Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 5

Mesebetsi ea Molimo e Meholo

Mesebetsi ea Molimo e Meholo

(Pesaleme ea 139)

  1. 1. U Molimo ea matla ’ohle,

    Uena ea ntsebang le ha ke tsoha.

    U bona tsohle tse ka pelong ea ka,

    Ntho tseo ke li buang le

    tseo ke li etsang.

    U bone ha ke ne ke etsoa,

    Oa ba oa bona masapo a ka.

    Hape oa bona sebopeho sa ka.

    Mesebetsi ea hao e

    metle haholo.

    Ntate Jehova, u tseba ntho tsohle.

    Mesebetsi ea hao e meholo.

    Leha nka ba har’a fifi le letšo,

    Kea tseba hore u tla mphumana.

    Nka ipatela uena hokae,

    Ka baleha sefahleho sa hao?

    Leholimong esita le lebitleng,

    Le leoatleng, ha ho na moo

    nka ipatang.