Fetela boitsebisong

Ha Kea Thaba Bophelong—Na Bolumeli, Molimo Kapa Bibele li ka Nthusa?

Ha Kea Thaba Bophelong—Na Bolumeli, Molimo Kapa Bibele li ka Nthusa?

Karabo ea Bibele

E, li ka u thusa. Bibele, e leng buka ea khale e nang le keletso e bohlale, e fana ka likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa haholo ’me li ka u thusa hore u ikutloe u thabile ebile u phetse hantle. Hlokomela tse ling tsa lipotso tseo e li arabang.

  1. Na ’Mōpi o teng? Bibele e re Molimo o “bōpile lintho tsohle.” (Tšenolo 4:11) Kaha Molimo ke eena ea re bōpileng, o oa tseba hore na re hloka eng hore re thabe re be re khotsofale.

  2. Na Molimo o oa ntsotella? Ho e-na le ho bontša Molimo a le hōle le batho, Bibele e re: ‘Ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) O thahasella ho tseba se etsahalang bophelong ba hao ’me o batla ho u thusa hore u atlehe.—Esaia 48:17, 18; 1 Petrose 5:7.

  3. Ho tseba Molimo ho ka nthusa joang hore ke thabe? Molimo o re bōpile re e-na le “tlhoko ea moea,” e leng ho labalabela ho utloisisa hore na morero oa bophelo ke ofe. (Matheu 5:3) Tlhoko ea rōna ea moea e boetse e akarelletsa ho ba le takatso ea ho tseba ’Mōpi oa rōna le ho atamela haufi le eena. Molimo o tla ananela boiteko ba hao ba ho batla ho mo tseba, kaha Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.

Batho ba limilione ba fumane hore ho ba le setsoalle le Molimo ho ba thusitse hore ba lule ba phetse hantle ba bile ba thabile. Le hoja ho tseba Molimo ho ke ke ha etsa hore u hloke mathata, keletso e bohlale e tsoang ka Bibeleng e ka u thusa hore u

Malumeli a mangata a sebelisang Bibele ha a sebelise seo e se rutang. Ho fapang le hoo, bolumeli ba ’nete bo khomarelang seo Bibele e se rutang, bo tla u thusa hore u tsebe Molimo.