Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Thusa Bana ba Hao Hore ba Sebetsane le Litlaleho Tsa Litaba Tse Utloisang Bohloko

Thusa Bana ba Hao Hore ba Sebetsane le Litlaleho Tsa Litaba Tse Utloisang Bohloko

 Ho lula ho e-ba le litaba tse utloisang bohloko tse bang teng thelevisheneng, lifonong, lithaboleteng le lik’hompheutheng. Hangata ba hlahisa livideo tse tšosang tse hlahisang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng.

 Bana ba shebella litaba tsena.

 U ka thusa ngoana oa hao joang hore a se ke a tšoenyeha haholo ka litaba tsee?

 Litaba li ka ama bana joang?

  •   Bana ba bangata ba tšoenngoa ke lintho tse bohloko tseo ba li bonang litabeng. Ha ho bonolo hore bana ba bang ba bontše kamoo ba ikutloang kateng empa lintho tse tšosang tse hlahang litabeng li ka etsa hore ba utloe bohloko haholo. a Ba ka tšoenyeha le ho feta ha ba bona batsoali ba bona ba tšoenyehile.

  •   Bana ba ka ’na ba se utloisisi seo ba se bonang litabeng. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba nahana hore seo ba se bonang litabeng se ka ’na sa etsahalla ba malapa a bo bona. Hape ha bana ba banyenyane ba shebella video e utloisang bohloko hangata, ba ka nahana hore seo ba se shebelletseng se ntse se etsahala hangata.

  •   Bana ba ka ’na ba se utloisise hantle hore na ehlile ketsahalo e hlahileng litabeng e tšosa joalokaha e hlahile. Ba ka ’na ba se hlokomele hore baqolotsi ba litaba ba fumana chelete e ngata haeba batho ba bangata ba li shebella. Kahoo baqolotsi ba litaba ba ka etsa ketsahalo e bonahale e le e thahasellisang e le hore batho ba ka batla ho bona ka ho eketsehileng le ho tsoela pele ba shebella litlaleho tsa bona.

 U ka thusa bana ba hao joang hore ba sebetsane le ho tšoenngoa ke litaba?

  •   Thusa bana ba hao ho fokotsa nako eo ba e qetang ba shebelletse kapa ba mametse litaba tse utloisang bohloko. Sena ha se bolele hore bana ba hao ha baa lokela ho tseba se etsahalang lefatšeng. Empa ha ho hantle hore ba shebelle kapa ba mamele litaba tse utloisang bohloko hangata.

     Maria o re: “Ka linako tse ling ’na le monna oa ka re bua ka se etsahetseng litabeng re sa hlokomele hore bana ba rona ba ntse ba re utloa ’me seo se etsa hore ba tšoenyehe.”

     Keletso ea Bibele: “Ho tšoenyeha ke mojaro o boima.”​—Liproverbia 12:25, Contemporary English Version.

  •   Mamela ka hloko ’me u arabe ka mosa. Haeba ho le thata hore ngoana oa hao a bue ka ketsahalo e itseng, kopa hore a u torohele setšoantšo sa ketsahalo eo. Buisana le ngoana oa hao ka lintho tseo a tla khona ho li utloisisa empa u se ke oa mo bolella lintho tseo ho sa hlokahaleng hore a li tsebe ka ketsahalo eo.

     Sarahi o re: “Ho bonahala morali oa rona a ikutloa hantle ka mor’a hore re lule fatše le eena ’me re mo mamele haa ntša maikutlo. Empa a ka utloa bohloko haeba re mo bolella feela hore, ‘Ke kamoo lintho li leng kateng hona joale ’me u lokela hore u li tloaele.’”

     Keletso ea Bibele: ‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua.’​—Jakobo 1:19.

  •   Thusa ngoana oa hao hore a se ke a tšoenngoa haholo ke lintho tse hlahang litabeng. Mohlala, tlaleho e buang ka tlolo ea molao ea ho koetela batho e ka bonahala eka ke ntho e etsahalang khafetsa empa ho se joalo. Hlalosetsa bana ba hao hore na ke’ng eo u e entseng ho etsa bonnete ba hore ba sireletsehile. Hape hopola hore ketsahalo e hlaisoa litabeng hobane e le ntho e sa tloaelehang eseng hobane e le ntho e tloaelehileng.

     Lourdes o re: “Thusa bana ba hao hore ba tsebe ho laola maikutlo a bona. Hangata maikutlo a ama tsela eo re nahanang ka eona, kahoo haeba re thusa bana ba rona hore ba nahane ka lintho tse molemo seo se tla ba thusa hore ba ikutloe ba le hantle.”

     Keletso ea Bibele: “Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”​—Liproverbia 16:23.

a Bana ba banyenyane ba ka ’na ba bontša hore ba tšoenyehile ka hore ba qale ho tšetšela likobo kapa ba tšabe ho ea sekolong le ho arohanngoa le batsoali ba bona.