Fetela boitsebisong

Na le Leka ho Fumana Poloko ka Tšebeletso ea Lōna ea ho ea ka Ntlo le Ntlo?

Na le Leka ho Fumana Poloko ka Tšebeletso ea Lōna ea ho ea ka Ntlo le Ntlo?

Che. Re ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo kamehla, empa ha re lumele hore re tla fumana poloko hobane re etsa mosebetsi oo. (Baefese 2:8) Hobane’ng?

Nahana ka papiso ena: Nka hore monna ea itseng ea molemo o tšepisitse ho fana ka mpho ea bohlokoa haholo ho motho e mong le e mong ea tla fihla sebakeng se itseng ka letsatsi le itseng. Haeba u ne u lumela ka tieo tšepiso ea monna eo, na u ne u tla latela litaelo tsa hae? Ha ho pelaelo hore u ne u tla li latela! Mohlomong u ne u tla be u bolelle metsoalle le ba lelapa ka monyetla oo, e le hore le bona ba ka fumana mpho. Esita leha ho le joalo, u ne u ke ke ua fumana mpho eo hobane feela u latetse litaelo tsa monna eo. U ne u tla e fumana hobane monna eo a batla ho u fa eona.

Ka ho tšoanang, Lipaki Tsa Jehova li lumela tšepiso eo Molimo a e entseng, ea ho fa batho bohle ba mo mamelang bophelo bo sa feleng. (Baroma 6:23) Re leka ho bolella ba bang ka seo re se lumelang, ka tšepo ea hore le bona ba tla rua molemo linthong tseo Molimo a li tšepisitseng. Empa ha re lumele hore re fumana poloko ka lebaka la mosebetsi oa rōna oa boboleli. (Baroma 1:17; 3:28) Ha e le hantle, ha ho letho leo batho ba ka le etsang le etsang hore ba tšoaneloe ke ho fumana litlhohonolofatso tsa Molimo. “O re pholositse ka lebaka la mohau oa hae, eseng ka lebaka la mesebetsi ea rōna e lokileng.”—Tite 3:5, Contemporary English Version.