka etsa ka boomo hore ke fihle ka mor’a nako ea thuto. Ke ne ke ipotsa ke re: ‘Na ebe o tla nkemela? Hona haeba a nkemela, na o tla halefisoa ke hore ebe ke fihlile ka mor’a nako?’ Ha ke paka koloi, ke ile ka mo bona a eme ka pel’a ntlo. O ile a mathela koloing ea ka ’me a re: “Ke ne ke se ke re ke ea hae ke e’o kōpa ’Mè hore re letsetse lipetlele le mapolesa re botse hore na u hokae kaha ha u ke be u fihle ka mor’a nako ea thuto. Ke ne ke tšoenyehile!”

Ka nako e ’ngoe, ke ile ka mo botsa potso eo ke nahanang hore ngoana ea lilemo li 12 a ke ke a khona ho e araba. Ke ne ke batla ho bona hore na o tla nkaraba ka hlooho e ntšo feela. O ile a ncheba ’me a re: “Potso ea hao e thata. Empa ke tla e ngola ke e’o botsa batsoali ba ka.” O ile a fela a tla a nkile Molula-Qhooa o buang ka taba eo ke mo botsitseng ka eona. Kahoo, ke ile ka khahloa ke Lipaki kaha lingoliloeng tsa tsona li ne li araba lipotso tseo ke neng ke ipotsa tsona ka Bibele. Ke ile ka tsoela pele ho ithuta le ngoanana eo, ’me ka mor’a selemo ka kolobetsoa. *

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Kaha lipotso tsa ka li ile tsa arajoa ka tsela e khotsofatsang, ke ne ke batla ho bolella e mong le e mong litaba tseo ke li utloileng. (Matheu 12:35) Qalong ba lelapa leso ba ne ba hanyetsa seo ke se lumelang. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ba ile ba fetoha. ’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele nakoana pele a hlokahala. Le hoja a ile a hlokahala a e-s’o kolobetsoe, ke kholisehile hore o ne a entse qeto ea ho sebeletsa Jehova.

Ka 1978, ke ile ka nyaloa ke Paki e bitsoang Elias Kazan. Ka 1981, ’na le Elias ra ba litho tsa lelapa la Bethele ea United States. * Ka masoabi Elias o ile a hlokahala ka mor’a lilemo tse ’nè feela re le Bethele. Le hoja ke ne ke le mohlolohali, ke ile ka lula Bethele, ’me ka tšeliseha kaha ke ne ke lula ke phathahane.

Ka 2006, ke ile ka nyaloa ke Richard Eldred, eo le eena e leng setho sa lelapa la Bethele. ’Na le Richard re ntse re le Bethele. Kaha joale ke tseba ’nete ka Molimo, ke lumela hore ke fumane likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke ipotsa tsona, hape kea tseba hore na ke phelela’ng ’me sena sohle se qalile ka hore ngoanana e monyenyane a mpotse lipotso tse tharo.

^ ser. 16 Ngoanana enoa hammoho le baholoane ba hae ba ile ba thusa matichere a mahlano hore e be barapeli ba Jehova.

^ ser. 18 Lipaki Tsa Jehova li sebelisa lebitso “Bethele,” le bolelang “Ntlo ea Molimo” ha li bua ka mehaho ea lekala. (Genese 28:17, 19) Litho tsa lelapa la Bethele li tšehetsa mosebetsi oa ho ruta o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.