Fetela boitsebisong

’Muso oa Molimo ke eng?

’Muso oa Molimo ke eng?

Karabo ea Bibele

ʼMuso oa Molimo ke puso ea sebele e thehiloeng ke Jehova Molimo. “’Muso oa Molimo” o boetse o bitsoa “’muso oa maholimo” ka Bibeleng kaha o busa o le leholimong. (Mareka 1:14, 15; Matheu 4:17) O tšoana le mebuso ea batho ka litsela tse ngata, empa o e phahametse kahohle.

  • Babusi. Molimo o khethehile Jesu Kreste hore e be Morena oa ʼMuso ona ʼme o mo file matla a fetang a babusi bohle ba batho. (Matheu 28:18) Jesu o sebelisa matla ana hantle feela, kaha o se a bontšitse hore ke Moeta-pele ea tšepahalang le ea nang le qenehelo. (Matheu 4:23; Mareka 1:40, 41; 6:31-34; Luka 7:11-17) A tataisoa ke Molimo, Jesu o khethile batho lichabeng tsohle ba tla “busa [le eena] e le marena holim’a lefatše” ba le leholimong.—Tšenolo 5:9, 10.

  • Nako. Ho fapana le mebuso ea batho, e bang teng kajeno hosane e se e fetile, ʼMuso oa Molimo o ‘ke ke oa senngoa le ka mohla.’—Daniele 2:44.

  • Bafo. Motho leha e le ofe ea etsang thato ea Molimo e ka ba mofo oa ʼMuso oa Molimo, ho sa tsotellehe hore na ke oa mohlobo ofe kapa o hlahetse hokae.—Liketso 10:34, 35.

  • Melao. Melao ea ʼMuso oa Molimo (kapa litaelo) ha e felle feela ka ho thibela boitšoaro bo fosahetseng. E phahamisa boitšoaro ba bafo ba oona. Ka mohlala, Bibele e re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Matheu 22:37-39) Ho rata Molimo le moahelani ho susumelletsa bafo ba ʼMuso hore ba etsetse batho lintho tse molemo haholo.

  • Thuto. Le hoja ʼMuso oa Molimo o behela bafo ba oona melao e phahameng, o boetse o ruta batho tsela ea ho e boloka.—Esaia 48:17, 18.

  • Morero. ʼMuso oa Molimo ha o ruise babusi ba oona ka ho hanyapetsa bafo ba oona. Ho e-na le hoo, o tla phetha thato ea Molimo, e akarelletsang tšepiso ea hore ba ratang Molimo ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Esaia 35:1, 5, 6; Matheu 6:10; Tšenolo 21:1-4.