Fetela boitsebisong

Na Bibele ke Buka ea Makhooa?

Na Bibele ke Buka ea Makhooa?

Karabo ea Bibele

Bibele ha ea ngoloa ke batho ba Europe. Banna bohle bao Molimo a ileng a ba sebelisetsa ho ngola Bibele ba ne ba tsoa Asia. Bibele ha e re morabe o itseng o molemo ho feta o mong. Ha e le hantle, e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.