Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova li Qobella Batho Hore ba Fetole Bolumeli ba Bona?

Na Lipaki Tsa Jehova li Qobella Batho Hore ba Fetole Bolumeli ba Bona?

Che, ha re ba qobelle. Makasineng ea rōna e ka sehloohong e leng Molula-Qhooa re itse: “Ho hatella batho hore ba fetole bolumeli ba bona ho phoso.” a Re qoba ho hatella batho ka mabaka ana:

  • Ha ho mohla Jesu a kileng a qobella batho hore ba amohele lithuto tsa hae. O ne a tseba hore ke batho ba seng bakae feela ba tla mamela molaetsa oa hae. (Matheu 7:13, 14) Ha ba bang ba barutuoa ba hae ba sa utloisise seo a neng a se ruta, o ile a ba tlohela hore ba tsamaee ho e-na le ho ba qobella hore ba mo mamele.​—Johanne 6:60-62, 66-68.

  • Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba se ke ba qobella batho hore ba fetole bolumeli ba bona. Ho e-na le hore balateli ba hae ba qobelle batho hore ba mamele litaba tse molemo tsa ’Muso, ba ne ba lokela ho batla batho ba ka mamelang.​—Matheu 10:7, 11-14.

  • Ho fetola bolumeli ka lebaka la ho qobelloa ha ho na thuso, hobane Molimo o amohela feela batho ba mo rapelang ka pelo eohle.​—Deuteronoma 6:4, 5; Matheu 22:37, 38.

Na mosebetsi oa rōna ke oa ho sokolla batho?

Ke ’nete hore re hasa molaetsa oa Bibele “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” re etsa seo “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo,” joalokaha re laetsoe ka Bibeleng. (Liketso 1:8; 10:42; 20:20) Joaloka Bakreste ba pele, ka linako tse ling re qosoa ka hore re sokolla batho ka tsela e seng molaong. (Liketso 18:12, 13) Leha ho le joalo, liqoso tseo ke tsa bohata. Ha re qobelle batho hore ba fetohele bolumeling ba rōna. Ho e-na le hoo, re lumela hore batho ba lokela ho ba le tsebo e le hore ba etse liqeto tse nepahetseng.

Ha re qobelle batho hore ba fetole bolumeli ba bona kapa hona hore re buelle lipolotiki ka lebitso la bolumeli kapa re ipatlele litho ka hore re fe batho maemo kapa maruo. Sena se fapana le seo batho ba ipitsang Bakreste ba se etsang ka hore ba hlompholle Kreste ka ho etsa lintho tse joalo. b

Na motho o na le bolokolohi ba fetola bolumeli?

Moprofeta Abrahama o ile a tlohela bolumeli ba beng ka eena

E, Bibele e re batho ba na le bolokolohi ba ho fetola bolumeli ba bona. E fane ka litlaleho tsa batho ba bangata ba ileng ba khetha ho se latele bolumeli ba beng ka bona ’me ba ikhethela ho rapela Molimo oa ’nete. Ba bang ba bona e bile Abrahama, Ruthe, ba bang ba batho ba Athene hammoho le moapostola Pauluse. (Joshua 24:2; Ruthe 1:14-16; Liketso 17:22, 30-34; Bagalata 1:14, 23) Hape Bibele ha e thibele motho ho etsa qeto e fosahetseng ea ho lahla bolumeli boo Molimo a bo amohelang.​—1 Johanne 2:19.

Bolokolohi ba ho fetola bolumeli bo tšehetsoa ke Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho eo Machaba a Kopaneng a e bitsang “motheo oa molao oa machaba oa litokelo tsa botho.” Tokomane eo e bontša hore motho e mong le e mong o na le “bolokolohi ba ho fetola bolumeli ba hae” le ba ho “batla, ho fumana le ho fana ka boitsebiso le maikutlo,” ho akarelletsa ho fana ka maikutlo ka bolumeli. c Ho hlakile hore litokelo tsena li tsamaea le boikarabelo ba ho hlompha litokelo tsa batho tsa ho batla ho lula bolumeling ba bona le ho hana maikutlo ao ba sa lumellaneng le ’ona.

Na ho fetola bolumeli ke ho hlompholla litloaelo tsa malapa le meetlo?

Ha hoa lokela ho ba joalo. Bibele e re re hlomphe batho bohle, ho sa tsotellehe bolumeli ba bona. (1 Petrose 2:17) Ho phaella moo, Lipaki Tsa Jehova li hlompha taelo ea Bibele ea hore re hlomphe batsoali, esita le haeba ba le bolumeling bo fapaneng le ba rōna.​—Baefese 6:2, 3.

Leha ho le joalo, hase batho bohle ba lumellanang le Bibele tabeng ena. Mosali e mong ea hōletseng Zambia o re: “Motseng oa ka, ho fetola bolumeli. . . ho ne ho nkoa e le ho se tšepahale, ho fetohela lelapa labo motho le batho ba habo.” Mosali enoa o ile tobana le bothata boo ha a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha esale mocha ’me hamorao a batla ho fetola bolumeli ba hae. O re: “Ka makhetlo batsoali ba ka ba ne ba mpolella hore ha ba rate seo ke se entseng le hore ke ba soabisitse. Ho ne ho le thata hobane ho amoheloa ke batsoali ke ntho ea bohlokoa ho ’na. . . . Ho khetha ho tšepahalla Jehova ho e-na le litloaelo tsa bolumeli ha ho bolele hore ha ke tšepahalle lelapa leso.” d

a Sheba Molula-Qhooa oa January 1, 2002, leqepheng la 12, serapeng sa 15.

b Ka mohlala, hoo e ka bang ka 785 C.E., Charlemagne o ile a fana ka taelo profinseng ea Saxony ea hore motho ea hanang ho kolobetsoa hore ebe Mokreste a bolaoe. Hape, selekane sa khotso se bitsoang Peace of Augsburg, se ileng sa tekenoa ka 1555 C.E. ke lihlopha tse loanang tsa ’Muso o Halalelang oa Roma, se ne se bontša hore ’musi e mong le e mong e lokela ho ba setho sa kereke ea Roma e K’hatholike kapa sa kereke ea Lutere le hore motho e mong le e mong ea tlas’a puso ea bona o lokela ho ba bolumeling boo. Ba neng ba hana ho mamela taelo ea ’musi ba ne ba lelekoa motseng.

c Litokelo tse tšoanang li teng Molao-motheong oa Afrika oa Litokelo Tsa Botho le Tsa Batho, Polelong ea Phatlalatsa ea Amerika e buang ka Litokelo le Boikarabelo ba Motho, Molao-motheong oa 2004 oa Maarabo o buang ka Litokelo tsa Botho, Polelong ea Phatlalatsa ea Litokelo tsa botho ea ASEAN (Association of Southeast Asian Nations), Tumellanong ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho le Selekaneng sa Machaba sa Litokelo Tsa Baahi le Tsa Lipolotiki. Leha ho le joalo, esita le lichaba tse ipolelang hore li fana ka litokelo tse joalo lia fapana ka boitlamo ba tsona ba ho fana ka litokelo tseo.

d Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.