Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 40

Molimo oa Hao ke Mang?

Molimo oa Hao ke Mang?

(Baroma 14:8)

  1. 1. Molimo’a hao ke mang,

    Eo u tla mo mamela?

    Ke eo u tla mo khumamela

    Le eo u mo sebeletsang.

    U ke ke oa hlompha

    Marena a mabeli

    ’Me oa a rata ka ho lekana

    Ka pelo eohle ea hao.

  2. 2. Molimo’a hao ke mang,

    Eo u tla mo mamela?

    Ke uena ea tla ikhethela,

    Hobane oa ’nete u mong.

    Na u tla mamela

    Babusi ba lefatše,

    Kapa u tla mamela Molimo

    ’Me u mo tšepahalle?

  3. 3. Molimo’a ka ke mang?

    Ke mamela Jehova.

    Ke Ntate oa ka ea lerato

    ’Me ke tla mo tšepahalla.

    Ka theko’e phahameng,

    O ile a ntopolla.

    Bophelong bohle ba ka ke tla ‘nè

    Ke rorise Jehova.