Fetela boitsebisong

Mohlahlobi oa Tšireletseho o Babatsa Lipaki

Mohlahlobi oa Tšireletseho o Babatsa Lipaki

Ka mor’a hore mohlahlobi oa ’muso oa tšireletseho a etele setšeng sa kaho ea Holo ea ’Muso motseng oa Sydney, Australia, o ile a re: “Sena ke se seng sa libaka tse sireletsehileng ka ho fetisisa tseo nkileng ka li etela ka mor’a nako e telele.

Mohlahlobi eo o ile a ngola a re: “Sebaka seo se ne se tsamaisoa hantle . . . [Ho] ne ho hloekile ho le makhethe, ho le bonolo ho kena le ho tsoa, lithapo tsa motlakase li tsamaisitsoe hantle [holimo] li tšoeroe ka lihakisi tsa polasetiki, [le] litima-mollo li le malala-a-laotsoe . . . Batho bohle ba neng ba le moo ba ne ba apere liaparo tse matsoho a malelele, marikhoe a malelele, makarapa le likhalase tse sireletsang mahlo. . . . Kaofela ba ne ba sebetsa ka thata.

Victor Otter, eo e neng e le motsamaisi oa sebaka seo, o ile a re, “Lipaki li talima polokeho e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ha re sebetsa re bolokehile, re bontša hore re talima bophelo ka tsela eo Molimo a bo talimang ka eona ’me re khothalletsa kutloano le thabo. Ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle, hangata ke ne ke khutlela hae ke thabile.

Holo ena ea ’Muso e ka nkang batho ba 127 e ile ea phethoa ka April 2012.