Feta

“Bolela Ditaba Tse Monate”

Kopano ya Dipaki Tsa Jehova ya 2024

Ho kenwa mahala Ha ho ntshwe koleke

Seo o ka se Lebellang

Labohlano: Re tlo bona hore ditaba tse monate tse ngotsweng ka Jesu dibukeng tsa Dikosepele ke nnete. Re tla ithuta hore na ditlaleho tseo tsa Bibele di ka re tswela molemo jwang mehleng ena.

Moqebelo: Re tla bua ka dintho tse ileng tsa profetwa ka ho tswalwa ha Jesu le ka hore na o ne a tla hola jwang. Na dintho tsee di ile tsa phethahala feela jwalo ka ha ho ne ho profetilwe?

Sontaha: Ho tla fanwa ka puo e nang le sehlooho se reng: “Ke Hobaneng ha re sa Tshoswe ke Ditaba Tse Bohloko?” Puong eo re tlo bona hore na ke hobaneng ha re ka ikutlwa re sireletsehile lefatsheng lena le ntseng le mpefala.

Tshwantshiso

Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae: Video ya 1

Lesedi la Nnete la Lefatshe

Jesu o tswetswe ka mohlolo. Ena ke ketsahalo ya pele ho tse hlollang tse etsahetseng ha a ntse a le monyenyane. Batswadi ba hae ba ile ba mo balehisetsa Egepeta hobane ho ne ho ena le morena ya neng a batla ho mo bolaya. Ha morao, o ile a makatsa matitjhere a hlwahlwa a mehleng ya hae. Ka Labohlano le Moqebelo, o tlo shebella ha dintho tsena kaofela di etsahala videong e nang le dikarolo tse pedi.

Shebella divideo tsena tse mabapi le kopano ya selemo sena

Ho Etsahalang Dikopanong Tsa Dipaki Tsa Jehova?

Bona hore na o ka lebella eng dikopanong tsa Dipaki Tsa Jehova.

Kopano ya Dipaki Tsa Jehova ya 2024 ya “Bolela Ditaba Tse Monate”

Seo o ka se lebellang kopanong ena.

Seo o ka se Lebellang Tshwantshisong ya Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae

Batho ba bangata ba a tseba hore Jesu o tswetswe ka mohlolo. Ke diketsahalo dife tse etsahetseng pele le ka mora hore a tswalwe?