Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 43

Re Leboha Jehova

Re Leboha Jehova

(Pesaleme ea 95:2)

  1. 1. Jehova Ntat’a rona, rea leboha.

    Ha re rapela, oa re mamela.

    Kahoo re tšepile uena, Jehova.

    Rea tseba hore oa re tsotella.

    Liphoso tsa rona li totobetse.

    Re kopa hore u re tšoarele.

    Oa tseba hore ha rea phethahala.

    Rea leboha ka ho re lopolla.

  2. 2. Re ananela mosa oa hao, Ntate.

    U re thusitse hore re’u rate.

    Re thuse hore re u sebeletse.

    Hape re thuse re tšepahale.

    U re fa matla. Kahoo rea leboha.

    Re bua le batho ka sebete.

    Re thuse hore re ikokobetse

    Hoba u rata baikokobetsi.