Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka ho Ntša Mpa?

Bibele e Re’ng ka ho Ntša Mpa?

Karabo ea Bibele

Bibele ha e sebelise poleloana “ho ntša mpa” ka kutloisiso ea ho ntša lesea ka popelong. Leha ho le joalo, litemana tse ngata tsa Bibele li bontša kamoo Jehova a ikutloang kateng ka bophelo ba motho ho akarelletsa le ba ngoana ea e-s’o hlahe.

Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. (Genese 9:6; Pesaleme ea 36:9) O nka bophelo bo le bohlokoa, ho akarelletsa le ba ngoana ea ntseng a le ka popelong. Haeba motho a bolaea lesea le e-s’o hlahe ka boomo, ho tšoana le ha e le ’molai.

Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o re: “Haeba banna ba loana ’me ba ntša mosali oa moimana kotsi ’me bana ba hae ba fela ba tsoa empa ho sa hlahe kotsi e bolaeang, ruri o tla lefisoa litšenyehelo ho ea ka seo mong’a mosali eo a tla mo batla sona, a fane ka sona ka baahloli. Empa haeba ho ka hlaha kotsi e bolaeang, joale u tla fana ka moea bakeng sa moea.”​—Exoda 21:​22, 23. *

 Bophelo ba motho bo qala neng?

Molimo o nka bophelo ba motho bo qala nakong eo a emoloang. Bibele e bontša ka makhetlo hore Molimo o nka ngoana ea e-s’o hlahe e le motho. Bona mehlala e bontšang hore Molimo o nka bophelo ba ngoana ea ntseng a le ka popelong bo tšoana le ba ngoana ea seng a hlahile.

  • Ha Morena Davida a le tlas’a pululelo o ile a re ho Molimo: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa.” (Pesaleme ea 139:​16) Molimo o ne a nka Davida e le motho le pele a tsoaloa.

  • Ho ekelletsa moo, Molimo o ne a tseba hore o na le morero oa bohlokoa ka moprofeta Jeremia le pele a ka hlaha. Molimo o ile a re ho eena: “Ke u tsebile pele ke u etsa ka mpeng, ’me ka u halaletsa pele u tsoa ka popelong. Ka u etsa moprofeta ho lichaba.”​—Jeremia 1:5.

  • Mongoli oa Bibele e leng ngaka Luka, o ile a sebelisa lentsoe le tšoanang la Segerike ho hlalosa ngoana ea e-s’o hlahe. joalokaha a ile a hlalosa ea seng a hlahile.​—Luka 1:​41; 2:​12, 16.

 Na Molimo a ka tšoarela motho ea kileng a ntša mpa?

Molimo a ka tšoarela batho ba kileng ba ntša mpa. Ha ba se ba nka bophelo e le ba bohlokoa joaloka Molimo, ha ho hlokahale hore ba ikutloe ba le molato. “Jehova o mohau ’me o mosa . . . Joalokaha bochaba-tsatsi bo le hole le bophirima-tsatsi, ka ho tšoanang o suthiselitse litlolo tsa rona hole le rona.” * (Pesaleme ea 103:​8-12) Jehova o tla tšoarela bohle ba soabetseng liphoso tsa bona e le ka ’nete, ho akarelletsa le tsa ho ntša mpa.​—Pesaleme ea 86:5.

 Na ho ntša mpa ho phoso haeba bophelo ba ’mè kapa ba ngoana bo le kotsing?

Ho latela seo Bibele e se rutang ka bophelo ba ngoana ea e-s’o hlahe, motho ha a lokela ho ipehela mabaka a ho ntša mpa ka lebaka la hobane bophelo ba ’mè kapa ba ngoana bo ka ’na ba ba kotsing.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka boemo bo sa tloaelehang ba ha ngoana a hlaha, moo ho lokelang ho etsoa qeto ea hore na ho pholosoa bophelo ba ’mè kapa ba ngoana? Boemong boo ho itšetlehile ka batho ba amehang hore na ba etsa qeto ea ho pholosa mang.

^ ser. 3 Liphetolelo tse ling li bontša eka molao ona o neng o fuoe Baiseraele o re ntho ea bohlokoa ke hore na ho etsahala’ng ho ’mè eseng ho lesea le ka popelong. Leha ho le joalo, ka Seheberu kotsi e bolaeang e akareletsa ’mè le ngoana ea e-s’o hlahe.

^ ser. 8 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.​—Pesaleme ea 83:18.